Khaolo ea 12
Moporofeta Ethere o khothaletsa sechaba ho lumela ho Molimo—Moroni o pheta limakatso le tse tsotehang tse etsoang ka tumelo—Tumelo e ile ea nolofaletsa moholoane oa Jarede ho bona Kreste—Morena o fa batho mefokolo hore ba ke ba ikokobetse—Moholoane oa Jarede o ile a tsamaisa thaba ea Zerine ka tumelo—Tumelo, ts’epo, le lerato la sebele li bohlokoa polokong ea rona—Moroni o ile a bona Jesu mahlo mahlong.
1 ‘Me ho ile ha etsahala hore matsatsi a Ethere e ne le matsatsing a Koriantumere; ‘me Koriantumere e ne e le morena holim’a lefats’e leo lohle.
2 ‘Me Ethere e ne e le moporofeta oa Morena; ka baka leo Ethere o ile a tla matsatsing a Koriantumere, ‘me a qala ho porofeta ho sechaba, hobane o ne a sitoa ho thibeloa ka lebaka la Moea oa Morena o neng o na le eena.
3 Hobane o ile a hoelehetsa ho tloha hoseng, esita le ho fihlela ha letsatsi le ea tlase, a khothaletsa sechaba ho lumela ho Molimo ho isa pakong esere ba timetsoa, a re ho bona hore ka tumelo lintho tsohle lia phethahatsoa—
4 Ka baka leo, mang kapa mang ea lumelang ho Molimo ka bonnete a ka ba le ts’epo ea lefats’e le betere, ee, esita le sebaka letsohong le letona la Molimo, ts’epo eo e tlang ka tumelo, e etsa ankora ho meea ea batho, eo e tlang ho ba etsa ba netefale le ho tia, kamehla ba etsa mesebetsi e metle, ba etelletsoe pele ho rorisa Molimo.
5 ‘Me ho ile ha etsahala hore Ethere o ile a porofeta lintho tse kholo tse tsotehang ho sechaba, seo se ileng sa se ke sa lumela, hobane se sa ka sa li bona.
6 ‘Me joale, ‘na, Moroni, ke tla bua hanyenyane malebana le lintho tsena; ke tla bonts’a ho lefats’e hore tumelo ke ts’epo ea lintho tse sa bonoeng; ka baka leo, le se ke la hana hobane le sa bone, hobane le keke la fumana bopaki hofihlela kamorao ho teko ea tumelo ea lona.
7 Hobane e bile ka tumelo hore e be Kreste o ile a iponahatsa ho bo ntat’a rona, kamor’a hore e be o ile a tsoha bafung; ‘me ha a ka a iponahatsa ho bona hofihlela kamor’a hore ba be le tumelo ho eena; kabaka leo, ho ne ho tlameha ho hlokahala hore ba bang ba ne ba na le tumelo ho eena, hobane ha a ka a iponahatsa ho lefats’e.
8 Empa ka lebaka la tumelo ea batho o iponahalitse ho lefats’e, ‘me a tlotlisa lebitso la Ntate, ‘me a lokisa tsela eo ka eona ba bang e ka bang ba nkang karolo ea mpho ea leholimo, hore ba ke ba ts’epe bakeng sa lintho tseo ba so kang ba li bona.
9 Ka baka leo, le lona hape le ka ba le ts’epo, ‘me la ba ba nkang karolo ea mpho eo, haeba feela le tla ba le tumelo.
10 Bonang, e ne e le ka tumelo hore bao ba khale ba ne ba bitsoa ka taelo e halalelang ea Molimo.
11 Ka baka leo, ka tumelo molao oa Moshe o ile oa fanoa. Empa ka mpho ea Mora ke moo Molimo a lokisitseng tsela e nepahetseng ho feta; ‘me ke ka tumelo hore e be e phethahalitsoe.
12 Hobane haeba ho se na tumelo har’a bana ba batho Molimo a ke ke a etsa mohlolo har’a bona, ka baka leo, ha a ka ba a iponahatsa hofihlela kamor’a tumelo ea bona.
13 Bonang, e ne e le tumelo ea Alma le Amuleke e ileng ea etsa hore chankana e helehele fats’e.
14 Bonang, e ne e le tumelo ea Nefi le Lehi e ileng ea tlisa phetoho holim’a Ba-Lamane, hore ba ile ba kolobetsoa ka mollo le ka Moea o Halalelang.
