Karolo ea 11
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, ho moholoane oa hae Hyrum Smith, Harmony Pennsylvania ka Mots’eanong 1829. Ts’enolo ena e ile ea fumanoa ka Urime and Thummime e le karabo ho thapeli le potso tsa Joseph. Nalane ea Joseph Smith e supa hore ts’enolo ena e ile ea fumanoa kamor’a tsosoloso ea Boprista ba Aarone.
1–6, Basebeletsi ts’imong ea morara ba tla fumana poloko; 7–14, Batla bohlale, hoelehetsa pako, ts’epela ho Moea; 15–22, Boloka litaelo le ho bala mantsoe a Morena; 23–27, Se latole moea oa ts’enolo le oa boporofeta; 28–30, Bao ba amohelang Kreste ba fetoha bana ba Molimo.
1 Mosebetsi o moholo o tsotehang o haufi le ho tla har’a bana ba batho.
2 Bona, ke ’na Molimo; mamela lentsoe la ka, le potlakang ’me le matla, le bohale ho feta sabole e leolitsoeng ka nqa tse peli ho arola ka lehare manonyeletso le ’moko; ka baka leo mamela lentsoe la ka.
3 Bona, ts’imo e ts’oeu e loketse kotulo; ka baka leo, mang kapa mang ea batlang ho kotula, mo lumelleng a kenye sekele ea hae ka matla a hae ’me a kotule ha letsatsi le sa chabile hore a tle a boloke moea oa hae bakeng sa poloko e sa feleng ’musong oa Molimo.
4 Ee, mang kapa mang ea tla kenya sekele ea hae ’me a kotule, ea joalo ke ea bitsoang ke Molimo.
5 Ka baka leo, haeba u tla kopa ho ’na u tla fuoa; haeba u tla kokota u tla buleloa.
6 Joale, ha u se u kopile, bona, ke re ho uena, boloka litaelo tsa ka ’me u batle ho tlisa le ho theha tsela ea Sione.
7 U se ke oa batla maruo empa batla bohlale; ’me bona, liphiri tsa Molimo u tla li manolleloa ’me u tla etsoa morui. Bona, eo ea nang le bophelo ba bosafeleng ke morui.
8 Kannete-nete, ke re ho uena, esita joaloka ha u batla ho ’na, ho tla etsoa joalo ho uena; ’me haeba u lakatsa, u tla ba tsela ea ho etsa botle bo bongata molokong oona.
9 U se bolele letho empa pako molokong oona. Boloka litaelo tsa ka le ho thusa ho tlisa mosebetsi oa ka, ho latela litaelo tsa ka ’me u tla hloholofatsoa.
10 Bona, u na le neo, kapa u tla ba le neo haeba u tla e kopa ho ’na ka tumelo, ka pelo e ts’epahalang, u lumela ho matla a Jesu Kreste kapa ho matla a ka a buang le uena;
11 Hobane, bona, ke ’na ea buang; bona, ke ’na leseli le benyang har’a lefifi ’me ka matla a ka ke fana ka mantsoe ana ho uena.
12 ’Me joale, kannete-nete, ke re ho uena, beha ts’epo ea hau ho Moea oane o isang ho etsa botle—ee, ho etsa ka toka, ho tsamaea ka boikokobetso, ho ahlola ka khalalelo; ’me oona ke Moea oa ka.
13 Kannete-nete ke re ho uena, ke tla u fa Moea oa ka, o tlang ho chabisa kelello ea hau, o tlang ho tlatsa moea oa hau ka nyakallo;
14 ’Me ebe u tla tseba, kapa ka sena u tla tseba lintho tsohle, life kapa life tseo u li kopang ho ’na, tseo tse amanang le lintho tsa khalalelo, ka tumelo, u lumela ho ’na hore u tla li fumana.
15 Bona, ke u laela hore u se hlole u hloma eka u bitselitsoe ho ruta ho fihlela u bitsitsoe.
16 Ema ha nakoana, ho fihlela u tla ba le lentsoe la ka, lefika la ka, kereke ea ka le evangeli ea ka hore u tle u tsebe ka tieo ka thuto ea ka ea tumelo.
17 ’Me ebe, bona, ho latela litakatso tsa hau, ee, esita le ho latela tumelo ea hau ho tla etsahala ho uena.
18 Boloka litaelo tsa ka; khutsa; batla tsebo ho Moea oa ka;
19 Ee, khoramela ho ’na ka pelo eohle ea hau, hore u ke u thuse ho tlisa leseli linthong tseno tseo ho seng ho buuoe ka tsona—ee, phetolelo ea mosebetsi oa ka; mamella ho fihlela u o phethile.
20 Bona, oona ke mosebetsi oa hau, ho boloka litaelo tsa ka, ee, ka sefutho sohle, kelello le matla ’ohle.
21 U se ke ua batla ho phatlalatsa lentsoe la ka, empa pele batla ho fumana lentsoe la ka, ’me ebe leleme la hau le tla raroloha; ebe ha u kopa, u tla ba le Moea oa ka le lentsoe la ka, ee, matla a Molimo a kholisang batho.
22 Empa joale khutsa; bala lentsoe la ka le tsoetseng har’a bana ba batho, ’me hape bala lentsoe la ka le tlang ho tla har’a bana ba batho, kapa leo joale le ntseng le fetoleloa, ee ho fihlela u fumane tsohle tseo ke tla li fana ho bana ba batho molokong oona, ’me ebe lintho tsohle li tla ekeletsoa ho lona.
23 Bona ke uena Hyrum, mora oa ka; batla ’muso oa Molimo, ’me lintho tsohle li tla eketsoa ho latela seo se nang le toka.
24 Aha holim’a lefika la ka, leo e leng evangeli ea ka.
25 U se ke ua latola moea oa ts’enolo, kapa moea oa boporofeta hobane ho malimabe eo ea latolang lintho tsena;
26 Ka baka leo, a boloke pelong ea hau ho fihlela nako eo ka bohlale ba ka u tla tsamaea ho ea pele.
27 Bona, ke bua le bohle ba nang le litakatso tse ntle ’me ba kentseng sekele tsa bona ho kotula.
28 Bona, ke ’na Jesu Kreste, Mora oa Molimo. Ke ’na bophelo le leseli la lefats’e.
29 Esale e le ’na eo a neng a tlile ho batho ba hae ’me bao ba ka ha ba ka ba nkamohela;
30 Empa kannete-nete ke re ho uena joaloka ha ba bangata ba nkamohela, ho bona ke tla fana ka matla a ho fetoha bana ba Molimo, esita le ho bona ba lumelang ho ’na. Amen.