Khaolo ea 3
Mormone o hoelehetsa pako ho Ba-Nefi—Ba fumana tlholo e kholo le thoriso matleng a bona—Mormone o hana ho ba etella pele, ’me lithapelo tsa hae bakeng sa bona ke tse hlokang tumelo—Buka ea Mormone e mema merabe e leshome le metso e ’meli ea Israele ho lumela evangeli. Ka bo A.D. 360–362.
1 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane ha ba ka ba tla ho tla loana hape hofihlela lilemo tse leshome ho feta li fetile. ’Me bonang, ke ne ke hirile sechaba sa heso, Ba-Nefi, ka ho hlophisa mafats’e a bona le lihlomo tsa bona khahlanong le nako ea ntoa.
2 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena o ile a re ho ’na: Hoelehetsa ho sechaba sena—Bakang lona, ’me le tle ho ’na, ’me le kolobetsoe, ’me le ahele holimo hape kereke eaka, ’me le tla pholosoa.
3 ’Me ke ile ka hoelehetsa ho sechaba sena, empa e ne e le lefeela; ’me ba ile ba sitoa ho elelloa hore e ne e le Morena ea ba pholositseng, ’me a ba file monyetla bakeng sa pako. ’Me bonang ba ile ba thatafatsa lipelo tsa bona khahlanong le Morena Molimo oa bona.
4 ’Me ho ile ha etsahala hore kamorao hore selemo sena sa leshome e be se fetile, ho etsa kaofela, lilemo tse makholo a mararo le mashome a ts’eletseng ho tsoa ho hotla ha Kreste, morena oa Ba-Lamane o ile a romela lengolo ho ’na, le ileng la mpha hore ke tsebe hore ba ne ba itlhophela ho tla hape ho tla loana khahlanong le rona.
5 ’Me ho ile ha etsahala hore ke ile ka etsa sechaba sa heso hore se ipokelle hammoho lefats’eng la Lesupi, motseng o neng o le meeling, pela tsela e ts’esane e neng e lebisa lefats’eng le ho ea boroa.
6 ’Me moo re ile ra beha mabotho a rona, hore re ke re thibe mabotho a Ba-Lamane, hore ba ke ba sitoe ho hapa a feng kapa a feng a mafats’e a rona; ka baka leo re ile ra a matlafatsa khahlanong le bona ka matla ’ohle a rona.
7 ’Me ho ile ha etsahala hore selemong sa makholo a mararo le mashome a ts’eletseng le motso o mong Ba-Lamane ba ile ba tla tlase motseng oa Lesupi ho tla loana khahlanong le rona; ’me ho ile ha etsahala hore ka selemo seo re ile ra ba otla, haholo hoo hore ba ile ba khutlela mafats’eng a bona hape.
8 ’Me selemong sa makholo a mararo le mashome a ts’eletseng le metso e ’meli ba ile ba tla tlase hape ho tla loana. ’Me re ile ra ba otla hape, ’me ra bolaea palo e kholo ea bona, ’me bafu ba bona ba ile ba lahleloa ka leoatleng.
9 ’Me joale, ka lebaka la ntho ena e kholo eo sechaba sa heso, Ba-Nefi, ba e entseng, ba ile ba qala ho ithorisa ka matla a bona, ’me ba qala ho hlapanya ka pela leholimo hore ba tla iphetetsa ka mali a bana babo bona ba ileng ba bolaoa ke lira tsa bona.
10 ’Me ba ile ba hlapanya ka leholimo, le hape ka terone ea Molimo, hore ba tla nyolohela holimo ho ea loana khahlanong le lira tsa bona, ’me ba tla ba khaola ho tsoa sefahlehong sa lefats’e leo.
11 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Mormone, ka botlalo ke ile ka hana ho tloha nakong ena ho ea pele ho ba molaoli le moetapele oa sechaba sena, ka lebaka la bokhopo ba bona le manyala.