15 Bonang, e ne e le tumelo ea Ammon le bana babo e ileng ea tlisa mohlolo o moholo joalo har’a Ba-Lamane.
16 Ee, ‘me esita le bona bohle ba ileng ba tlisa mehlolo ba ile ba e tlisa ka tumelo, esita le bao ba neng ba le pele ho Kreste le bao ba neng ba le kamorao.
17 ‘Me e ne e le ka tumelo hore barutuoa ba bararo ba ile ba fumana ts’episo ea hore ha ba na latsoa lefu; ‘me ha ba ka ba fumana ts’episo eo ho fihlela kamorao ho tumelo ea bona.
18 ‘Me leha ho le joalo ha ho na mang kapa mang ka nako e fe kapa e fe ea kileng a tlisa mehlolo e fe kapa e fe ho fihlela kamor’a tumelo ea bona; ka baka leo ba qalile ka ho lumela ho Mora oa Molimo.
19 ‘Me ba ne ba le bangata bao tumelo ea bona e neng e le matla ka ho fetisisa, esita le pele Kresete a tla, ba neng ba sitoa ho bolokoa kantle ho lesira, empa kannete ba ile ba bona ka mahlo a bona lintho tseo ba ileng ba li bona ka leihlo la tumelo, ‘me ba ne ba nyakalletse.
20 ‘Me bonang, re bone ka ho lingoliloeng tsena hore e mong oa bana e ne e le moholoane oa Jarede; hobane e ne e le kholo joalo tumelo ea hae ho Molimo, hore ha Molimo a otlolla monoana oa hae o ne a sitoa ho o pata ho tsoa mahlong a moholoane oa Jarede, ka lebaka la lentsoe la hae leo a ileng a le bolela ho eena, lentsoe leo a ileng a le fumana ka tumelo.
21 ‘Me kamor’a hore moholoane oa Jarede a bone monoana oa Morena, ka lebaka la ts’episo eo moholoane oa Jarede a ileng a e fumana ka tumelo, Morena o ne a sitoa ho thibela letho mahlong a hae; ka baka leo o ile a mo bonts’a lintho tsohle, hobane o ne a se a sitoa ho tsoelapele ho bolokoa kantle ho lesira.
22 ‘Me ke ka tumelo hore bo ntate ba fumane ts’episo ea hore litho tsena li tlameha ho tla ho bana babo bona ka Balichaba; ka baka leo Morena o ntaetse, ee, esita le Jesu Kreste.
23 ‘Me ke ile ka re ho eena: Morena, Balichaba ba tla soma lintho tsena, ka lebaka la bofokoli ba rona ka ho ngola; hobane Morena u re entse hore re be matla lentsoeng ka tumelo, empa ha ua etsa hore re be matla ho ngoleng; hobane u entse hore sechaba sena sohle se ke se bue haholo, ka lebaka la Moea o Halalelang oo u o faneng ho bona.
24 ‘Me u entse hore re ka ngola empa hanyane, ka lebaka la bohlasoa ba matsoho a rona. Bona, ha u ua etsa hore re be matla ka ho ngola joaloka moholoane oa Jarede, hobane u mo entse hore lintho tseo a li ngotseng hore li ne li le matla esita le joaloka ha u le joalo, ho isa ho ho hloloa ha motho ho li bala.
25 U boetse hape u entse mantsoe a rona ho tlala matla le ho ba maholo, esita le hore re sitoa ho a ngola; ka baka leo, ha re ngola re bona mefokolo ea rona, ‘me rea fosa ka lebaka la peho ea mantsoe a rona; ‘me kea ts’aba esere Balichaba ba tla soma mantsoe a rona.
26 ‘Me ha ke se ke buile sena, Morena o ile a bua ho ‘na, a re: lithoto lia soma, empa ba tla lla; ‘me mohau oa ka o lekane bakeng sa ba bonolo, hore ha ba na ho nka monyetla ka bofokoli ba lona;
27 ‘Me haeba batho ba tla ho ‘na ke tla ba bonts’a mefokolo ea bona. Ke fa batho mefokolo hore ba ke ba ikokobetse; ‘me mohau oa ka o lekane bakeng sa batho bohle ba ikokobetsang ka pele ho ‘na; hobane haeba ba ikokobetsa ka pele ho ‘na, ‘me ba ba le tumelo ho ‘na, joale ke tla etsa lintho tse fokolang ho fetoha tse matla ho bona.
