Karolo ea 25
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Harmony, Pennsylvania ka Phupu 1830 (bona sehlooho sa karolo ea 24). Ts’enolo ena e bonahatsa thato ea Morena ho Emma Smith, eo e leng mosali oa moporofeta.
1–6, Emma Smith, mofumahali ea khethiloeng, o bitsetsoa ho thusa le ho ts’ehetsa monna oa hae; 7–11, O bitsetsoa hape ho ngola, ho manolla mangolo a halalelang le ho khetha lifela; 12–14, Pina ea ea lokileng ke thapelo ho Morena; 15–16, Metheo ea ho mamela ts’enolong ena e sebetsa ho bohle.
1 Mamela lentsoe la Morena Molimo oa hau, ha ke bua le uena, Emma Smith, morali oa ka; hobane kannete ke re ho uena, bohle ba fumanang evangeli ea ka, ke bara le barali ba ka ‘musong oa ka.
2 Ts’enolo ena ke e fa uena malebana le thato ea ka; ’me haeba u tla ts’epahala le ho tsamaea litseleng tsa bokhabane ka pele ho ’na, ke tla boloka bophelo ba hau ’me u tla fumana lefa Sione.
3 Bona, libe tsa hau li ts’oaretsoe, ’me ke uena mofumahali ea khethiloeng eo ke mo bitsitseng.
4 U se ke ua tletleba ka lebaka la lintho tseo u sitiloeng ho li bona, hobane li hanetsoe ho uena le ho lefats’e, e leng bohlale ho ‘na ka nako e tlang ho tla.
5 ‘Me ofisi ea pitso ea hau e tla ba bakeng sa mats’eliso ho mohlanka oa ka Joseph Smith, monna oa hau, mahlomoleng a hae ka mantsoe a ts’elisang, ka moea oa boikokobetso.
6 ‘Me u tla tsamaea le eena nakong ea ha a tsamaea ‘me ho eena u be mongoli, ha ho sena e mong eo e ka bang mongoli bakeng sa hae, hore nke ke rome mohlanka oa ka Oliver Cowdery, kae kapa kae moo ke batlang.
7 ‘Me u tla behoa matsoho ka tlas’a letsoho la hae ho manolla mangolo a halalelang, le ho khothatsa kereke, ho latela kamoo u tlang ho fuoa ka teng ke Moea oa ka.
8 Hobane o tla beha matsoho a hae holim’a hau ’me u tla fumana Moea o Halalelang, ‘me nako ea hau e tla neheloa ho ngoleng le ho ithuteng haholo.
9 ‘Me ha ho hlokahale hore u ts’abe hobane monna oa hau o tla u ts’ehetsa ka kerekeng; hobane ho bona ke pitso ea hae, hore lintho tsohle li ke li senoloe ho bona, eng kapa eng eo ke e batlang ho latela tumelo ea bona.
10 ‘Me kannete ke re ho uena hore u tla beha ka thoko lintho tsa lefats’e lena ‘me u batle lintho tse molemo.
11 ‘Me ho tla fanoa ho uena hape, ho etsa khetho ea lifela tse halalelang, joaloka ha ho tla fanoa ho uena, tseo tse khahlisang ho ‘na hore li be teng ka kerekeng ea ka.
12 Hobane moea oa ka o thabela pina ea pelo; ee, pina ea ba lokileng ke thapelo ho ‘na, ‘me e tla arabeloa ka tlhohonolofatso holim’a lihlooho tsa bona.
13 Ka baka leo, phahamisa pelo ea hau ‘me u nyakalle, ‘me u khoramele ho lilekane tseo u li entseng.
14 Tsoelapele ka moea oa boikokobetso, ‘me u hlokomele boikhomoso. Lumella moea oa hau o thabele monna oa hau, le khanya eo e tlang ho tla holim’a hae.
15 Boloka litaelo tsa ka u kamehla ‘me moqhaka oa ho loka u tla u fumana. ‘Me ntle le hore u etse sena, moo ke leng teng u tla u ke ke oa tla.
16 ’Me kannete-nete, ke re ho uena, hore lena ke lentsoe la ka ho bohle. Amen.