Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 8


Karolo ea 8

Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho Oliver Cowdery, Harmony, Pennsylvania, ka ’Mesa 1829. Nakong ea phetolelo ea Buka ea Mormone, Oliver Cowdery ea neng a ntse a tsoelapele ho sebeletsa e le mongoli, a ngola seo a se bitsetsoang ke moporofeta, o ne a lakatsa ho hlohonolofatsoa ka neo ea ho fetolela. Morena o ile a araba thapeli ea hae ka ho fana ka ts’enolo ena.

1–5, Ts’enolo e tla ka matla a Moea o Halalelang; 6–12, Tsebo ea liphiri tsa Molimo le matla a ho fetolela lingoliloeng tsa khale e tla ka tumelo.

1 Oliver Cowdery, kannete-nete, ke re ho uena, ruri joaloka ha Morena a phela, eo e leng Molimo ua hau le Molopolli ua hau, esita le ha hole joalo kannete, u tla fumana tsebo ea lintho tsohle tseo u tla li kopa ka tumelo, ka pelo e ts’epahalang, u lumela hore u tla fumana tsebo malebana le lingoliloeng tsa khale, tseo e leng tsa khale-khale, tse ts’etseng mangolo a ka a halalelang a builoeng ka ponahatso ka Moea oa ka.

2 Ee, bona, ke tla u joetsa mohopolong ua hau le pelong ea hau, ka Moea o Halalelang, oo o tlang ho tla ho uena ’me o tlang ho lula pelong ea hau.

3 Joale, bona, hona ke moea oa ts’enolo; bona, hona ke moea oo Moshe a ileng a tlisa bana ba Iseraele hore ba tsamaee har’a Leoatle le Lefubelu mobung o omileng.

4 Ka baka leo, ena ke neo ea hau; e sebelise, ’me u lehlohonolo, hobane e tla u pholosa matsohong a lira tsa hau, ha ho se joalo, ba ne ba ka u bolaea ’me ba tlisa moea ua hau timelong.

5 Oho, hopola mantsoe ana, ’me boloka litaelo tsa ka. Hopola, ena ke neo ea hau.

6 Joale ena ha se neo eohle ea hau; hobane u na le neo e ’ngoe, e leng neo ea Aarone; bona, e u bolelletse lintho tse ngata.

7 Bona, ha ho matla a mang, ntle le matla a Molimo, a ka etsang hore neo ena ea Aarone e be le uena.

8 Ka baka leo, u se ke ua belaela, hobane ke neo ea Molimo; ’me u tla e ts’oara ka matsoho a hau, ’me u tla etsa mesebetsi e tsotehang; ’me ha ho matla a ka e nkang matsohong a hau, hobane ke mosebetsi oa Molimo.

9 ’Me ka baka leo, eng kapa eng eo u tla nkopa eona hore ke u bolelle ka tsela eo, ke tla u fa eona, ’me u tla ba le tsebo malebana le eona.

10 Hopola hore ntle le tumelo u ke ke ua etsa letho; ka baka leo, kopa ka tumelo. U se ke ua saooa ka lintho tsena; u se ke ua kopa seo u sa lokelang ho se kopa.

11 Kopa hore u ke u tsebe liphiri tsa Molimo, le hore u ke fetolele le ho fumana tsebo e tsoang ho lingoliloeng tsohle tsa khale-khale tse neng li patiloe, tse halalelang; ’me ho latela tumelo ea hau, ho tla etsoa ho uena.

12 Bona, ke ’na ea e buileng; ’me ke ’na ea ts’oanang ea buileng le uena ho tloha qalong. Amen.