Karolo ea 29
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, ponts’eng ea baholo ba ts’eletseng, Fayette, New York, ka Loetse 1830. Ts’enolo e ile ea fanoa matsatsi a seng makae pele ho seboka, ho qala ka la 26 Loetse 1830.
1–8, Kreste o bokella bakhethoa ba hae; 9–11, Ho tla ha hae ho thakhola Sekete sa Lilemo; 12–13, Ba Leshome le Metso e ’Meli ba tla ahlola Iseraele eohle; 14–21, Mats’oao, likotlo le lesupi li tla etella pele ho tla Lekhetlo la Bobeli; 22–28, Tsoho ea bafu ea ho qetela le kahlolo ea mapomelo li tla latela Sekete sa Lilemo; 29–35, Lintho tsohle ke tsa moea ho Morena; 36–39, Diabolose le mabotho a hae ba ile ba lahleloa kantle ho tsoa leholimong ho tla leka motho; 40–45, Ho Oa le Topollo li tlisa poloko; 46–50, Bana ba banyenyane ba lopolloa ka Topollo.
1 Mamela lentsoe la Jesu Kreste, Molopolli oa hau, ke ‘na ea Moholo, eo letsoho la hae la mohau le u lopolotseng libeng tsa hau;
2 Ea tlang ho bokella batho ba hae esita le joaloka ha khoho e bokella litsuonyana tsa eona tlas’a mapheeo a eona, esita le joaloka ha ba bangata ba tla mamela lentsoe la ka, ba ikokobetse ka pele ho ‘na, ‘me ba bitse ho ‘na ka thapelo e matla.
3 Bonang, kannete-nete, ke re ho lona, hore ka nako ena libe tsa lona li ts’oaretsoe, ka baka leo, le fumana lintho tsena; empa hopolang hore le se ke la etsa sebe hape, esere maqakabetsi a tla holim’a lona.
4 Kannete, ke re ho lona hore le khethiloe lefats’eng ho phatlalatsa evangeli ea ka ka molumo oa nyakallo, joaloka lentsoe la terompeta.
5 Phahamisang lipelo tsa lona ‘me le thabe, hobane ke kahare ho lona, ‘me ke ‘muelli oa lona ho Ntate; ‘me ke thato ea hae e molemo ho le fa ‘muso.
6 ‘Me, joaloka ha ho ngoliloe—Eng kapa eng eo le e kopang ka tumelo, le kopane ka thapelo ho latela taelo ea ka, le tla e fumana.
7 ‘Me le bitsitsoe ho phethisa pokello ea bakhethoa baka; hobane bakhethoa ba ka ba utloa lentsoe la ka ‘me ha ba thatafatse lipelo tsa bona;
8 Ka baka leo taelo e tsoile ho Ntate hore ba tla bokelloa sebakeng se le seng holim’a sefahleho sa lefats’e lena, ho lokisetsa lipelo tsa bona le ho itokisetsa linthong tsohle khahlanong le letsatsi leo mats’oenyeho le lesupi li tla romelloa ho ba khopo.
9 Hobane hora e haufi le letsatsi le atametse hore lefats’e le butsoe; ‘me bohle ba ikhohomosang le ba etsang ka bokhopo ba tla ba joalo ka ’moko; ’me ke tla ba chesa, ho rialo Morena oa Makhotla, hore bokhopo bo se ke ba e-ba teng lefats’eng.
10 Hobane hora e haufi, ‘me seo se builoeng ke baapostola ba ka se tlameha ho phethahala; hobane joaloka ha ba buile ho tla etsahala joalo;
11 Hobane ke tla iponahatsa ho tsoa leholimong ka matla le khanya e kholo, le makhotla oohle a lona, ’me ke tla lula ka ho loka le batho lefats’eng ka lilemo tse sekete, ’me bakhopo ba ke ke ba ema.
12 ’Me hape, kannete-nete, ke re ho lona, ’me seo se tsoetsepele ka taelo e tiileng, ka thato ea Ntate, hore baapostola baka, ba Leshome le Metso e ’Meli ba neng ba ena le ’na nakong ea bosebeletsi ba ka Jerusalema, ba tla ema ka letsohong la ka le letona ka letsatsi la ho tla ha ka ka ts’ia ea mollo, ba apere liaparo tsa ho loka, ba le meqhaka lihlohong tsa bona, ka khanya esita le joaloka ’na, ho ahlola ntlo eohle ea Iseraele, le ba bangata ba nthatileng le ho boloka litaelo tsa ka, ’me ha ho e mong.
