Karolo ea 42
Ts’enolo e fanoeng ka likarolo tse peli ka Moporofeta Joseph Smith, Kirtland, Ohio, ka la 9 le ka la 23 Hlakola 1831. Karolo ea pele, e ts’etseng litemana tsa 1 ho isa ho 72, e ile ea amoheloa ka pel’a baholo ba leshome le metso e ’meli, ‘me e le phethahatso ea ts’episo ea Morena e neng e entsoe pele hore “molao” o tla fanoa Ohio (bona karolo ea 38:32). Karolo ea bobeli e ts’etse litemana tsa 73 ho isa ho 93. Moporofeta o hlalosa ts’enolo ena e le “e akaretsang molao oa Kereke.”
1–10, Baholo ba bitsetsoa ho bolela evangeli, ho kolobetsa batho ba sokolohileng, le ho aha Kereke; 11–12, Ba tlameha ho bitsoa le ho behoa matsoho, ’me ba rute metheo ea evangeli e fumanehang mangolong a halalelang; 13–17, Ba tla ruta le ho porofeta ka matla a Moea; 18–29, Bahalaleli ba laeloa hore ba se ke ba bolaea, ba utsoa, ba bua leshano, ba lakatsa ka meharo, ba feba, kapa ba bua bobe ka ba ban; 30–39, Melao e laolang nyehelo ea thepa ea hlalosoa; 40–42, Boikhohomoso le botsoa lia khalengoa; 43–52, Ba kulang ba tla folisoa ka lits’ebeletso le ka tumelo; 53–60, Mangolo a halalelang a laola Kereke ’me a lokela ho phatlalatsoa lefats’eng lohle; 61–69, Sebaka sa Jerusalema e Ncha le liphiri tsa ’muso li tla senoloa; 70–73, Thepa e nyehetsoeng e tla sebelisoa ho ts’ehetsa ofisiri tsa Kereke; 74–93, Melao e laolang bootsoa, bohlola, ho bolaea, bosholu, le boipolelo ba libe e ea hlalosoa.
1 Mamelang, oho lona baholo ba Kereke ea ka, ba phuthehileng ka lebitso la ka, esita le Jesu Kreste Mora oa Molimo ea phelang, Mopholosi oa lefats’e; ha feela le lumela lebitsong la ka le ho boloka litaelo tsa ka.
2 Hape ke re ho lona, mamelang ‘me le utloe ‘me le latele molao oo ke tlang ho le nea oona.
3 Hobane kannete ke re ho lona, joaloka ha le kopane hammoho ho latela taelo eo ke le laetseng, ‘me le lumellane mapabi le ntho ena e le ‘ngoe, ‘me le kopile Ntate ka lebitso la ka, esita le joalo le tla fumana.
4 Bonang, kannete ke re ho lona, ke le nea taelo ena ea pele, hore le tle le tsamaee ka lebitso la ka, e mong le e mong oa lona, ntle le bahlanka ba ka Joseph Smith, le Sidney Rigdon.
5 ’Me ke ba nea taelo e le hore ba tle ba tsamaee ha nakoana, ’me e tla fanoa ka matla a Moea ha ba khutla.
6 ’Me le tla tsamaea ka matla a Moea oa ka, le ruta evangeli ea ka, ka bobeli, ka lebitso la ka, le phahamisa mantsoe a lona joaloka molumo oa terompeta, le phatlalatsa lentsoe la ka joaloka mangeloi a Molimo.
7 ’Me le tla tsamaea le kolobetsa ka metsi, le re: Bakang lona, bakang lona, hobane ’muso oa maholimo o atametse.
8 ’Me ho tloha sebakeng sena le tla tloha le ee libakeng tse ka bophirima; ’me ha feela le ba fumana ba tlang ho le amohela, le tla aha kereke ea ka tikolohong e ‘ngoe le e ’ngoe—
9 Ho fihlela nako e tla eo ho tla senoloa ho lona ho tsoa holimo, ha motse oa Jerusalema e Ncha o tla be o lokisitsoe, e le hore le ke le bokelloe nqa ele ’ngoe, le be sechaba sa ka, ’me ke be Molimo oa lona.
