Karolo ea 15
Ts’enolo e fanoeng ka moporofeta Joseph Smith ho John Whitmer, Fayette, New York, Phuptjane 1829 (bona selelekela sa karolo ea 14). Molaetsa oona o haufi ’me o tsoteha haholo hobane Morena o bolela se tsejoang ke eena le John Whitmer feela. John Whitmer hamorao o ile a fetoha e mong oa lipaki tse robeli tsa Buka ea Mormone.
1–2, Letsoho la Morena le holim’a lefats’e lohle; 3–6, Ho ruta evangeli le ho pholosa meea ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa.
1 Mamela, mohlanka oa ka John, ’me mamela mantsoe a Jesu Kreste, Morena oa hau le Molopolli oa hau.
2 Hobane bona, ke bua le uena ka bohale le ka matla, hobane letsoho la ka le holim’a lefats’e lohle.
3 ’Me ke tla u bolella seo ho seng motho ea se tsebang ntle le ’na le uena feela—
4 Hobane ka linako tse ngata u batlile ho ’na ho tseba se tlang ho ba bohlokoa ka ho fetisisa ho uena.
5 Bona, u lehlohonolo ka lebaka la ntho ena, le ho bua mantsoe a ka ao ke u fileng ’ona ho latela litaelo tsa ka.
6 ’Me joale, bona, ke re ho uena, hore ntho eo e tlang ho ba bohlokoa ka ho fetisisa ho uena e tla ba ho phatlalatsa pako ho sechaba sena, hore u ke u tlise meea ho ’na, hore u ke u phomole le bona ’musong oa Ntate. Amen.