Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 7


Karolo ea 7

Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith le Oliver Cowdery, Harmony, Pennsylvania ka ’Mesa 1829 ha ba ne ba botsitse ka Urime le Thummime hore na Johanne, morutuoa ea ratoang, o ile a sala a le nameng kapa o ile a shoa. Ts’enolo ena ke phetolelo e fetoletsoeng ho lingoliloeng tse entsoeng ka masekoele a matlalo ke Johanne ’me tsa patoa ke eena.

1–3, Johanne ea Ratoang o tla phela ho fihlela Morena a tla; 4–8, Petrose, Jakobo le Johanne ba ts’oere linotlolo tsa evangeli.

1 ’Me Morena o ile a re ho ’na: Johanne, oa ka ea ratoang, ke eng seo u se lakatsang? Hobane haeba u tla kopa seo u se batlang, u tla se fuoa.

2 ’Me ke ile ka re ho eena: Morena, mphe matla holim’a lefu, hore nke ke phele ’me ke tlise meea ho uena.

3 ’Me Morena o ile a re ho ’na: Kannete-nete ke re ho uena, hobane u lakatsa sena, u tla lula ho fihlela ke khutla ka khanya ea ka, ’me u tla porofeta ka pele ho lichaba, maloko, maleme le batho.

4 ’Me ka lebaka lena Morena o ile a re ho Petrose: Haeba ke batla hore a lule ho fihlela ke e-tla, ke eng seo ho uena? Hobane o batlile ho ’na hore a ke a tlise meea ho ’na, empa uena u batlile hore u ke u tle kapele ho ’na ’musong oa ka.

5 Ke re ho uena, Petrose, ena e ne e le takatso e ntle; empa oa ka ea ratoang o lakalitse hore a ke a etse se fetang, kapa mosebetsi o moholo-holo har’a batho ho feta oo a kileng a o etsa pele.

6 Ee, o ile a inkela mosebetsi o moholo-holo; ka baka leo ke tla mo etsa e ke malakabe a mollo le lengeloi le sebeletsang; o tla sebeletsa bao e tlang ho ba majalefa a poloko a lulang lefats’eng.

7 ’Me ke tla u etsa hore u mo sebeletse le moholoane oa hau Jakobo; ’me ho lona ba bararo ke tla le fa matla ana le linotlolo tsa bosebeletsi bona ho fihlela ke khutla.

8 Kannete ke re ho lona, ka bobeli le tla fumana ho latela litakatso tsa lona, hobane ka bobeli le nyakallela ho seo le se batlileng.