Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 26


Karolo ea 26

Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith, Oliver Cowdery le John Whitmer, Harmony, Pennsylvania ka Phupu 1830 (bona sehlooho sa karolo ea 24).

1, Ba laetsoe ho bala mangolo a halalelang le ho ruta; 2, Molao o akaretsang oa kamohelo oa tiisoa.

1 Bonang, ke re ho lona hore le tla nehelana ka nako ea lona ho ithuta mangolo a halalelang, le ho ruta, le ho tiisa kereke e Colesville, le ho etsa mesebetsi ea lona lefats’eng leo, joaloka ha ho hlokahala, ho fihlela le tla ea bophirima ho ts’oara seboka se latelang; ‘me joale ho tla etsoa hore ho tsebahale seo le tlang ho se etsa.

2 ‘Me lintho tsohle li tla etsoa ka kamohelo ea litho tsa kereke, ka thapelo e kholo le tumelo, hobane lintho tsohle le tla li fumana ka tumelo. Amen.