Karolo ea 14
Ts’enolo e fanoeng ka Moporofeta Joseph Smith, ho David Whitmer Fayette, New York ka Phuptjane 1829. Lelapa la Whitmer le ne le na le khahleho e kholo phetotelong ea Buka ea Mormone. Moporofeta o ne a thehile lehae la hae lapeng la Peter Whitmer Sr., moo a ileng a lula ho fihlela mosebetsi oa phetotelo o fihlile pheletsong ’me le tumello ea ho qopitsa buka e neng e ntse e tla e ts’irelelitsoe. Bara ba bararo ba Whitmer bao ka bonngoe ba neng ba fumane bopaki ba sebele ba mosebetsi oona ba ile ba ba le ngongoreho e tebileng holim’a mosebetsi oa bona ka bo-mong. Ts’enolo ena le tse peli tse latelang (likarolo tsa 15 le 16) li ile tsa fanoa e le karabo ho potso e entsoeng ka Urime le Thummime. Hamorao David Whitmer o ile a fetoha e mong oa Lipaki tse Tharo tsa Buka ea Mormone.
1–6, Basebetsi ba ts’imong ea morara ba tla fumana poloko; 7–8, Bophelo ba bosafeleng ke mpho e kholo-kholo ea limpho tsa Molimo; 9–11, Kreste o bopile maholimo le lefats’e.
1 Mosebetsi o moholo o tsotehang o haufi le ho tla ho bana ba batho.
2 Bona, ke ’na Molimo; mamela lentsoe la ka le potlakang ’me le matla, le bohale ho feta sabole e leolitsoeng ka nqa tse peli ho arola ka lehare manonyeletso le ’moko; ka baka leo, mamela lentsoe la ka.
3 Bona, ts’imo e tsoeu e loketse kotulo; ka baka leo, mang kapa mang ea lakatsang ho kotula mo lumelle a kenye sekele ea hae ka sefutho sa hae ’me a kotule ha letsatsi le sa chabile hore a tle a boloke bakeng sa moea oa hae poloko e sa feleng ’musong oa Molimo.
4 Ee, mang kapa mang ea tla kenya sekele ea hae ho kotula, ea joalo o bitsoa ke Molimo.
5 Ka baka leo, haeba u tla kopa ho ’na, u tla fuoa; haeba u tla kokota, u tla buleloa.
6 Batla ho tlisa le ho theha Sione ea ka. Boloka litaelo tsa ka linthong tsohle.
7 ’Me haeba u boloka litaelo tsa ka le ho mamella ho isa qetellong u tla ba le bophelo ba bosafeleng, boo e leng mpho e kholo-kholo ho limpho tsohle tsa Molimo.
8 ’Me ho tla etsahala, hore haeba u tla kopa ho Ntate ka lebitso la ka, ka tumelo u lumela, u tla fuoa Moea o Halalelang oo o fanang ka ts’usumetso hore u tle u eme u le paki ea lintho tseo u tlang ho li utloa le ho li bona le hape le hore u ke u phatlalatse pako molokong oona.
9 Bona, ke ’na Jesu Kreste, Mora oa Molimo ea phelang, ea bopileng maholimo le lefats’e, leseli le ke keng la patoa ke lefifi;
10 Ka baka leo, ke tlameha ho tlisa evangeli ea ka e feletseng ho tsoa ho Balichaba ho ea ntlong ea Iseraele.
11 ’Me bona, ke uena David, ’me ke uena ea bitsoang ho thusa; ntho eo haeba u e etsa ’me u ts’epahala, u tla hlohonolofatsoa ka bobeli moeeng le nameng, ’me moputso o moholo e tla ba ua hau. Amen.