Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 22


Karolo ea 22

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Manchester, New York, ka la 16 ’Mesa 1830. Ts’enolo ena e ile ea fanoa ho Kereke ka lebaka la ba bang ba neng ba kolobelitsoe pele ba neng ba lakatsa ho kopana le Kereke ntle le ho kolobetsoa hape.

1, Kolobetso ke selekane se secha ‘me se sa feleng; 2–4, Kolobetso ka ea nang le tokelo e ea hlokahala.

1 Bonang, ke re ho lona hore lilekane tsohle tsa khale ke entse hore li fele tabeng ena; ’me sena ke selekane se secha ‘me se sa feleng, esita le sane se ileng sa e-ba teng ts’imolohong.

2 Ka baka leo, leha motho a ka kolobetsoa makhetlo a lekholo, ha ho mo thuse ka letho, hobane le ke ke la kena ka khoro e patisaneng ka molao oa Moshe, kapa ka mesebetsi ea lona e shoeleng.

3 Hobane ke ka lebaka la mesebetsi ea lona e shoeleng ke entseng hore selekane sena sa ho qetela le kereke ena li aheloe ‘na, esita le joaloka matsatsing a khale.

4 Ka baka leo, kenang ka khoro joaloka ha ke laetse ‘me le se ke la batla ho eletsa Molimo oa lona. Amen.