28 Bona, ke bonts’a ho Balichaba mefokolo ea bona, ‘me ke tla bonts’a ho bona hore tumelo, ts’epo, le lerato la sebele li tlisa ho ‘na—seliba sa ho loka hohle.
29 ‘Me ‘na, Moroni, ha ke se ke utloile mantsoe ana, ke ile ka ts’eliseha, ‘me ka re: Oho Morena, ho loka ha hau ho tla etsoa, hobane kea tseba hore u sebetsa ho bana ba batho ho latela tumelo ea bona;
30 Hobane moholoane oa Jarede o ile a re ho thaba ea Zerine, Tloha—‘me e ile ea tloha. ‘Me haeba a ne a sa ba le tumelo, e ne e tla sitoa ho tloha; ka baka leo u sebetsa kamor’a hore batho ba be le tumelo.
31 Hobane ke joana u ileng ua iponahatsa ho barutuoa ba hau; hobane kamor’a hore ba be le tumelo, ‘me ba bue ka lebitso la hau, u ile ua iponahatsa ho bona ka matla a maholo.
32 ‘Me ‘na hape kea hopola hore u itse o lokisitse ntlo bakeng sa batho, ee, esita le har’a meaho ea Ntate ua hau, eo motho a ka bang le ts’epo e nepahentseng ho feta; ka baka leo motho le motho o tlameha ho ts’epa, kapa o tla sitoa ho fumana bojalefa sebakeng seo u se lokisitseng.
33 ‘Me hape, kea hopola hore u boletse hore u ratile lefats’e, esita le ho isa ho tela bophelo ba hau bakeng sa lefats’e, hore u ke u bo nke hape ho ea lokisa sebaka bakeng sa bana ba batho.
34 ‘Me joale kea tseba hore lerato lena leo u bileng le lona bakeng sa bana ba batho ke lerato la sebele; ka baka leo, ntle le hore batho ba be le lerato la sebele, ba tla sitoa ho ja lefa sebaka seo u se lokisitseng meahong ea Ntate oa hau.
35 Ka baka leo, kea tseba ka sena seo u se boletseng, hore haeba Balichaba ba se na lerato la sebele, ka lebaka la mefokolo ea rona, hore u tla ba beha tekong, ‘me u nke talenta ea bona, ee, esita le seo ba se fumaneng, ‘me u fane ho bona bao ba tlang ho ba le bongata ho feta.
36 ‘Me ho ile ha etsahala hore ke ile ka rapela ho Morena hore a tle a fe Balichaba mohau, hore ba ke ba be le lerato la sebele.
37 ‘Me ho ile ha etsahala hore Morena o ile a re ho ‘na: Haeba ba se na lerato la sebele ha hona lebaka ho uena, u ile ua ts’epahala; ka baka leo, liaparo tsa hau li tla etsoa hore li hloeke. ‘Me hobane u bone mefokolo ea hau u tla etsoa ho ba matla, esita le ho isa ho ho lula fats’e sebakeng seo ke se lokisitseng mehahong ea Ntate.
38 ‘Me joale ‘na, Moroni, ke salisa hantle Balichaba, ee, hape le ho bana beso bao ke ba ratang, hofihlela re tla kopana ka pele ho setulo sa kahlolo sa Kreste, moo batho bohle ba tlang ho tseba hore liaparo tsa ka ha li na mali a lona.
39 ‘Me nakong eo le tla tseba hore ke bone Jesu, ‘me o ile a bua le ‘na mahlo mahlong, le hore o ile a mpolella ka boikokobetso bo bonahalang, esita le joaloka ha motho a joetsa e mong ka puo ea ka, malebana le lintho tsena.
40 ‘Me ke tse fokolang feela tseo ke li ngotseng, ka lebaka la mefokolo ea ka ho ngoleng.
41 ‘Me joale, ke lakatsa ho le laela hore le batle Jesu enoa eo baporofeta ba ngotseng, hore mohau oa Molimo Ntate, hape le Jesu Kreste, le Moea o Halalelang, o behang bopaki ka bona, o ke o tsamaee le lona ka hosafeleng. Amen.