Karolo ea 23
Letoto la ts’enolo tse hlano tse fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, Manchester, New York, ka ‘Mesa 1830, ho Oliver Cowdery, Hyrum Smith, Samuel H. Smith, Joseph Smith Sr., le Joseph Knight Sr. Ka lebaka la takatso e tiileng ka lehlakoreng la batho ba bahlano ba boletsoeng, ho tseba ka mesebetsi ea bona ka ho fapana, Moporofeta o ile a botsa Morena ’me a fumana ts’enolo bakeng sa e mong le e mong.
1–7, Barutuoa bana ba pele ba bitselitsoe ho ruta, ho eletsa, le ho matlafatsa Kereke.
1 Bona, ke bua ho uena, Oliver, mantsoe a ’maloa. Bona, u hlohonolofalitsoe, ‘me ha u tlas’a kahlolo. Empa ela hloko boikhohomoso, esere ua kena molekong.
2 Tsebahatsa pitso ea hau ho kereke, ‘me hape le ka pele ho lefats’e, ’me pelo ea hau e tla buleha ho ruta ’nete ho tloha joale le ka ho sa feleng. Amen.
3 Bona, ke bua ho uena, Hyrum, mantsoe a ‘maloa; hobane le uena ha u tlasa kahlolo, ‘me pelo ea hau e bulehile, le leleme la hau le rarolotsoe; ‘me pitso ea hau ke ho eletsa, le ho matlafatsa kereke kamehla. Ka baka leo mosebetsi oa hau ke oa kereke ka ho sa feleng, ‘me sena ke ka lebaka la lelapa la hau. Amen.
4 Bona, ke bua ho uena mantsoe a ’maloa, Samuel; hobane le uena ha o tlasa kahlolo, ‘me pitso ea hau ke ho eletsa, le ho matlafatsa kereke; ‘me ha u so bitsoe ho ruta ka pele ho lefats’e. Amen.
5 Bona, ke bua ho uena mantsoe a ‘maloa, Joseph; hobane le uena ha u tlasa kahlolo, ‘me mosebetsi oa hau ke ho eletsa le ho matlafatsa kereke; ‘me sena ke boikarabello ba hau ho tloha joale ho ea ka ho sa feleng. Amen.
6 Bona, ke iponahatsa ho uena, Joseph Knight, ka mantsoe a ‘maloa, hore u lokela ho nka sefapano sa hau, seo ho sona u tlamehang ho rapela ka ho bua ka pele ho lefats’e ho kenyeletsa le lekunutung, le ka lapeng la hau, le har’a metsoalle ea hau, le libakeng tsohle.
7 ‘Me, bonang, ke boikarabelo ba lona ho ikopanya le kereke ea ‘nete, le ho fana ka puo ea lona ho eletsa kamehla, hore le tle le amohele moputso oa ea sebetsang. Amen.