Karolo ea 12
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho Joseph Knight Sr., Harmony, Pennsylvania, ka Mots’eanong 1829. Joseph Knight o ile a lumela liphatlalatso tsa Joseph Smith malebana le ho ba le matlapa a Buka ea Mormone le mosebetsi oa phetolelo o neng o tsoelapele ka nako eo ’me makhetlo a mangata o ile a fana ka thuso ea thepa ho Joseph Smith le ho mongoli oa hae, e ileng ea ba nolofaletsa hore ba tsoelepele ho fetolela. Ka kopo ea Joseph Knight, Moporofeta o ile a botsa Morena ’me a fumana ts’enolo ena.
1–6, Basebetsi ts’imong ea morara ba lokela ho fumana poloko; 7–9, Bohle ba lakatsang ’me ba ts’oaneleha ba ka thusa mosebetsing oa Morena.
1 Mosebetsi o moholo o tsotehang o haufi le ho tla har’a bana ba batho.
2 Bona, ke ’na Molimo; mamela lentsoe la ka, le potlakang ’me le matla, le bohale ho feta sabole e leolitsoeng ka nqa tse peli, ho arola ka lehare manonyeletso le ’moko; ka baka leo, mamela lentsoe la ka.
3 Bona, ts’imo e ts’oeu e loketse kotulo; ka baka leo, mang kapa mang ea lakatsang ho kotula, mo lumelleng a kenye sekele ea hae ka matla a hae, ’me a kotule ha letsatsi le sa le teng, hore a ke a boloke bakeng sa moea oa hae poloko e sa feleng ’musong oa Molimo.
4 Ee, mang kapa mang ea tla kenya sekele ea hae ’me a kotule, ea joalo ke ea bitsoang ke Molimo.
5 Ka baka leo, haeba u tla kopa ho ’na, u tla fumana; haeba u tla kokota, u tla buleloa.
6 Joale, joaloka ha u kopile, bona, ke re ho uena, boloka litaelo tsa ka, ’me u batle ho tlisa le ho theha morero oa Sione.
7 Bona, ke bua ho uena, hape le ho bohle ba nang le litakatso tsa ho tlisa le ho theha mosebetsi oona;
8 ’Me ha ho motho ea ka thusang mosebetsing oona ntle le hore e be ea ikokobelitseng, ea tletseng lerato, a e-na le tumelo, ts’epo le lerato la sebele, a na le boits’oaro linthong tsohle, eng kapa eng e tlang ho ts’epeloa tlhokomelong ea hae.
9 Bona, ke ’na leseli le bophelo ba lefats’e ea buang mantsoe ana, ka baka leo, mamela ka hloko le ka sefutho sa hau, ’me joale ebe ua bitsoa. Amen.