Khaolo ea 1Ammarone o laela Mormone malebana le lingoliloeng tse halalelang—Ntoa ea qala lipakeng tsa Ba-Nefi le Ba-Lamane—Ba-Nefi ba bararo ba tlosoa—Bokhopo, ho se lumele, bonohe, le boloi lia rena. Ka bo A.D. 321–326. Khaolo ea 2Mormone o etella mabotho a Ba-Nefi—Mali le ts’enyo li fiela lefats’e leo—Ba-Nefi ba bokolla le ho lla ka masoabi a ba jeleng tsuo—Letsatsi la bona la Mohau le fetile—Mormone o fumana matlapa a Nefi—Lintoa li tsoelapele. Ka bo A.D. 327–350. Khaolo ea 3Mormone o hoelehetsa pako ho Ba-Nefi—Ba fumana tlholo e kholo le thoriso matleng a bona—Mormone o hana ho ba etella pele, ’me lithapelo tsa hae bakeng sa bona ke tse hlokang tumelo—Buka ea Mormone e mema merabe e leshome le metso e ’meli ea Israele ho lumela evangeli. Ka bo A.D. 360–362. Khaolo ea 4Ntoa le ts’enyo li tsoelapele—Ba khopo ba otla ba khopo—Bokhopo bo boholo ho feta bo ata ho feta pele Iseraeleng eohle—Basali le bana be etsoa sehlabelo ho melingoana—Ba-Lamane ba qala ho fiela Ba-Nefi ka pele ho bona. Ka bo A.D. 363–375. Khaolo ea 5Mormone o etella mabotho a Ba-Nefi hape lintoeng tsa mali le ts’enyo—Buka ea Mormone e tla tla ho kholisa Iseraele eohle hore Jesu ke Kreste—Ka lebaka la ho se lumele ha bona, Ba-Lamane ba tla qhalakanngoa, ’me Moea o tla emisa ho sebetsa le bona—Ba tla amohela evangeli ho tsoa ho Balichaba matsatsing a ho qetela. Ka bo A.D. 375–384. Khaolo ea 6Ba-Nefi ba bokana lefats’eng la Kumora bakeng sa lintoa tsa hoqetela—Mormone o pata lingoliloeng tse halalelang leralleng la Kumora—Ba-Lamane ke bahloli, ’me sechaba sa Ba-Nefi sea timetsoa—makholo a likete a bolaoa ka sabole. Ka bo A.D. 385. Khaolo ea 7Mormone o mema Ba-Lamane ba matsatsi a ho qetela ho lumela ho Kreste, ho amohela Evangeli ea hae, ’me ba pholosoe—Bohle ba lumelang ho Bibele ba tla lumela hape le ho Buka ea Mormone. Ka bo A.D. 385. Khaolo ea 8Ba-Lamane ba batla ho timetsa Ba-Nefi—Buka ea Mormone e tla tla ka matla a Molimo—Bomalimabe bo phatlalatsoa holim’a bao ba hemang khalefo le ntoa khahlanong le mosebetsi oa Morena—Lingoliloeng tsa Ba-Nefi li tla tla ka letsatsi la bokhopo, ho fopotleha, le ho kheloha. Ka bo A.D. 400–421. Khaolo ea 9Moroni o bitsa ho bao ba sa lumeleng ho Kreste ho baka—O phatlalatsa Molimo oa mehlolo, ea fanang ka ts’enolo le ho ts’ollela lineo le mats’oao holim’a ba lumelang—Mehlolo e emisa ka lebaka la ho se lumele—Mat’soao a latela ba lumelang—Batho ba khothaletsoa ho ba bohlale ’me ba boloke litaelo. Ka bo A.D. 401–421.