10 ’Me hape, ke re ho lona, mohlanka oa ka Edward Partridge o tla ema ofising eo ke mo khethetseng eona. ’Me ho tla etsahala hore haeba a sitoa, e mong o tla beoa sebakeng sa hae. Esita le joalo. Amen.
11 Hape ke re ho lona, hore ho ke ke a fanoa ho mang kapa mang ho ea ruta evangeli ea ka, kapa ho aha kereke ea ka, ntle le hore a behoe matsoho ke e mong ea nang le matla, ’me ho tsebahala ho kereke hore o na le matla ’me o behiloe ka nepo ke lihlooho tsa kereke.
12 ’Me hape, baholo, baprista, le baruti ba kereke ena ba tla ruta metheo ea evangeli ea ka, e leng ka Bibeleng le Bukeng ea Mormone, tseo ka ho tsona e leng evangeli e feletseng.
13 ’Me ba tla hlokomela lilekane le lintlha tsa kereke hore ba li etse, ’me tsena e tla ba lithuto tsa bona, joaloka ha ba tla be ba tataisoa ke Moea.
14 ’Me Moea o tla fanoa ho lona ka thapelo ea tumelo; ’me haeba le sa amohele Moea, le ke ke la ruta.
15 ’Me tsena tsohle le tla li hlokomela ho li etsa joaloka ha ke laetse malebana le thuto ea lona, ho fihlela mangolo a ka a halalelang a feletseng a fanoa.
16 ’Me joaloka ha le tla phahamisa mantsoe a lona ka Mots’elisi, le tla bua le ho porofeta ka tsela eo ke e bonang e lokile;
17 Hobane, bonang, Mots’elisi o tseba lintho tsohle, ’me o fana ka bopaki ka Ntate le ka Mora.
18 ’Me joale, bonang, ke bua le kereke. U se ke ua bolaea; ‘me ea bolaeang a ke ke a fumana ts’oarelo lefats’eng lena, le ha e le lefats’eng le tlang.
19 ’Me hape, ke re, u se ke oa bolaea, empa ea bolaeang o tla shoa.
20 U se ke oa utsoa; ‘me ea utsoang ‘me a sa bake o tla lahleloa kantle.
21 U se ke oa buoa leshano; ea buoang leshano ‘me a sa bake o tla lahleloa kantle.
22 U tla rata mosali oa hau ka pelo ea hau eohle, ‘me u tla khomarela ho eena ‘me ha ho e mong.
23 ’Me ea shebang mosali ka ho molakatsa o tla latola tumelo, ’me a ke ke a ba le Moea, ’me haeba a sa bake, o tla lahleloa kantle.
24 U se ke oa feba; ‘me ea febang; ‘me a sa bake, o tla lahleloa kantle.
25 Empa eo ea febang ‘me a baka ka pelo ea hae eohle, a bo furalla, ‘me a sa bo etse hape, u tla mo ts’oarela;
26 Empa haeba a bo etsa hape, a ke ke a ts’oareloa, empa o tla lahleloa kantle.
27 U se ke oa bua bobe ka oa heno, leha e le ho mo etsa hampe.
28 U tseba melao ea ka malebana le lintho tsena tse fanoeng mangolong a ka a halalenag; ea etsang sebe ’me a sa bake o tla lahleloa kantle.
29 Haeba u oa nthata u tla nts’ebeletsa ’me u boloke litaelo tsa ka.
30 ’Me bona, u tla hopola mafutsana, ’me u tla nyehela ka thepa ea hau bakeng sa ts’ehetso ea bona, seo u nang le sona ho ba neha, ka selekane le tumellano e ke keng ea rojoa.
31 ’Me ha feela le nehelana ka thepa ea lona ho mafutsana, le tla etsa seo ho ’na; ’me e tla beoa ka pele ho mobishopo oa kereke ea ka le baeletsi ba hae, ba babeli ba baholo, kapa baprista ba baholo, joaloka ha a tla khetha kapa a se a khethile le ho e behella ka thoko bakeng sa morero oo.
