Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 37


Karolo ea 37

Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith le Sidney Rigdon, pela Fayette, New York, ka Ts’itoe 1830. Mona ho fanoe ka taelo ea pele malebana le pokello mokhahlelong oona.

1–4, Bahalaleli ba bitsoa ho bokana Ohio.

1 Bonang, ke re ho lona hore ha ho bohlokoa ho ‘na hore le se hlole le fetolela ho fihlela le tla ea Ohio, ‘me sena ke ka lebaka la sera le molemong oa lona.

2 ‘Me hape, ke re ho lona hore le ke ke la tsamaea ho fihlela le rutile evangeli ea ka libakeng tseo, ‘me le matlafalitse ka botlalo kereke hohle moo e fumanehang, ‘me haholo ka ho khetheha Colesville; hobane, bonang, ba rapela ho ‘na haholo ka tumelo.

3 ‘Me hape, taelo ke e fana ho kereke, hore ho bohloka ho ‘na hore ba tle ba bokane hammoho Ohio, tokisetsong ea nako eo mohlanka oa ka Oliver Cowdery a tla khutlela ho bona.

4 Bonang, bona ke bohlale, ‘me lumellang motho e mong le e mong ho ikhethela ho fihlela ke e-tla. Esita le joalo. Amen.