13 Hobane terompeta e tla lla ka nako e telele, le ka molumo o phahameng, esita le joaloka ha e le holim’a Thaba ea Sinai, ’me lefats’e lohle le tla reketla, ’me ba tla tla pele—ee, esita le bafu ba shoelletseng ho ’na, ho fumana moqhaka oa ho loka, le ho apesoa, esita le joaloka ’na, ho ba le ‘na, hore re be bonngoe.
14 Empa, bonang, ke re ho lona hore pele letsatsi lena le leholo le fihla, letsatsi le tla fifala, le ngoeli e tla fetoha mali, le linaleli li tla oela ho tsoa leholimong, ‘me ho tla ba le mats’oao a maholo-holo holimo leholimong le tlase lefats’eng;
15 ’Me ho tla ba le lillo le litsikitlano har’a makhotla a batho;
16 ’Me ho tla ba le sefako se sengata se rometsoeng ho senya lijalo tsa lefats’e.
17 ’Me ho tla etsahala, ka lebaka la bokhopo ba lefats’e, hore ke tla iphetetsa ho ba khopo, kaha ba ke ke ba baka; hobane senoelo sa khalefo ea ka se tletse; hobane bonang, mali a ka a ke ke a ba hloekisa haeba ba sa nkutloe.
18 Ka baka leo, ‘na Morena Molimo, ke tla romela litsie holim’a sefahleho sa lefats’e, tse tla ts’oara baahi ba lona, ‘me li tla ja nama ea bona, ‘me li tla etsa hore liboko li tle ho bona;
19 ’Me maleme a bona a tla thibeloa hore a se ke a bua khahlanong le ’na; le nama ea bona e tla oa masapong a bona, le mahlo a bona a tsoe mesebeng a oona;
20 ‘Me ho tla etsahala hore libata tsa moru le linonyana tsa leholimo li tla ba harola.
21 ’Me kereke e kholo ’me e manyala, e leng seotsoa sa lefats’e lohle, e tla lahleloa fats’e ka mollo o timetsang, ho latela joaloka ha e builoe ka molomo oa moporofeta Ezekiele, ea buileng ka lintho tsena, tse e-so etsahale tseo ka sebele li tlamehang ho etsahala, joaloka ha ke phela, hobane manyala a ke ke a rena.
22 ‘Me hape, kannete-nete, ke re ho lona, ha lilemo tse sekete li fela, ‘me batho ba ba boela ba qala ho latola Molimo oa bona, joale ke tla baballa lefats’e empa ha nakoana feela;
23 ‘Me qetello e tla tla, ’me leholimo le lefats’e li tla chesoa ‘me li tla feta, ’me ho tla ba le leholimo le lecha le lefats’e le lecha.
24 Hobane lintho tsohle tsa khale li tla feta, ’me lintho tsohle li tla fetoha tse ncha, esita le leholimo le lefats’e, le bophetheho bohle ba tsona, ka bobeli batho le libatana, linonyana tsa leholimo, le litlhapi tsa leoatle;
25 ‘Me ha ho moriri o le mong, leha e le phatsa, e tla lahleha, hobane ke mosebetsi oa letsoho la ka.
26 Empa, bonang, kannete ke re ho lona, pele lefats’e le feta, Mikaele, arekangeloi oa ka, o tla letsa terompeta ea hae, ’me ebe bohle ba shoeleng ba tla tsoha, hobane mabitla a bona a tla buleha, ’me ba tla tsoha—ee, esita le bohle.
27 ’Me ba lokileng ba tla bokelloa ka letsohong la ka le letona ho isa bophelong bo sa feleng; ’me ba khopo ka letsohong le lets’ehali bao ke tlang ho soabela ho ba bitsa ba ka ka pele ho Ntate;
28 Ka baka leo, ke tla re ho bona—Tlolang ho ‘na, ba rohakehileng, le ee mollong o sa feleng, o lokiselitsoeng diabolose le mangeloi a hae.
29 ’Me joale, bonang, ke re ho lona, le ka motsotso ha ke so phatlatse ka molomo oa ka hore ba lokela ho khutlela, hobane moo ke leng teng, ba sitoa ho tla, hobane ha ba na matla.
30 Empa hopolang hore likahlolo tsa ka tsohle ha lia fanoa ho batho; ’me joaloka ha mantsoe a tsoa molomong oa ka, ka tsela eo a tla phethahala, hore ba pele e tla ba ba morao, le hore ba morao e tla ba ba pele ho tsohle tseo ke li entseng ka lentsoe la matla a ka, e leng matla a Moea oa ka.
31 Hobane ka matla a Moea oa ka ke ba bopile; ee, tsohle tsa Moea le tsa nama—
32 Tsa pele ka moea, tsa bobeli ka nama, e leng qalo ea mosebetsi oa ka; ‘me hape, tsa pele ka nama, ‘me tsa bobeli ka moea, e leng tsa ho qetela tsa mosebetsi oa ka—
33 Ke bua le lona hore le tle le utloisise ka tlhaho; empa ho ‘na mesebetsi ea ka ha e na qalo kapa qetello, empa ho lona ho fanoe hore le utloisise, hobane ka tumellano le e kopile ho ‘na.
