Mangolo a halalelang
Ethere 11


Khaolo ea 11

Lintoa, ho se lumellane, le bokhopo li laola bophelo ba Ba-Jarede—Baporofeta ba lepa timetso e felletseng ea Ba-Jarede ntle le hore ba bake—Sechaba se latola mantsoe a baporofeta.

1 ‘Me ho ile ha tla hape matsatsing a Kome baporofeta ba bangata, ‘me ba porofeta ka timetso ea sechaba seo se seholo ntle le hore ba tle ba bake, ‘me ba khutlele ho Morena, ‘me ba furalle lipolao tsa bona le bokhopo.

2 ‘Me ho ile ha etsahala hore baporofeta bao ba ile ba latoloa ke sechaba, ‘me ba ile ba balehela ho Kome bakeng sa ts’ireletso, hobane sechaba se ne se batla ho ba timetsa.

3 ‘Me ba ile ba porofeta lintho tse ngata ho Kome; ‘me o ile a hlohonolofatsoa matsatsing a a hae ohle a setseng.

4 ‘Me o ile a phelela botsofaling bo botle, ‘me a tsoala Shiblome; ‘me Shiblome o ile a busa bakeng sa hae. ‘Me moena oa Shiblome o ile a fetohela khahlonong le eena, ‘me ho ile ha qala ho ba le ntoa e kholo ka ho fetisisa lefats’eng leo.

5 ‘Me moena oa Shiblome o ile a etsa hore baporofeta bohle ba ileng ba porofeta ka timelo ea sechaba ba tle ba bolaoe;

6 ‘Me ho ile ha eba le tlokotsi e kholo lefats’eng leo lohle, hobane ba ne ba pakahalitse hore thohako e kholo e tlameha ho tla holim’a lefats’e leo, hape le holim’a sechaba seo, le hore ho tlameha ho be le timelo e kholo har’a bona, e ts’oanang le e joalo e so kang e ba holim’a sefahleho sa lefats’e, ‘me masapo a bona a tla fetoha ho ba joaloka liqubu tsa mobu holim’a sefahleho sa lefats’e ntle le hore ba tle ba bakele bokhopo ba bona.

7 ‘Me ha ba ka ba mamela lentsoe la Morena, ka lebaka la liketso tsa bona tsa bokhopo; ka baka leo, ho ile ha qala ho ba le lintoa le likhang lefats’eng leo lohle, hape le tlala le mafu a seoa a mangata, haholo hoo hore ho ile ha e-ba le ts’enyeho e kholo, e joaloka e so kang e tsejoa holim’a sefahleho sa lefats’e leo; ‘me tsena tsohle li ile tsa etsahala matsatsing a Shiblome.

8 ‘Me sechaba se ile sa qala ho bakela bokhopo ba sona; ‘me haholo hoo hore joaloka ha ba etsa Morena o ile a ba le lereko ho bona.

9 ‘Me ho ile ha etsahala hore Shiblome o ile a bolaoa, ‘me Setha o ile a tlisoa litlamong, ‘me a lula litlamong matsatsi ‘ohle a hae.

10 ‘Me ho ile ha etsahala hore Aha, mora oa hae, o ile a nka puso; ‘me o ile a busa holim’a sechaba seo matsatsi ohle a hae. ‘Me o ile a etsa mekhoa eohle ea bokhopo matsatsing a hae, ka moo a ileng a baka ts’ollo ea mali a mangata; ‘me a ne a fokola matsatsi a hae.

11 ‘Me Etheme, e le setloholo sa Aha, o ile a nka puso; ‘me le eena o ile a etsa seo se khopo matsatsing a hae.

12 ‘Me ho ile ha etsahala hore matsatsing a Etheme ho ile ha tla baporofeta ba bangata, ‘me ba porofeta hape ho sechaba seo; ee, ba ile ba porofeta hore Morena o tla ba timetsa ka botlalo ho tsoa sefahlehong sa lefats’e ntle le hore ba bakele bokhopo ba bona.

13 ‘Me ho ile ha etsahala hore sechaba seo se ile sa thatafatsa lipelo tsa sona, ‘me se ne se sa mamele mantsoe a bona; ‘me baporofeta ba ile ba lla le ho ikhula ho tsoa har’a sechaba.

14 ‘Me ho ile ha etsahala hore Etheme o ile a phethahatsa kahlolo ka bokhopo matsatsi ohle a hae; ‘me o ile a tsoala Morone. ‘Me ho ile ha etsahala hore Morone o ile a busa bakeng sa hae; ‘me Morone o ile a etsa seo se khopo ka pele ho Morena.

15 ‘Me ho ile ha etsahala hore ho ile ha tsoha phetohelo har’a sechaba, ka lebaka la liketso tsane tsa sekhukhu tse neng li ahetsoe ho fumana matla le phaello; ‘me ho ile ha tsoha monna ea matla haholo har’a bona ka bokhopo, ‘me a fana ka ntoa ho Morone, eo ka eona a ileng a ketola halofo ea puso; ‘me o ile a laola halofo ea puso eo bakeng sa lilemo tse ngata.

16 ‘Me ho ile ha etsahala hore Morone o ile a mo ketola, ‘me a nka puso hape.

17 ‘Me ho ile ha etsahala hore ho ile ha tsoha monna e mong hape ea matla haholo; ‘me e ne e le setloholo sa moholoane oa Jarede.

18 ‘Me ho ile ha etsahala hore o ile a ketola Morone ‘me a nka puso; ka baka leo, Morone o ile a lula litlamong matsatsi ‘ohle a hae a setseng; ‘me o ile a tsoala Koriantore.

19 ‘Me ho ile ha etsahala hore Koriantore o ile a lula litlamong matsatsi ‘ohle a hae.

20 ‘Me matsatsing a Koriantore ho ile ha tla hape baporofeta ba bangata, ‘me ba porofeta ka lintho tse kholo le tse tsotehang, ‘me ba hoelehetsa pako ho sechaba seo, ‘me ntle le hore ba tle ba bake Morena Molimo o tla phethahatsa kahlolo khahlanong le bona ho isa timelong ea bona ka botlalo.

21 Le hore Morena Molimo o tla romela kapa ho tlisa sechaba se seng ho tla rua lefats’e leo, ka matla a hae, ka mokhoa oo a ileng a tlisa bontat’a bona.

22 ‘Me ba ile ba latola mantsoe ‘ohle a baporofeta, ka lebaka la mokhatlo oa bona oa lekunutu le manyala a bokhopo.

23 ‘Me ho ile ha etsahala hore Koriantore o ile a tsoala Ethere, ‘me o ile a shoa, o ile a lula litlamong matsatsi ‘ohle a hae.