Karolo ea 4
Ts’enolo e fanoeng ka moporofeta Joseph Smith ho ntat’ae, Joseph Smith Sr., Harmony, Pennsylvania, ka Hlakola 1829.
1–4, Bosebeletsi bo sebete bo pholosa bahlanka ba Morena; 5–6, Lits’obotsi tsa bomolimo li etsa hore ba ts’oanelehe bakeng sa boruti; 7, Lintho tsa Molimo li lokela ho batloa.
1 Joale bonang, mosebetsi o tsotehang o haufi le ho tla har’a bana ba batho.
2 Ka baka leo, lona ba kenang bosebeletsing ba Molimo, bonang hore le mo sebeletsa ka lipelo tsa lona tsohle, le ka sefutho sohle, le ka mehopolo eohle le ka matla ’ohle a lona, e le hore le tle le eme le se na sekoli ka pele ho Molimo ka letsatsi la ho qetela.
3 Ka baka leo, haeba le na le litakatso tsa ho sebeletsa Molimo le bitsetsoa mosebetsing;
4 Bonang ts’imo e ts’oeu e loketse kotulo; ’me bona, ea kenyang sekele ea hae ka sefutho, ea joalo ke eena ea ipolokang hore a se ke a timela, empa o tlisa pholoho ho moea oa hae.
5 ’Me tumelo, ts’epo, lerato la sebele, le lerato, ka leihlo le le leng tlotlisong ea Molimo, li mo lokisetsa mosebetsi.
6 Hopola tumelo, bokhabane, tsebo, boits’oaro, mamello, lerato la boena, bomolimo, lerato la sebele, boikokobetso, mafolofolo.
7 Kopa, ’me u tla fuoa; kokota, ’me u tla buleloa. Amen.