32 ’Me ho tla etsahala hore, kamor’a hore e beoe ka pele ho mobishopo oa kereke ea ka, le kamor’a hore a amohele bopaki bona mabapi le nyehelo ea thepa ea kereke ea ka, hore e ke ke ea nkoa ho kereke, ka tumellano le litaelo tsa ka, motho e mong le e mong o tla ikarabella ho ‘na, e le mohlokomeli oa thepa eo e leng ea hae, kapa eo a e amohetseng ka nyehelo, ho ea ka ho lekana litlhoko tsa hae le tsa lelapa la hae.
33 ’Me hape, haeba ho tla ba le thepa matsohong a kereke, kapa ho mang kapa mang oa eona, e fetang e hlokahalang bakeng sa ts’ehetso ea bona kamor’a nyehelo ena ea pele, e leng masalla a lokelang ho nyeheloa ho mobishopo, e tla bolokoa e le hore e abeloe ba se nang letho, nako le nako, e le hore motho e mong le e mong ea nang le tlhoko a fuoe ka ho lekana ‘me a amohele ho latela litlhoko tsa hae.
34 Ka baka leo, e setseng e tla bolokoa tlung ea ka ea polokelo, ho abela mafutsana le ba hlokang, joaloka ha ho tla khethoa ke lekhotla le phahameng la kereke, le mobishopo le lekhotla la hae;
35 ’Me bakeng sa morero oa ho reka mobu molemong oa sechaba sa kereke, le ho aha matlo a borapeli, le ho aha Jerusalema e Ncha e tlang ho senoloa hamorao—
36 E le hore batho ba ka ba selekane ba tle ba bokelloe nqa ele ’ngoe letsatsing leo ke tlang ho tla ka lona tempeleng ea ka. ’Me sena ke se etsa bakeng sa poloko ea batho baka.
37 ’Me ho tla etsahala hore, ea etsang sebe ’me a sa bake o tla lahlaloa kantle ho kereke, ’me a ke ke a boela a fumana seo a se nehetseng mafutsana le ba hlokang ka kerekeng ea ka, kapa ka mantsoe a mang, ho ’na—
38 Hobane ha feela le etsa ho ba banyenyane bana, le etsa ho ‘na.
39 Hobane ho tla etsahala hore, tseo ke li buileng ka melomo ea baporofeta ba ka li tla phethahala; hobane ke tla nyehela ka maruo a ba amohelang evangeli ea ka har’a Balichaba ho mafutsana a sechaba sa ka seo e leng sa ntlo ea Iseraele.
40 ’Me hape, u se ke ua ikhohomosa ka pelong ea hau; etsa hore liaparo tsa hau tsohle e be tse sa khabisoang, ’me botle ba tsona e be botle ba mosebetsi oa matsoho a hau;
41 ’Me etsang hore lintho tsohle li ke li etsoe ka bohloeki ka pele ho ‘na.
42 U se ke ua ba botsoa; hobane ea botsoa a ke ke a ja bohobe kapa a apara liaparo tsa mosebetsi.
43 ‘Me mang kapa mang hara lona ea kulang, ‘me a se na tumelo ea ho folisoa, empa a lumela, o tla feptjoa ka bonolo bohle, ka meroho le lijo tse bonolo, ‘me e seng ka letsoho la sera.
44 Baholo ba kereke, ba babeli kapa ho feta, ba tla bitsoa, ’me ba tla ba rapella ’me ba ba behe matsoho ka lebitso la ka; ’me haeba ba shoa, ba tla shoa bakeng sa ka, ’me haeba ba phela, ba tla phela bakeng sa ka.
45 Le tla phela hammoho ka lerato, hoo le tla llela tahleho ea bona ba shoang, haholo-holo ba se nang ts’epo ea tsoho e khanyang ea bafu.
46 ‘Me ho tla etsahala hore ba shoelang ho ’na ba ke ke ba latsoa lefu, kaha le tla ba monate ho bona.
47 ‘Me ba sa shoeleng ho ‘na, ho malimabe bona, hobane lefu la bona lea baba.
48 ‘Me hape, ho tla etsahala hore ea nang le tumelo ho ’na hore a fole, ’me a sa khetheloa lefu, o tla fola.
