Karolo ea 30
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho David Whitmer, Peter Whitmer Jr., le John Whitmer, Fayette, New York, ka Loetse 1830, kamor’a seboka sa matsatsi a mararo Fayette, empa pele baholo ba kereke ba arohana. Qalong taba ena e ile ea phatlalatsoa e le ts’enolo tse tharo; tse ileng tsa kopanngoa e le karolo e le ‘ngoe ke Moporofeta bakeng sa khatiso ea 1835 ea Lithuto tsa Tumelo le Lilekane.
1–4, David Whitmer o khalengoa ka lebaka la ho hloleha ho sebeletsa ka mafolofolo; 5–8, Peter Whitmer Jr. o lokela ho felehetsa Oliver Cowdery thomong ea ho ea ho Ba-Lamane; 9–11, John Whitmer o bitsoa ho ruta evangeli.
1 Bona, ke re ho uena David, hore u ile ua ts’aba motho ‘me ha ua ka ua its’etleha ka ‘na bakeng sa matla joaloka ha u ne u lokela.
2 Empa mohopolo oa hau o ile oa e-ba ho lintho tsa lefats’e ho feta ho lintho tsa ka, ‘Mopi oa hau, le bosebeletsi boo u ileng ua bo bitsetsoa; ‘me ha ua ka ua mamela Moea oa ka, le bao ba neng ba behiloe kaholimo ho uena, empa u ile ua susumetsoa ke bao ke sa ba laelang.
3 Ka baka leo, u tlohelletsoe hore u ipotsetse ho tsoa letsohong la ka, ‘me u nahanisise holim’a lintho tseo u li fumaneng.
4 ‘Me lehae la hau le tla ba tlung ea ntat’ao, ho fihlela ke u fa litaelo tse ling. ‘Me u tla inehela bosebeletsing ba kereke, le ka pele ho lefats’e, le ho potoloha le tikoloho ena. Amen.
5 Bona, ke re ho uena, Peter, hore u tla nka leeto le moena oa hau Oliver; hobane nako e fihlile eo e bohlokoa ho ‘na hore u tla bula molomo oa hau ho phatlalatsa evangeli ea ka; ka baka leo, u se ke ua ts’aba, empa mamela mantsoe a ka le likeletso tsa moena oa hau, tseo a tlang ho u nea tsona.
6 ‘Me u hlomohe mahlomoleng a hae ‘ohle, kamehla u phahamisitse pelo ea hau ho ‘na ka thapelo le tumelo, bakeng sa ho lopolloa ha hau le hoa hae; hobane ke fane ho eena matla a ho aha kereke a har’a Ba-Lamane;
7 ’Me ha ho eo ke mo khethileng ho ba moeletsi oa hae ea kaholimo ho eena ka har’a kereke, malebana le litaba tsa kereke, ntle le ha e le moena oa hae Joseph Smith.
8 Ka baka leo, mamela lintho tsena ‘me u be mafolofolo ho boloka litaelo tsa ka, ‘me u tla hlohonolofatsoa ho isa bophelong ba bosafeleng. Amen.
9 Bona, ke re ho uena, mohlanka oa ka John, hore u tla qala ho tloha nakong ena ho phatlalatsa evangeli ea ka, joaloka ha eka ke ka molumo oa terompeta.
10 Mosebetsi ua hau o tla ba ha moena ua hau Philip Burrough, le tikolohong eo e e pota-potileng, ee, hohle moo ba tlang ho u utloa, ho fihlela ke u laela ho tloha moo.
11 ’Me mosebetsi ua hau oohle o tla ba Sione, ka moea ua hau oohle, ho tloha joale ho ea pele; ee, u tla bula molomo ua hau mosebetsing oa ka, u sa ts’abe seo motho a ka se etsang, hobane ke na le uena. Amen.