Mangolo a halalelang
Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 6


Karolo ea 6

Ts’enolo e fanoeng ho Moporofeta Joseph Smith le Oliver Cowdery, Harmony, Pennsylvania, ka ’Mesa 1829. Oliver Cowdery o ile a qala mesebetsi ea hae joaloka mongoli phetolelong ea Buka ea Mormone, ka la 7 ’Mesa 1829. O ne a se ntse a ile a amohela ponahatso ea maholimo ea bonnete ba bopaki ba moporofeta malebana le matlapa ao ho ona ho neng ho ngotsoe lingoliloeng tsa Buka ea Mormone. Moporofeta o ile a botsa ho Morena ka Urime le Thummime ’me a fumana karabo ena.

1–6, Basebetsi ts’imong ea Morena ba fumana poloko; 7–13, Ha ho na neo e fetang neo ea poloko; 14–27, Bopaki ba ’nete bo tla ka matla a Moea; 28–37, Shebang ho Kreste ’me le tsoelepele ho etsa botle.

1 Mosebetsi o moholo ’me o tsotehang o haufi le ho tla har’a bana ba batho.

2 Bonang, ke Molimo; mamelang lentsoe la ka, le potlakang ’me le matla, le bohale ho feta sabole e leolitsoeng ka nqa tse peli, ho arola ka lehare manonyeletso le ’moko ka bobeli; ka baka leo mamelang mantsoe a ka.

3 Bonang, ts’imo e ts’oeu e loketse kotulo; ka baka leo, mang kapa mang ea lakatsang ho kotula, mo leseng a kenye sekele ea hae ka matla a hae, ’me a kotule ha letsatsi le sa chabile, hore a ke a boloke bakeng sa moea oa hae poloko e sa feleng ’musong oa Molimo.

4 Ee, mang kapa mang ea tlang ho kenya sekele ea hae ’me a kotule, ea joalo ke ea bitsoang ke Molimo.

5 Ka baka leo, haeba le tla kopa ho ’na le tla fuoa; haeba le tla kokota le tla buleloa.

6 Joale, joaloka ha le kopile, bonang, ke re ho lona, bolokang litaelo tsa ka, ’me le batle ho tlisa le ho theha morero oa Sione;

7 Le se ke la batla maruo empa le batle bohlale, ’me bona, liphiri tsa Molimo li tla manolla ho lona, ’me e be le tla etsoa barui. Bona, ea nang le bophelo ba bosafeleng ke morui.

8 Kannete-nete, ke re ho uena, esita le joaloka ha u batla ho ’na le joale ho tla ba joalo ho uena; ’me haeba u lakatsa, u tla ba mokhoa oa ho etsa molemo o mongata molokong ona.

9 U se bolele letho ntle le pako molokong ona; boloka litaelo tsa ka, ’me u thuse ho nts’etsa pele mosebetsi oa ka, ho latela litaelo tsa ka, ’me u tla hlohonolofatsoa.

10 Bona u na le neo, ’me u lehlohonolo ka lebaka la neo ea hau. Hopola hore e ea halalela ’me e tla ho uena ho tsoa holimo—

11 ’Me haeba u tla botsa, u tla tseba liphiri tse kholo tse tsotehang; ka baka leo u tla sebelisa neo ea hau, hore u ke u tsebe liphiri, hore u ke u tlise ba bangata tsebong ea ’nete, ee, u ba kholise ka ho fosahala ha litsela tsa bona.

12 U se ke ua etsa hore neo ea hau e tsejoe ntle le ho bao e leng ba tumelo ea hau. U se ke ua saooa ka lintho tse halalelang.

13 Haeba u tla etsa botle, ee, ’me u ts’oare ka bots’epehi ho isa qetelong, u tla bolokoa ’musong oa Molimo, seo e leng neo e kholo-kholo ea lineo tsohle tsa Molimo; hobane ha ho na neo e fetang neo ea poloko.

14 Kannete-nete, ke re ho uena, u lehlohonolo ka lebaka la seo u se entseng; hobane u mpotsitse, ’me bona, hangata kamoo u ileng ua botsa u fumane taelo ka Moea oa ka. Haeba ho ne ho se joalo, u ne u ke ke ua tla sebakeng sena seo u leng ho sona ka nako ena.

15 Bona, uena ua tseba hore u ile ua mpotsa ’me ke ile ka chabisetsa kelello ea hau; ’me joale ke u bolella lintho tsena hore u ke u tsebe hore u chabiselitsoe ka Moea oa ’nete.

16 Ee, kea u bolella, hore u ke u tsebe hore ha ho na e mong hape ntle le Molimo ea tsebang mehopolo ea hau le maikemisetso a pelo ea hau.