49 Eo ea nang le tumelo ea ho bona o tla bona.
50 Eo ea nang le tumelo ea ho utloa o tla utloa.
51 Seritsa se nang le tumelo ea ho hlotsa se tla hlotsa.
52 ‘Me bao ba se nang tumelo ea ho etsa lintho tsena, empa ba lumela ho ’na, ba na le matla a ho fetoha bara ba ka; ’me ha feela ba sa robe melao ea ka u tla jara mefokolo ea bona.
53 U tla ema sebakeng sa bohlokomeli ba hau.
54 U se ke oa nka seaparo sa oa heno; u tla lefa seo u se fumanang ho oa heno.
55 ‘Me haeba u fumana ho feta seo se neng se lokela ho u ts’ehetsa, u tla se fana ho ntlo ea ka ea polokelo, hore lintho tsohle li ke li etsoe ho latela seo ke se boletseng.
56 U tla kopa, ‘me mangolo a ka a halalelang a tla fanoa joaloka ha ke khethile, ‘me a tla bolokoa polokehong;
57 ’Me ho lokile hore u khutse malebana le tsona, ’me u se ke ua li ruta ho fihlela u li amohetse ka botlalo.
58 ’Me ke le fa taelo ea hore ka nako eo le tla li ruta ho batho bohle; hobane li tla rutoa ho lichaba tsohle, meloko eohle, maleme ‘ohle le batho bohle.
59 Le tla nka lintho tseo le li amohetseng, tseo le li filoeng mangolong a ka a halalelang e le molao, hore e be molao oa ka oa ho laola kereke ea ka;
60 ’Me ea etsang ho ea ka lintho tsena o tla bolokeha, ’me ea sa li etseng o tla tsuoa haeba a tsoela pele.
61 Haeba u tla kopa, u tla fumana ts’enolo holim’a ts’enolo, tsebo holim’a tsebo, hore u tle u tsebe liphiri le lintho tsa khotso—tseo tse tlisang nyakallo, tseo tse tlisang bophelo ba bosafeleng.
62 U tla kopa, ’me ho tla senoloa ho uena ka nako ea ka e nepahetseng moo Jerusalem e Ncha e tla ahoa.
63 ’Me bonang, ho tla etsahala hore bahlanka ba ka ba romeloe bochabela le bophirima, le leboea le boroa.
64 ’Me esita le joale, etsang hore ea eang bochabela a rute ba tlang ho sokoloha ho balehela bophirima, ‘me sena e le ka lebaka la se tlang holim’a lefats’e le tsa liketso tsa sekhukhu.
65 Bonang, le tla hlokomela lintho tsena tsohle, ’me moputso oa lona o tla ba moholo; hobane ho lona ho fanoe ho tseba liphiri tsa ‘muso, empa ho lefats’e ha hoa fanoa hore li tsejoe.
66 Le tla hlokomela melao eo le e amohetseng ’me le ts’epahale.
67 ’Me kamorao ho moo le tla fumana lilekane tsa kereke, joaloka tse tlang ho lekana ho theha, ka bobeli mona le ho Jerusalema e Ncha.
68 Ka baka leo, ea hlokang bohlale, a bo kope ho ‘na, ’me ke tla mo sitsa ka phano e kholo ‘me e se ka ho khanana.
69 Phahamisang lipelo tsa lona ‘me le nyakalle, hobane ho lona ‘muso, kapa ka mantsoe a mang, linotlolo tsa kereke li fanoe. Esita le joalo. Amen.
70 Baprista le baruti ba tla ba le mohlokomeli ba bona, esita le joaloka litho.
71 ’Me baholo kapa baprista ba baholo ba khethiloeng ho thusa mobishopo e le baeletsi linthong tsohle, ba lokela hore malapa a bona a ts’ehetsoe ho tsoa thepeng e nyehetsoeng ho mobishopo, molemong oa mafutsana, le bakeng sa merero e meng, joaloka ha ho boletsoe pele;
72 Kapa ba lokela ho fumana moputso o loketseng bakeng sa bosebeletsi ba bona bohle, e-bang ke bohlokomeli kapa ka tsela e ‘ngoe, joaloka ha ho ka nahanoa ho le molemo kapa e le qeto ea baeletsi le mobishopo.
