Karolo ea 28
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho Oliver Cowdery, Fayette, New York ka Loetse 1830. Hiram Page, eo e leng setho sa Kereke, o ne a ena le lejoe le itseng ‘me a ntse a bolela hore u fumana ts’enolo ka thuso ea lona malebana le kaho ea Sione le tsamaiso ea Kereke. Litho tse ngata li ile tsa thetsoa ke lipolelo tsena ‘me esita le Oliver Cowdery o ne a susumetsehile hampe ke tsona. Pelenyana ho seboka se khethiloeng, Moporofeta o ile a botsa Morena malebana le taba eo, ‘me ts’enolo ena ea latela.
1–7, Joseph Smith o ts’oere linotlolo tsa liphiri, ‘me ke eena feela ea fumanang ts’enolo bakeng sa Kereke; 8–10, Oliver Cowdery o tla ruta ho Ba-Lamane; 11–16, Satane o thetsitse Hiram Page ‘me a mo fa ts’enolo tse fosahetseng.
1 Bona, ke re ho uena, Oliver, hore ho tla fanoa ho uena hore u tla utluoa ke kereke linthong life kapa life tseo u tlang ho ba ruta tsona ka Mots’elisi malebana le ts’enolo le litaelo tseo ke li faneng.
2 Empa bona, kannete-nete, ke re ho uena, ha ho e mong ea tla khetheloa ho fumana litaelo le ts’enolo kerekeng ena ntle ho mohlanka oa ka Joseph Smith, hobane o li fumana esita le joaloka Moshe.
3 ‘Me u tla mamela lintho tseo ke tlang ho li fana ho eena, esita le joaloka Aarone, ho phatlalatsa ka bots’epehi litaelo le ts’enolo tseo, ka matla le tokelo ho kereke.
4 ‘Me haeba u tataisoa ke Mots’elisi ka nako efe kapa efe ho bua kapa ho ruta, kapa ka linako tsohle ka tsela ea taelo ho kereke, u ka etsa seo.
5 Empa u ke ke oa ngola ka tsela ea taelo, empa ka bohlale;
6 ‘Me u ke ke ua laela eo ea hloohong ea hau, le ea hloohong ea kereke;
7 Hobane ke mo file linotlolo tsa liphiri, le ts’enolo tseo tse koahetsoeng, ho fihlela ke tla khetha ho bona e mong sebakeng sa hae.
8 ‘Me joale, bona, ke re ho uena hore u tla ea ho Ba-Lamane ‘me u rute evangeli ea ka ho bona; ‘me ha feela ba fumana lithuto u tla etsa hore kerekee a ka e thehoe har’a bona; ‘me u tla ba le ts’enolo empa u se ke ua li ngola ka tsela ea taelo.
9 ‘Me joale, bona, ke re ho uena hore ha ho so senoloe, ‘me ha ho motho ea tsebang moo motse oa Sione o tla ahoa, empa ho tla fanoa kamor’a mona. Bona, ke re ho uena hore e tla ba meeling ea Ba-Lamane.
10 U ke ke ua siea sebaka sena ho fihlela kamor’a seboka seo; ‘me mohlanka oa ka Joseph o tla khetheloa ho okamela seboka seo ka lentsoe la sona, ‘me seo a se buang ho uena u tla se bolela.
11 ‘Me hape, u tla nka moena ua hau, Hiram Page, lipakeng tsa hau le eena le le bang, ‘me u mo bolelle hore lintho tseno tseo a li ngotseng ho tsoa lejoeng leo ha se tsa ka ‘me Satane o mo thetsitse;
12 Hobane, bona, lintho tsena li ne li sa khetheloa eena, leha e le eng kapa eng e tla khetheloa kereke efe kapa efe khahlanong le lilekane tsa kereke.
13 Hobane lintho tsohle li tlameha ho etsoa ka tsamaiso, le ka tumello ea litho kerekeng, ka thapelo ea tumelo.
14 ‘Me u tla thusa ho tsitsisa lintho tsena tsohle ho latela lilekane tsa kereke, pele u tla nka leeto la hau har’a Ba-Lamane.
15 ‘Me ho tla fanoa ho uena ho tloha nakong eo u tla tsamaea, ho fihlela nakong eo u tla khutla, seo u tlang ho se etsa.
16 ‘Me u tlameha ho bula molomo oa hau ka linako tsohle, u phatlalatsa evangeli ea ka ka molumo oa nyakallo. Amen.