12 Bonang, ke ne ke ba etelletse pele, ho sa tsotellehe bokhopo ba bona ke ile ka ba etella pele linako tse ngata ho ea ntoeng, ’me ke ile ka ba rata, ho latela lerato la Molimo le neng le le ka ho ’na, ka pelo eaka eohle; ’me moea oaka o ile oa ts’olleloa ka thapelo ho Molimo oa ka boleleleng ba letsatsi lohle bakeng sa bona; le ha ho le joalo, e ne e le ka ho hloka tumelo, ka lebaka la ho thatafala ha lipelo tsa bona.
13 ’Me makhetlo a mararo ke ba lopollotse ho tsoa matsohong a lira tsa bona, ’me ha ba so bakele libe tsa bona.
14 ’Me ha ba se ba hlapantse ka tsohle tseo ba li thibetsoeng ke Morena oa rona le Mopholosi Jesu Kreste, hore ba tla nyolohela holimo ho lira tsa bona ho loana, ’me ba iphetetse ka mali a bana babo bona, bonang lentsoe la Morena le ile la tla ho ’na le re:
15 Boipheteso ke ba ka, ’me ke tla lefella; hobane sechaba sena ha sea bakela libe tsa sona kamora hore ke ba lopolle, bonang, ba tla khaoloa ho tsa sefahlehong sa lefats’e.
16 ’Me ho ile ha etsahala hore ke ile ka hana ka botlalo ho nyolohela holimo khahlanong le lira tsa ka; ’me ke ile ka etsa esita le joaloka ha Morena a ile a ntaela; ’me ke ile ka ema joalo ka paki e se nang letho ho bonahatsa ho lefats’e lintho tseo ke li bonang le ho li utloa, ho latela li ponahatso tsa Moea tse ileng tsa pakahatsa ka lintho tse tlang.
17 Ka baka leo ke ngolla lona, Balichaba, ’me hape le ho lona, ntlo ea Iseraele, ha mosebetsi o tla qala, hore le tla ba haufi le ho lokisetsa ho khutlela lefats’eng la bojalefa ba lona.
18 Ee, bonang, ke ngolla ho lipheletso tsohle tsa lefats’e; ee, ho lona, merabe e leshome le metso e ’meli ea Iseraele, ba tlang ho ahloloa ho latela mesebetsi ea lona ke ba leshome le metso e ’meli bao Jesu a ba khethileng ho ba barutuoa ba hae lefats’eng la Jerusalema.
19 ’Me ke ngolla hape karolo e setseng ea sechaba sena, bao le bona ba tlang ho ahloloa ke ba leshome le metso e ’meli bao Jesu a ba khethileng lefats’eng lena; ’me ba tla ahloloa ke ba bang ba leshome le metso e ’meli bao Jesu a ba khethileng lefats’eng la Jerusalema.
20 ’Me lintho tsena Moea o fela o li bonahatsa ho ’na; ka baka leo ke ngolla ho lona bohle. ’Me ke ka lebaka lena ke ngollang ho lona, hore le ke le tsebe hore le tlameha ho ema ka pele ho setulo sa kahlolo sa Kreste, ee, moea o mong le o mong oo e leng oa lelapa lohle la batho la Adama; ’me le tlameha ho emela ho ahloleloa mesebetsi ea lona, hore na e bile metle kapa e bile mebe;
21 ’Me hape hore le ke le lumele evangeli ea Jesu Kreste, eo le tlang ho ba le eona har’a lona; ’me hape hore Ba-Juda, sechaba sa selekane sa Morena, ba tla ba le lipaki tse ling ntle le eena eo ba mo boneng le ho mo utloa, Jesu eane eo ba mo bolaileng, e ne e fela e le eena Kreste le eena Molimo ka sebele.
22 ’Me ke lakatsa hore nka susumetsa lona lipheletso tsohle tsa lefats’e ho baka le ho lokisetsa ho ema ka pele ho setulo sa kahlolo sa Kreste.