Khaolo ea 1Moroni o khutsufatsa lingoliloeng tsa Ethere—Lesika la Ethere lea hlalosoa—Puo ea Ba-Jarede ha e ferekanngoe Toreng ea Babele—Morena o ts’episa ho ba etella ho ea lefats’eng le khethehileng le ho ba etsa sechaba se seholo. Khaolo ea 2Ba-Jarede ba lokisetsa leeto la bona ho ea lefats’eng la pallo—Ke lefats’e le khethehileng moo ho lona batho ba tlamehang ho sebeletsa Kreste kapa ba fieloe—Morena o bua le moholoane oa Jarede bakeng sa lihora tse tharo—Ba-Jarede ba aha likepe—Morena o botsa moholoane oa Jarede ho sisinya hore na likepe tseo li tla khants’oa joang. Kahaolo ea 3Moholoane oa Jarede o bona monoana oa Morena ha a thetsa majoe a leshome le metso e ts’eletseng—Kreste o iponahatsa ka ‘mele oa hae oa moea ho moholoane oa Jarede—Ba nang le tsebo e phethahetseng ba sitoa ho bolokoa ka har’e ho lesira—Ho fanoa ka lifetoleli ho tlisa lingoliloeng tsa Ba-Jarede khanyeng. Khaolo ea 4Moroni o laeloa ho tiisa lingoliloeng tsa moholoane oa Jarede—Ha li na ho senoloa hofihlela batho ba e-ba le tumelo esita le joaloka moholoane oa Jarede—Kreste o laela batho ho lumela ho mantsoe a hae le ho a barutuoa ba hae—Batho ba laeloa ho baka, ho lumela evangeli, le ho pholosoa. Khaolo ea 5Lipaki tse tharo le mosebetsi ka bo ona li ema e le bopaki ba bonnete ba Buka ea Mormone. Khaolo ea 6Likepe tsa Ba-Jarede li khannoa ke moea ho ea lefats’eng la pallo—Batho ba rorisa Morena bakeng sa molemo oa hae—Oriha o khethoa ho ba morena holim’a bona—Jarede le moholoane oa hae ba shoa. Khaolo ea 7Oriha o busa ka ho loka—Har’a bokhopo le liqabang, mebuso ea ba lireng ea Shule le Cohore e ea thehoa—Baporofeta ba nyatsa bokhopo le borapeli ba lits’oants’o ha sechaba, seo joale se bakang. Khaolo ea 8Ho na le liqabang le likhang holim’a puso—Akishe o theha liketso tsa sekhukhu tse tlamang ka kano ho bolaea morena—Liketso tsa sekhukhu ke tsa diabolosi ‘me sephetho sa teng ke ts’enyeho ea lichaba—Balichaba ba linako tsa joale ba lemosoa khahlanong le liketso tsa sekhukhu tse tla batla ho ketola bolokolohi ba mafats’e ohle, lichaba, le linaha. Khaolo ea 9Puso e feta ho tloha ho e mong ho ea ho e mong ka tsela ea bojalefa, boqhekanyetsi, le lipolao—Emere o ile a bona Mora oa ho loka—Baporofeta ba bangata ba hoelehetsa pako—Tlala le linoha tse chefo li otla sechaba. Khaolo ea 10Morena a le mong o hlahlama e mong—A mang a marena a lokile; a mang a khopo—Ha ho loka ho hlola, sechaba sea hlohonolofatsoa le ho atlehisoa ke Morena. Khaolo ea 11Lintoa, ho se lumellane, le bokhopo li laola bophelo ba Ba-Jarede—Baporofeta ba lepa timetso e felletseng ea Ba-Jarede ntle le hore ba bake—Sechaba se latola mantsoe a baporofeta. Khaolo ea 12Moporofeta Ethere o khothaletsa sechaba ho lumela ho Molimo—Moroni o pheta limakatso le tse tsotehang tse etsoang ka tumelo—Tumelo e ile ea nolofaletsa moholoane oa Jarede ho bona Kreste—Morena o fa batho mefokolo hore ba ke ba ikokobetse—Moholoane oa Jarede o ile a tsamaisa thaba ea Zerine ka tumelo—Tumelo, ts’epo, le lerato la sebele li bohlokoa polokong ea rona—Moroni o ile a bona Jesu mahlo mahlong. Khaolo ea 13Ethere o bua ka Jerusalema e ncha e tlang ho ahoa Amerika ke peo ea Josefa—Ua porofeta, o lahleloa kantle, o ngola nalane ea Ba-Jarede, ‘me o bolela esale pele timetso ea Ba-Jarede—Ntoa e aparela naha eohle. Khaolo ea 14Bokhopo ba sechaba bo tlisa thohako holima lefats’e—Koriantumere o kena ntoeng khahlanong le Gileade, eaba Libe, ‘me eaba Shize—Mali le lipolao li aparela lefats’e. Khaolo ea 15Limilione tsa Ba-Jarede li bolaoa ntoeng—Shize le Koriantumere ba bokanya sechaba sohle ho ntoa e isang lefung—Moea oa Morena o emisa ho ba le bona—Sechaba sa Ba-Jarede se timetsoa ka botlalo—Ho sala Koriantumere feela.