Mangolo a halalelang
Ethere 8


Khaolo ea 8

Ho na le liqabang le likhang holim’a puso—Akishe o theha liketso tsa sekhukhu tse tlamang ka kano ho bolaea morena—Liketso tsa sekhukhu ke tsa diabolosi ‘me sephetho sa teng ke ts’enyeho ea lichaba—Balichaba ba linako tsa joale ba lemosoa khahlanong le liketso tsa sekhukhu tse tla batla ho ketola bolokolohi ba mafats’e ohle, lichaba, le linaha.

1 ‘Me ho ile ha etsahala hore o ile a tsoala Omere, ‘me Omere o ile a busa bakeng sa hae. ‘Me Omere o ile a tsoala Jarede; ‘Me Jarede o ile a tsoala bara le barali.

2 ‘Me Jarede o ile a fetohela khahlanong le ntat’ae, ‘me o ile a tla ‘me a lula lefats’eng la Hethe. ‘Me ho ile ha etsahala hore a thetse batho ba bangata, ka lebaka la mantsoe a hae a masene, hofihlela a hapile halofo ea puso.

3 ‘Me ha a se a hapile halofo ea puso o ile a fana ka ntoa ho ntat’ae, ‘me o ile a nkela ntat’ae hole ho isa litlamong, ‘me o ile a etsa hore a sebeletse a le litlamong;

4 ‘Me joale, matsatsing a puso ea Omere, o ne a le litlamong halofo ea matsatsi a hae. ‘Me ho ile ha etsahala hore o ile a tsoala bara le barali, har’a bao e ne le Esrome le Koriantumere;

5 ‘Me ba ile ba halefa ka ho fetisisa ka lebaka la liketso tsa Jarede moena oa bona, haholo hoo hore ba ile ba tsosa sesole ‘me ba fana ka ntoa ho Jarede. ‘Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba fana ka ntoa ho eena bosiu.

6 ‘Me ho ile ha etsahala hore ha ba se ba bolaile sesole sa Jarede ba ne ba le haufi le ho mo bolaea le eena; ‘me o ile a ba rapela hore ba se ke ba mo bolaea, ‘me u tla nehelena ka puso ho ntat’ae. ‘Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba mo fa bophelo ba hae.

7 ‘Me joale Jarede o ile a fetoha masoabi ka hofetisisa ka lebaka la tahlehelo ea puso, hobane o ne a behile pelong ea hae puso le thoriso ea lefats’e.

8 Joale morali oa Jarede a ne a le masene ka ho fetisisa, ‘me ha a bona masoabi a ntat’ae, a hopola ho loha leqheka moo teng a ka busetsang puso ho ntat’ae.

9 Joale morali oa Jarede o ne a le motle ka ho fetisisa. ‘Me ho ile ha etsahala hore o ile a bua le ntat’ae, ‘me a re ho eena: Hobaneng ha ntate a na le masoabi a mangata hakaale? Na ha a bala lingoliloeng tseo bo ntat’a rona ba li tlisitseng ho ts’ela botebo bo boholo? Bona, na ha hona pale malebana le bona ba khale, hore ka merero ea bona ea lekunutu ba ile ba hapa mebuso le thoriso a kholo?

10 ‘Me joale, ka baka leo, etsa hore ntate a bitse Akishe, mora oa Kimnore; ‘me bona, ke motle, ‘me ke tla tjeka ka pele ho eena, ‘me ke tla mo thabisa, hore o tla lakatsa hore ke be mosali; ka baka leo haeba o tla lakatsa hore uena u mo fe ‘na bakeng sa mosali, joale u tla re: Ke tla fana ka eena haeba u tla ntlisetsa hlooho ea ntate, e leng morena.

11 ‘Me joale Omere e ne e le motsoalle oa Akishe; ka baka leo, ha Jarede a se a bitsitse Akishe, morali oa Jarede o ile a tjeka ka pele ho eena hoo a ileng a mo thabisa, haholo hoo hore o ile a mo lakaletsa ho ba mosali. ‘Me ho ile ha etsahala hore o ile a re ho Jarede: Mphe eena ke mo etse mosali.

12 ‘Me Jarede o ile a re ho eena: Ke tla u fa eena, haeba u tla ntlisetsa hlooho ea ntate, e leng morena.

13 ‘Me ho ile ha etsahala hore Akishe o ile a bokella ntlong ea Jarede bohle beng ka eena, ‘me a re ho bona: Na le ka hlapanya hore le tla nts’epahalla ho ntho eo ke tlang ho e lakatsa ho lona?

14 ‘Me ho ile ha etsahala hore bohle ba ile ba hlapanya ho eena, ka Molimo oa leholimo, hape le ka maholimo, ‘me hape ka lefats’e, le ka lihlooho tsa bona, hore ea tla fapana le thuso eo Akishe a e batlileng a lahleheloe ke hlooho ea hae; ‘me ea tla senola eng kapa eng eo Akishe a e tsebahalitseng ho bona, ea ts’oanang o tla lahleheloa ke bophelo ba hae.