17 Ke u bolella lintho tsena e le bopaki ho uena—hore mantsoe kapa mosebetsi oo u neng u ntse u o ngola ke ’nete.

18 Ka baka leo eba mafolofolo; ema le mohlanka oa ka Joseph, ka bots’epehi, maemong afe kapa afe a thata ao a ka bang ho ’ona molemong oa lentsoe.

19 U mo eletse liphosong tsa hae, ’me hape u amohele likeletso tsa hae. U mamelle; u hlaphoheloe; u be le boits’oaro; u be le mamello, tumelo, ts’epo le lerato la sebele.

20 Bona, ke uena Oliver, ’me ke buile le uena ka lebaka la litakatso tsa hau; ka baka leo boloka mantsoe ana pelong ea hau. Ts’epahala ’me u be mafolofolo ho boloka litaelo tsa Molimo, ’me ke tla u sika ka har’a liatla tsa ka tsa lerato.

21 Bona, ke ’na Jesu Kreste, Mor’a Molimo. Ke ’na ea ts’oanang ea ileng a tla ho ba ka, ’me ba ka ba sitoa ho nkamohela. Ke leseli le khanyang lefifing, ’me lefifi le sitoa ho le utloisisa.

22 Kannete-nete, ke re ho uena, haeba u batla bopaki bo fetang, hopola bosiu bane boo u ileng ua bitsa ho ’na ka pelong ea hau, hore u ke u tsebe malebana le ’nete ea lintho tsena.

23 Na ha kea ka ka bolela khotso kelellong ea hau malebana le taba eo? Ke bopaki bo feng bo fetang boo u ka bang le bona ho feta ho tsoa ho Molimo?

24 ’Me joale, bona, u fumane bopaki; hobane haeba ke u bolelletse lintho tseo ho seng motho ea li tsebang na ha ua fumana bopaki?

25 ’Me, bona, ke u fa neo, haeba u e batla ho ’na, ho fetolela, esita le joaloka mohlanka oa ka Joseph.

26 Kannete-nete, ke re ho uena, hore ho na le lingoliloeng tse ts’etseng boholo ba evangeli ea ka, tse patiloeng ka lebaka la bokhopo ba batho;

27 ’Me joale kea u laela, hore haeba u na le litakatso tse ntle—takatso ea ho ipolokela matlotlo leholimong—teng u tla thusa ka ho tlisa leseling, ka neo ea hau, likarolo tseo tsa mangolo a ka a halalelang tse ileng tsa patoa ka lebaka la bokhopo.

28 ’Me joale, bona, ke fana ho uena, ’me hape le ho mohlanka oa ka Joseph, linotlolo tsa neo ena, eo e tlang ho tlisa bosebeletsi bona; ’me ka molomo oa ba babeli kapa ba bararo lentsoe le leng le le leng le tla thehoa.

29 Kannete-nete, ke re ho uena, haeba ba latola mantsoe a ka, le karolo ena ea evangeli le bosebeletsi ba ka, ho lehlohonolo lona, hobane ba ke ke ba hlola ba etsa ho lona ho feta kamoo ba entseng ho ’na.

30 ’Me le haeba ba etsa ho lona esita le joaloka ha ba ile ba etsa ho ’na, le lehlohonolo, hobane le tla lula le ’na khanyeng.

31 Empa haeba ba sa latole mantsoe a ka, a tlang ho thehoa ka bopaki bo tlang ho fanoa, ho lehlohonolo bona, ’me joale le tla fumana nyakallo litholoaneng tsa mesebetsi ea lona.

32 Kannete-nete, ke re ho lona, joaloka ha ke ile ka bolela ho barutuoa ba ka, moo ba babeli kapa ba bararo ba kopaneng hammoho ka lebitso la ka, malebana le ntho e le ’ngoe, bonang, moo ke tla ba teng har’a bona—esita le joaloka ha ke le har’a lona.

33 Le se ke la ts’aba ho etsa botle, bara ba ka, hobane eng kapa eng eo le e jalang, le tla boela le e kotula; ka baka leo, haeba le jala botle le tla kotula botle bakeng sa moputso oa lona.

34 Ka baka leo, le se ke la ts’aba, mohlape o monyenyane; etsang botle; tlohelang lefats’e le lihele li kopane khahlanong le lona, hobane haeba le ahiloe holim’a lefika la ka, li tla sitoa ho hlola.

35 Bonang, ha ke le ahlole; tsamaeang ka litsela tsa lona ’me le se hlole le etsa sebe; etsang ka tieo mosebetsi oo ke le laetseng oona.

36 Shebang ho ’na ka mohopolo o mong le o mong; le se ke la belaela, le se ke la ts’aba.

37 Bonang maqeba a hlabileng lehlakore la ka, hape le maqeba a lipekere matsohong le maotong a ka; ts’epahalang, bolokang litaelo tsa ka, ’me le tla ja lefa ’musong oa maholimo. Amen.