Mangolo a halalelang
Mormone 4


Khaolo ea 4

Ntoa le ts’enyo li tsoelapele—Ba khopo ba otla ba khopo—Bokhopo bo boholo ho feta bo ata ho feta pele Iseraeleng eohle—Basali le bana be etsoa sehlabelo ho melingoana—Ba-Lamane ba qala ho fiela Ba-Nefi ka pele ho bona. Ka bo A.D. 363–375.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ka selemo sa makholo a mararo le mashome a ts’eletseng le metso e meraro Ba-Nefi ba ile ba nyolohela holimo ka mabotho a bona ho loana khahlanong le Ba-Lamane, ho tsoa lefats’eng la Lesupi.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore mabotho a Ba-Nefi a ile a khanneloa morao hape lefats’eng la Lesupi. ’Me ha ba ntse ba khathetse, lebotho le lecha la Ba-Lamane le ile la tla holim’a bona; ’me ba ile ba eba le ntoa e bohloko, haholo hoo hore Ba-Lamane ba ile ba hapa lefats’e la Lesupi, ’me ba ile ba bolaea ba bangata ba Ba-Nefi, ’me ba ile ba nka ba bangata e le bats’oaruoa.

3 ’Me karolo e setseng e ile ea baleha le ho ea ikopanya le baahi ba motse oa Teankame. Joale motse oa Teankame o ne o lutse meeling e pela lebopo la leoatle; ’me hape o ne o le pel’a motse oa Lesupi.

4 ’Me e ne e le hobane mabotho a Ba-Nefi a ile a nyolohela ho Ba-Lamane hore ba ile ba qala ho otloa; hobane ha e ne e se ka seo, Ba-Lamane ba ne ba ke ke ba eba le matla holim’a bona.

5 Empa, bonang, likahlolo tsa Molimo li tla hlola ba khopo; ’me ke ka ba khopo hore e be ho otloa ba khopo; hobane ke ba khopo ba hlohleletsang lipelo tsa bana ba batho ts’ollong ea mali.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane ba ile ba etsa litlhophiso tsa ho tla khahlanong le motse oa Teankame.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore selemong sa makholo a mararo le mashome a ts’eletseng le metso e mene Ba-lamane ba ile ba tla khahlanong le motse oa Teankame, hore ba tle ba hape le motse oa Teankame.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba tebeloa le ho khanneloa morao ke Ba-Nefi. ’Me ha Ba-Nefi ba bona hore ba khannile Ba-Lamane ba ile ba qala hape ho ithorisa ka matla a bona; ’me ba ile ba tsamaea ka sefutho sa bona, ’me ba hapa hape motse oa Lesupi.

9 ’Me joale lintho tsena tsohle li ile tsa etsahala, ’me ho bile le sekete se bolauoeng ka mahlakoreng ka bobeli, bobeli Ba-Nefi le Ba-Lamane.

10 ’Me ho ile ha etsahala hore selemo sa makholo a mararo le mashome a ts’eletseng a metso e ts’eletseng se ne se fetile, ’me Ba-Lamane ba ile ba tla hape holim’a Ba-Nefi ho tla loana; ’me feela Ba-Nefi ha ba ka ba bakela bobe boo ba bo entseng, empa ba pheella bokhopong ba bona ho tsoelapele.

11 ’Me ho sita leleme ho hlalosa, kapa motho bakeng sa ho ngola tlhaloso e phethahetseng ea pono e nyarosang ea mali le ts’enyo e neng e le har’a sechaba, bobeli ea Ba-Nefi le Ba-Lamane; ’me pelo e ’ngoe le e ’ngoe e ne e thatafetse, hoo hore li ne li thabela ts’ollo ea mali ho tsoelapele.

12 ’Me ha ho so ka ho eba le bokhopo bo joalo har’a bana bohle ba Lehi, kapa esita le har’a ntlo eohle ea Iseraele, ho latela mantsoe a Morena, joaloka ha e ne e le har’a sechaba sena.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane ba ile ba hapa motse oa Desolation, ’me ho bile joalo hobane palo ea bona e ne e feta palo ea Ba-Nefi.

14 ’Me hape ba ile ba hoantela pele motseng oa Teankame, ’me ba ile ba khannela baahi ka ntle ho eena, ’me ba ile ba nka bats’oaruoa ba bangata bobeli basali le bana, ’me ba ile ba nehelana ka bona e le lihlabelo ho melingoana ea bona.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa makholo a mararo le mashome a ts’eletseng le metso e supileng, Ba-Nefi ba halefile hobane Ba-Lamane ba entse sehlabelo ka basali ba bona le bana ba bona, hore ba ile ba ea khahlanong le Ba-Lamane ka khalefo e kholo bo fetisisang, haholo hoo hore ba ile ba qala ho otla hape Ba-Lamane le ho ba khannela ho tsoa mafats’eng a bona.

16 ’Me Ba-Lamane ha ba ka ba tla hape khahlanong le Ba-Nefi hofihlela selemo sa makholo a mararo le mashome a supileng le metso e mehlano.

17 ’Me selomong sena ba ile ba tla tlase khahlanong le Ba-Nefi ka matla ’ohle a bona, ’me ba ne ba sa baloe ka lebaka la boholo ba palo ea bona.

18 ’Me ho tloha nakong ena ho ea pele Ba-Nefi ha ba ka ba fumana matla holi’ma Ba-Lamane, empa ba ile ba qala ho fieloa ke bona esita le joaloka ka phoka ka pele ho letsatsi.

19 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane ba ile ba tla tlase khahlanong le motse oa Lesupi; ’me ho ile ha eba le ntoa e bohloko ka ho fetisa e ileng ea loanoa lefats’eng la Lesupi, eo ka eona ba ileng ba otla Ba-Nefi.

20 ’Me ba ile ba baleha hape ho tloha ka pele ho bona, ’me ba ile ba tla motseng oa Boaze; ’me moo ba ile ba ema hape khahlanong le Ba-Lamane ka sebete se fetisisang, haholo hoo hore Ba-Lamane ba sitoe ho ba otla hofihlela ba tlile hape lekhetlo la bobeli.

21 ’Me ha ba se ba tlile lekhetlo la bobeli, Ba-Nefi ba ile ba khannoa le ho bolaoa ka polao e kholo ka ho fetisisa; basali ba bona, le bana ba bona hape ba ile ba etsoa sehlabelo ho melingoana.

22 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Nefi ba ile ba baleha hape ho tloha ka pele ho bona, ba nkile baahi bohle le bona, ka bobeli literopong le metsaneng.

23 ’Me joale ’na, Mormone, ha ke bona hore Ba-Lamane ba ne ba le haufi le ho phethola lefats’e leo, ka baka leo ke ile ka ea leralleng la Shime, ’me ke ile ka nka lingoliloeng tsohle tseo Ammarone a ileng a li pata ho Morena.