Khaolo ea 5
Lipaki tse tharo le mosebetsi ka bo ona li ema e le bopaki ba bonnete ba Buka ea Mormone.
1 ‘Me joale ‘na, Moroni, ke ile ka ngola mantsoe ao ke neng ke a laetsoe, ho latela khopolo ea ka; ‘me ke le boleletse lintho tseo ke li tiisitseng; ka baka leo le se ke la li thetsa hore le ke le li fetolele; hobane ntho ena le e thibetsoe, ntle le haeba ha ho ntse ho ea e tla ba bohlale ho Molimo.
2 ‘Me bona, u ka ba le monyetla hore u ke u bonts’e matlapa ao ho bao ba tlang ho thusa ho hlahisa mosebetsi ona.
3 ‘Me ho ba bararo li tla bonts’oa ka matla a Molimo; ka baka leo ba tla tseba netefaletso hore lintho tsena ke ‘nete.
4 ‘Me ka molomo oa lipaki tse tharo lintho tsena li tla thehoa; ‘me bopaki ba ba bararo, le mosebetsi ona, oo ka oona ho tlang ho bonahatsoa matla a Molimo hape le lentsoe la hae, leo Ntate, le Mora, le Moea o Halalelang ba pakang—‘me tsena tsohle li tla ema e le bopaki khahlanong le lefats’e ka letsatsi la ho qetela.
5 ‘Me haeba ho le joalo hore ba bake le ho tla ho Ntate ka lebitso la Jesu, ba tla amoheloa ho kena ‘musong oa Molimo.
6 ‘Me joale, haeba ke na le tokelo bakeng sa lintho tsena, lona ahlolang; hobane le tla tseba hore ke na le tokelo ha le tla mpona, ‘me re tla ema ka pele ho Molimo ka letsatsi la ho qetela. Amen.