Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 24


Karolo ea 24

Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith le Oliver Cowdery, Harmony, Pennsylvania, ka Phupu 1830. Leha likhoeli tse ‘ne li ne li se li fetile ho tloha nakong eo Kereke e neng e hlophisoa, tlhoriso e ile eaba e matla, ‘me baetapele ba ile ba lokela ho batla sebaka se bolokehileng. Ts’enolo tse latelang tse tharo li ile tsa fanoa ka nako ena ho matlafatsa, ho khothatsa, le ho ba laela.

1–9, Joseph Smith o bitsetsoa ho fetolela, ho ruta, le ho hlakisa mangolo a halalelang; 10–12, Oliver Cowdery o bitsoa ho ruta evangeli; 13–19, Molao o malebana le mehlolo, lithohako, ho hlohlora lerole maotong a bona, le ho tsamaea ba sa nka mokotlana oa chelete kapa oa liphahlo.

1 Bonang, le ile la bitsetsoa le ho khetheloa ho ngola Buka ea Mormone, le ho bosebeletsi baka; ‘me ke le phahamisitse ka har’a mahlomola a lona, ‘me ka le eletsa, hore le lopolotsoe ho lira tsa lona tsohle, ‘me le lopolotsoe ho matla a Satane le ho tsoa lefifing!

2 Leha ho le joalo, empa u ke ke ua tlohelloa feela lits’itong tsa hau, tsamaea ‘me u se ke oa hlola u etsa sebe.

3 Phetha mosebetsi oa hau; ‘me kamor’a hore u leme masimo a hau ‘me u a sireletse, tsamaea ka potlako ho ea kerekeng e Colesville, Fayette, le Manchester, ‘me ba tla u ts’ehetsa; ‘me ke tla ba hloholonolofatsa ka bobeli ka tsa moea le tsa nama;

4 Empa ha ba sa u amohele, ke tla romela holim’a bona thohako ho e-na le tlhohonolofatso.

5 ’Me u tla tsoelapele ho bitsa ho Molimo ka lebitso la ka, ‘me u ngola lintho tseo u tlang ho li fuoa ke Mots’elisi, ‘me u manolla mangolo oohle a halalelang ho kereke.

6 ’Me ho tla fanoa ho uena ka oona motsotso oo seo u tlang ho se bua le ho se ngola, ’me ba tla se utloa, kapa ke tla romella ho bona thohako ho e-na le tlhohonolofatso.

7 Hobane u tla nehela bosebeletsi ba hau bohle ho Sione; ‘me ho sena u tla ba le matla.

8 Mamella mahlomoleng, hobane u tla ba le a mangata; empa a mamelle, hobane, bona, ke na le uana, esita le ho isa matsatsing a hau a ho qetela.

9 ’Me mesebetsing ea tsa nama ha u na ho ba le matla, hobane hona hase pitso ea hau. Phetha pitso ea hau ‘me u tla ba le seo u se hlokang ho phetha mosebetsi oa hau, le ho manolla mangolo oohle a halalelang, ‘me u tsoelepele ka ho beha matsoho le ho tiisa likereke.

10 ’Me moena oa hau Oliver o tla tsoelapele ho paka lebitso la ka ka pele ho lefats’e, ‘me hape le ho kereke. ‘Me a ke ke a nahana hore a ka bua se lekaneng mosebetsing oa ka; ‘me bona, ke na le eena ho isa qetellong.

11 Ho ‘na o tla ba le khanya, ‘me eo eseng ea hae, leha e le mofokolong kapa matleng, leha e le litlamong kapa bolokolohing.

12 ‘Me ka linako tsohle, le libakeng tsohle, o tla bula molomo oa hae ‘me a phatlalatse evangeli ea ka joaloka ha eka ke molumo oa torompeta, bosiu le mots’eare. ‘Me ke tla mo fa matla a joaloka a sa tsejoeng har’a batho.

13 Le se ke la batla mehlolo, ntle le hore ke tla le laela, ntle le ho leleka mademona, ho folisa ba kulang, le khahlanong le linoha tse kotsi, le khahlanong le chefo e bolaeang;

14 ’Me lintho tsena ha le na ho li etsa, ntle le ha le ka koptjoa ke ba li batlang, hore mangolo a halalelang a tle a phethahatsoe; hobane le tla etsa ho latela seo se ngoliloeng.

15 ‘Me kae kapa kae moo le tlang ho kena, ‘me ba sitoe ho le amohela ka lebitso la ka, le tla sia thohako ho e-na le tlhohonolofatso, ka ho hlohlora lerole maotong a lona khahlanong le bona e le bopaki, ‘me le hloekise maoto a lona ka thoko ho tsela.

16 ‘Me ho tla etsahala hore mang kapa mang ea tla beha matsoho a hae holim’a lona ka ntoa, le tla laela hore a otloe ka lebitso la ka, ‘me, bonang, ke tla ba otla ho latela mantsoe a lona ka nako ea ka e nepahetseng.

17 ‘Me mang kapa mang ea tla ea molaong le lona o tla roahakeha ka molao.

18 ’Me le se ke la nka mokotla oa chelete kapa oa liaparo, leha e le lere, leha e le likobo tse peli, hobane kereke e tla le neha ka hora eona eo seo le se hlokang bakeng sa lijo le liaparo, le bakeng sa lieta le bakeng sa chelete, le bakeng sa mokotla oa liaparo.

19 Hobane le bitselitsoe ho hlaola ts’imo ea morara ka matla, ee, esita le lekhetlo la ho qetela; ee, ‘me hape le bohle bao le ba behileng matsoho, ‘me ba tla etsa ho latela mokhoa oona. Amen.