73 ’Me mobishopo, le eena, o tla fumana ts’ehetso ea hae, kapa moputso o loketseng bakeng sa bosebeletsi bohle ba hae ka har’a kereke.
74 Bonang, kannete ke re ho lona, hore mang kapa mang har’a lona, ba lahlileng balekane ba bona ka lebaka la bohlola, kapa ka mantsoe a mang, haeba ba tla paka ka pele ho lona ka boikokobetso ba pelo hore sena se joalo, le se ke la ba leleka har’a lona.
75 Empa ha eba le tla fumana batho bafe kapa bafe ba furaletse balekane ba bona ka baka la bohlola, ‘me bona ka bo-bona e le bakhopisi, ‘me balekane ba bona ba ntse ba phela, ba tla lelekoa har’a lona.
76 ’Me hape, ke re ho lona, hore le tla hlokomela ‘me le be hlokolosi, ka lipatlisiso tsohle, hore le se ke la amohela ba joalo har’a lona haeba ba nyetse;
77 ’Me haeba ba sa nyala, ba tla baka libeng tsohle tsa bona, kapa ha le na ho ba amohela.
78 ’Me hape, motho e mong le e mong eo e leng karolo ea kereke ena ea Kreste, o tla hlokomela ho boloka litaelo le lilekane tsohle tsa kereke.
79 ’Me ho tla etsahala hore, haeba batho ba bang hara lona ba ka bolaea, ba tla neheloa ‘me ba sebetsoe ho ea ka melao ea lefats’e; hobane hopola hore ha a na ts’oarelo; ’me ho tla netefatsoa ho latela melao ea lefats’e.
80 ’Me haeba monna kapa mosali ofe kapa ofe a etsa bofebe, o tla ahloloa ka pele ho baholo ba babeli ba kereke, kapa ho feta, ’me lentsoe le leng le leng le tla netefatsoa khahlanong le eena ke lipaki tse peli tsa kereke, ’me eseng tsa sera; empa haeba ho na le lipaki tse fetang bopeli, ho molemo.
81 Empa o tla tsuoa ka molomo oa lipaki tse peli; ’me baholo ba tla beha nyeoe ka pele ho kereke, ’me kereke e tla phahamisa matsoho a bona khahlanong le eena, hore ho ka sebetsanoa le bona ho latela molao ea Molimo.
82 ’Me haeba ho ka etsahala, ho hlokahala hore mobishopo le eena a be teng.
83 ’Me joana le tla etsa linthong tsohle tse tlang ho tla ka pele ho lona.
84 ’Me ha monna kapa mosali a tlatlapa, o tla neheloa molaong oa lefats’e.
85 ‘Me haeba o tla utsoa, o tla neheloa molaong oa lefats’e.
86 ‘Me haeba o tla buoa leshano, o tla neheloa ho molaong oa lefats’e.
87 ’Me haeba o tla etsa mofuta ofe kapa ofe oa sebe, o tla neheloa molaong, esita le oo oa Molimo.
88 ’Me haeba ngoan’eno kapa khaitseli ea hau a u sitetsoe, u tla nka eena ‘me uena le eena le le inots’i; ‘me haeba a ipolela le tla boelana.
89 ’Me haeba a sa ipolele, le tla nehelana ka eena ho kereke, e seng ho litho, empa ho baholo. ’Me ho tla etsoa kopanong, le hore eseng ka pele ho lefats’e.
90 ’Me haeba ngoanan‘eno kapa khaitseli ea hau a khopisa ba bangata, o tla khalengoa ka pele ho ba bangata.
91 ’Me haeba mang kapa mang a khopisa pepeneneng, o tla khalemelloa pepeneneng, a ke a hlajoe ke lihlong. ‘Me ha a sa ipolele, o tla neheloa molaong oa Molimo.
92 Haeba mang kapa mang a ka khopisa lekunutung, o tla khalemelloa lekunutung, e le hore a ke a be le monyetla oa ho ipolela lekunutung ho eo ea mo khopisitseng, le ho Molimo, hore kereke e se ke ea bua ka eena ka mokhoa o nyelisang.
93 ’Me joana le tla etsa linthong tsohle.