34 Ka baka leo, kannete ke re ho lona, lintho tsohle ho ‘na ke tsa moea, ’me ha ho mohla ke ileng ka le fa molao oo e neng e le oa nakoana; leha e le ho motho ofe kapa ofe, kapa ho bana ba batho; leha e le ho Adama, ntat’a lona, eo ke mo bopileng.
35 Bonang, ke mo file hore e be moemeli oa hae ka bo-eena; ’me ke mo file taelo, empa ha ho taelo ea nakoana eo ke mo fileng eona, hobane litaelo tsa ka ke tsa moea; ha se tsa tlhaho kapa tsa nakoana, leha e le tsa nama kapa tsa litakatso tsa nama.
36 ’Me ha etsahala hore Adama, a lekoe ke Diabolosi—hobane, bonang, Diabolosi o ne a le teng pele ho Adama, hobane o ile a mphetohela, a re, Mphe khanya ea hau, eo e leng matla aka; ’me hape karolo ea boraro ea makhotla a leholimo o ile a e khelosa ho ’na ka lebaka la boikhethelo ba bona;
37 ‘Me ba ile ba lelekeloa tlase, ‘me ke joana ho tlileng diabolose le mangeloi a hae;
38 ’Me, bonang, ho na le sebaka seo ba se lokiselitsoeng ho tloha ts’imolohong, seo eleng lihele.
39 ’Me ho ne ho hlokahala hore diabolosi a leke bana ba batho, kapa ba ne ba ke ke ba e-ba baemeli ba bona ka bo-bona; hobane haeba ba ne ba sa ka ba tseba se babang, ba ne ba ke ke ba tseba se monate.
40 Ka baka leo, ho ile ha etsahala hore diabolose a leke Adama, ‘me a ja tholoana e thibetsoeng ‘me a tlola taelo, ka hona a ba tlas’a thato ea diabolose, hobane o ile a inehela molekong.
41 Ka baka leo, ’na, Morena Molimo, ke ile ka etsa hore a lelekoe Ts’imong ea Edene, a tlosoe ka pele ho ‘na, ka lebaka la ts’ito ea hae, eo ka eona a ileng a shoa moeeng, e leng lefu la pele, esita le lona lefu leo e leng la ho qetela, leo e leng la moea, leo le tlang ho phatlalatsoa holim’a ba khopo ha ke tla re: Tlohang, lona ba rohakehileng.
42 Empa, bonang, ke re ho lona hore ’na, Morena Molimo, ke file Adama le peo ea hae hore ba se ke ba shoa ka lefu la nakoana, ho fihlela ’na, Morena Molimo, ke romela mangeloi ho ba bolella ka pako le topollo, ka tumelo lebitsong la Mora oa ka ea Tsoetsoeng A ‘Inots’i.
43 ’Me ke joana ‘na, Morena Molimo, ke ileng ka beha ho motho matsatsi a tekolo ea hae—hore ka lefu la hae la tlhaho a ke tsosetsoe bophelong ba ho se shoe ho ea ho bophelong ba bosafeleng, esita le joaloka ha ba bangata ba tla lumela;
44 ’Me bao ba sa lumeleng ho timelo ea bosafeleng; hobane ba sitoa ho lopolloa ho hooa ha bona moeeng, hobane ha ba bake;
45 Hobane ba rata lefifi ho feta leseli, ’me mesebetsi ea bona ke e mebe, ’me ba fumana moputso oa bona ho eo ba khethang ho mo mamela.
46 Empa bonang, ke re ho lona, bana ba banyenyane ba lopolloa ho tloha motheong oa lefats’e ka oa ka ea Tsoetsoeng A ‘Inots’i;
47 Ka kaba leo, ba ke ke ba etsa sebe, hobane Satane ha a fuoa matla a ho leka bana ba banyenyane, ho fihlela ba qala ho ba le boikarabello ka pele ho ‘na;
48 Hobane ho fanoe ho bona esita le joaloka ha ke batla, ho latela thato ea ka, hore lintho tse kholo li ka hlokahala letsohong la bo-ntat’a bona.
49 ‘Me, hape, ke re ho lona, hore mang kapa mang ea nang le tsebo, na ha kea mo laela hore a bake?
50 ’Me eo ea se nang kutloisiso, ho ntse ho le ho ‘na ho etsa ho latela joaloka ha ho ngotsoe. ‘Me joale ha ke phatlalatse ho feta mona ka nako ena. Amen.