15 ‘Me ho ile ha etsahala hore ke joana ba ileng ba lumellana le Akishe. ‘Me Akishe o ile a fana ho bona likano tse ileng tsa fanoa ke bona ba khale bao le bona ba neng ba batla matla, tse ileng tsa nelehetsanoa esita le ho tloha ho Kaine, eo e neng e le ‘molai ho tloha ts’imolohong.

16 ‘Me ba ne ba bolokiloe ke matla a diabolosi ho fana ka likano tsena ho sechaba, ho se boloka lefifing, ho thusa ba joaloka ba batlang ho fumana matla, le ho bolaea, le ho utsoa, le ho bua leshano, le ho etsa mekhoa eohle ea bokhopo le bohlola.

17 ‘Me e ne e le morali oa Jarede ea ileng a kenya pelong ea hae ho batlana le lintho tsena tsa khale; ‘me Jarede o ile a e kenya pelong ea Akishe; ka baka leo, Akishe o ile a fana ka eona ho maloko a habo le metsoalle, a ba etella hole ka lits’episo tse ntle ho etsa eng kapa eng eo a e lakatsang.

18 ‘Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba theha liketso tsa sekhukhu, esita le joaloka ba khale; sekhukhu seo e leng manyala ka hofetisisa le bokhopo ka holim’a tsohle, mahlong a Molimo.

19 Hobane Morena ha a sebetse ka liketso tsa sekhukhu, leha e le ho batla hore motho a ts’olle mali, empa lintho tsena tsohle o li thibetse, ho tloha ts’imolohong ea motho.

20 ‘Me joale ‘na, Moroni, ha ke ngole ka mekhoa ea likano tsa bona le sekhukhu, hobane ho ile ha tsebahatsoa ho ‘na hore li teng har’a batho bohle, ‘me li teng har’a Ba-Lamane.

21 ‘Me li bakile ts’enyeho ea sechaba sena seo hajoale ke bolelang ka sona, ‘me hape le ts’enyeho ea sechaba sa Nefi.

22 ‘Me sechaba se fe kapa se fe se tlang ho ts’ehetsa liketso tse joalo tsa sekhukhu, ho fumana matla le phaello, ho fihlela li jaleha holim’a sechaba, bonang, ba tla timetsoa; hobane Morena a keke a lumella hore mali a bahalaleli ba hae, a tlang ho ts’olloa ke bona, a tle a lle kamehla ho tsoa mobung bakeng sa phetetso holima bona ‘me feela e be ha a ba pheteletse.

23 Ka baka leo, Oho lona Balichaba, ke bohlale ho Molimo hore lintho tsena li bonahatsoe ho lona, hore ka hona le ke le bakele libe tsa lona, ‘me le se ke la lumella hore likhukhu tsena tsa babolai li tle li le hlole, tse hahetsoeng ho fumana matla le phaello—‘me mosebetsi, esita le mosebetsi oa ts’enyeho o tla holim’a lona, ee, esita le sabole ea toka ea Molimo oa Bosafeleng e tla oela holim’a lona, ho ketoloeng ha lona le ts’enyeho haeba le tla lumella lintho tsena ho ba joalo.

24 Ka baka leo, Morena oa le laela, ha le bona lintho tsena li tla har’a lona hore le tla tsoha ka maikutlo a boemo ba lona bo ts’abehang, ka lebaka la liketso tsena tsa sekhukhu tse tlang ho ba har’a lona; kapa ho malimabe tsona, ka lebaka la mali a bao ba bolailoeng; hobane ba hoelehetsa ho tsoa leroleng bakeng sa phetetso holim’a tsona, ‘me hape le ho bao ba li ahileng.

25 Hobane ho tla etsahala hore mang kapa mang ea li ahang o batla ho ketola bolokolohi ba mafats’e ohle, le linaha, ‘me ho tlisa hore ho etsahale ts’enyeho ea batho bohle, hobane li ahiloe ke diabolose, eo e leng nta’ta leshano lohle; esita le eena ea ts’oanang ea leshano ea ileng a thetsa batsoali ba rona ba pele, ee, esita le eena ea ts’oanang ea leshano ea entseng hore motho a bolaee ho tloha ts’imolohong; ea thatafalitseng lipelo tsa batho hore ebe ba bolaile baporofeta, le ho ba tlepetsa ka majoe, le ho ba lahlela kantle ho tloha ts’imolohong.

26 Ka baka leo, ‘na, Moroni, ke laetsoe ho ngola lintho tsena hore bobe bo ke bo felisoe, le hore nako e ke e tle hore Satane a ke a hloke matla holim’a lipelo tsa bana ba batho, empa hore ba ke ba susumeletsoe ho etsa botle ho tsoelapele, hore ba ke ba tle selibeng sa ho loka hohle ‘me ba pholosoe.