Karolo ea 32
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith ho Parley P. Pratt le Ziba Peterson, Manchester, New York, qalong ea Mphalane 1830. Thahasello e kholo le litakatso li ile tsa utluoa ke baholo mabapi le Ba-Lamane, bao litlhohonolofatso tsa bona li boletsoeng pele tseo Kereke e ithutileng ho tsoa Bukeng ea Mormone. Ka lebaka leo, thapeli e ile ea etsoa hore Morena a ke a bonts’e thato ea hae malebana le hore na baholo ba tle ba romeloe nakong eo ho meloko ea Ma-India ka Bophirima. Ts’enolo ena ea latela.
1–3, Parley P. Pratt le Ziba Peterson ba bitsetsoa ho ruta ho Ba-Lamane le ho felehetsa Oliver Cowdery le Peter Whitmer Jr.; 4–5, Ba lokela ho rapela bakeng sa kutloisiso ea mangolo a halalelang.
1 ‘Me joale malebana le mohlanka oa ka Parley P. Pratt, bona, ke re ho eena hore joaloka ha ke phela ke thato ea ka hore o tla phatlalatsa evangeli ea ka ‘me a ithute ka ’na, ’me a be mosa le pelo-nolo.
2 ‘Me seo ke se khethetseng eena ke hore o tla tsamaea le bahlanka baka, Oliver Cowdery le Peter Whitmer Jr., lefelleng har’a Ba-Lamane.
3 ‘Me Ziba Peterson hape o tla tsamaea le bona; ‘me ‘na ka bo-nna ke tla tsamaea le bona le ho ba ka hare ho bona; ‘me ke ‘na ‘muelli oa bona ho Ntate, ‘me ha ho letho le tla hlola khahlanong le bona.
4 ‘Me ba tla mamela seo se ngotsoeng, ‘me ba se ke ba iketsa eka ba na le ts’enolo e ’ngoe; ‘me ba tla rapela kamehla hore nke ke manolle se ts’oanang kutloisisong ea bona.
5 ‘Me ba tla mamela mantsoe ana, ‘me ba se ke ba saooa, ’me ke tla ba hlohonolofatsa. Amen.