Khaolo ea 9
Moroni o bitsa ho bao ba sa lumeleng ho Kreste ho baka—O phatlalatsa Molimo oa mehlolo, ea fanang ka ts’enolo le ho ts’ollela lineo le mats’oao holim’a ba lumelang—Mehlolo e emisa ka lebaka la ho se lumele—Mat’soao a latela ba lumelang—Batho ba khothaletsoa ho ba bohlale ’me ba boloke litaelo. Ka bo A.D. 401–421.
1 ’Me joale, ke bolela hape malebana le bao ba sa lumeleng ho Kreste.
2 Bonang, na le tla lumela ka letsatsi la ketelo ea lona—bonang, ha Morena a tla tla, ee, esita le hore letsatsi leo le leholo ha lefats’e le tla menoa hammoho joaloka buka, ’me likarolo li tla qhebelia ke mocheso o chesang, ee, ka letsatsi leo le leholo ha le tla tlisoa ho tla ema ka pele ho konyana ea Molimo—joale na le tla re ha hona Molimo?
3 Joale na le tla tsoelapele le latole Kreste, kapa na le ka bona konyana ea Molimo? Na le nahana hore le tla lula le eena tlas’a ho ikelelloa ha melato ea lona? Na le nahana hore le ka thaba ho lula le Motho eo ea halalelang, ha meea ea lona e hlasetsoe ka ho ikelelloa ha melato ea hore esale le hlekefetsa melao ea hae?
4 Bonang, ke re ho lona hore le ka ba mahlomoleng ho feta ho lula le Molimo ea halalelang ea lokileng, tlasa ho ikelelloa ha lits’ila tsa lona ka pele ho eena, ho feta ho lula ka meea e tsuoeng liheleng.
5 Hobane bonang, ha le tlisoa ho tla bona bofeela ba lona ka pele ho Molimo, ’me hape le khanya ea Molimo, le khalalelo ea Jesu Kreste, e tla tukisa lelakabe la mollo o sa timeng holim’a lona.
6 Oho joale lona ba sa lumeleng, khutlelang ho Morena, hoelehetsang haholo ho Ntate ka lebitso la Jesu, hore mohlomong le ke le fumanoe le se na letheba, le hloekile, le le batle, le le basoeu, le hloekisitsoe ke mali a konyana, ka letsatsi leo le leholo la ho qetela.
7 ’Me hape ke bolela ho lona ba latolang ts’enolo tsa Molimo, ’me le re li se li fetile, hore ha hona ts’enolo, le haele boporofeta, le haele lineo, leha e le pholiso, leha e le ho bua ka maleme le tlhaloso ea maleme;
8 Bonang ke re ho lona, ea latolang lintho tsena ha a tsebe evangeli ea Kreste; ee, ha a bala mangolo a halalelang; haeba ho le joalo, ha a a utloisisi.
9 Hobane na ha re bale hore Molimo oa ts’oana maobane, kajeno, le ka hosafeleng, ’me ka ho eena ha hona ho feto-fetoha le haele seriti sa ho fetoha?
10 ’Me joale, haeba le inahanetse ho lona molimo ea fetohang, ’me eo ka ho eena ho nang le seriti sa ho fetoha, joale le inahanetse ho lona molimo eo e seng Molimo oa mehlolo.
11 Empa bonang, ke tla le bonts’a Molimo oa Mehlolo, esita le Molimo oa Abrahama, le Molimo oa Isaaka, le Molimo oa Jakobo; ’me ke Molimo ea ts’oanang ea bopileng maholimo le lefats’e, le lintho tsohle tse ho tsona li bopiloe ke eena.
12 Bonang, o bopile Adama, ’me ka Adama ho tlile ho oa ha motho. ’Me ka lebaka la ho oa ha motho ha tla Jesu Kreste, esita le Ntate le Mora; ’me ka lebaka la Jesu Kreste ho tlile topollo ea motho.
13 ’Me ka lebaka la topollo ea batho, eo e tlileng ka Jesu Kreste, ba khutlisetsoa ponts’eng ea Morena; ee, mona ke moo batho bohle ba lopollotsoeng, hobane lefu la Kreste le tlisa tsoho ea bafu, eo e tlisang ho etsahala ha topollo ho tsoa borokong bo sa feleng, ho tsoa borokong boo batho bohle ba tlang ho tsosoa ka matla a Molimo ha terompeta e luma, ’me ba tla tla pele, ka bobeli ba banyenyane le ba baholo, ’me bohle ba tla ema ka pele ho leballo la hae, ba lopollotsoe ho tsoa litlamong tsena tsa bosafeleng tsa lefu, lefu leo e leng lefu la nameng.
14 ’Me joale ho tle kahlolo ea Ea Halalelang holim’a bona; ’me joale ho tle nako eo ea lits’ila a tla ’ne a be lits’ila; ’me ea lokileng o tla ’ne a lule a lokile; ea thabileng o tla ’ne a lule a thabile; ’me ea sa thabang o tla ’ne a lule a sa thaba.
15 ’Me joale, Oho lona bohle ba inahanetseng ho lona molimo ea kekeng a etsa mehlolo, nka le botsa, na lintho tsena tsohle li etsahetse, tseo ke buileng ka tsona? Na pheletso e se tlile? Bonang ke re ho lona, Che; ’me Molimo ha a so emise ho ba Molimo oa mehlolo.
16 Bonang, na ha li tsotehe mahlong a rona lintho tseo Molimo a li sebelitseng? Ee, ’me ke mang ea ka utloisisang mesebetsi e tsotehang ea Molimo?
17 Ke mang ea tla re e ne e se mohlolo hore ka lentsoe la hae leholimo le lefats’e li be teng; ’me ka matla a lentsoe la hae motho o ile a boptjoa ka lerole la lefats’e; ’me ka matla a lentsoe la hae mehlolo e sebelitsoe?
18 ’Me ke mang ea tla re Jesu Kreste ha a ka a etsa mehlolo e meholo e mengata? ’Me e ne e le mengata mehlolo e meholo e ileng ea sebetsoa ka matsoho a ba-apostola.
19 ’Me haeba ho bile le mehlolo e sebelitsoeng nakong eo, hobaneng Molimo a emisitse ho ba Molimo oa mehlolo ’me feela e le Motho ea sa fetoheng? ’Me bonang, ke re ho lona ha a fetoha; haeba ho le joalo o ne a tla emisa ho ba Molimo; ’me ha a emise ho ba Molimo, ’me ke Molimo oa mehlolo.
20 ’Me lebaka leo a emisang ho etsa mehlolo har’a bana ba batho ke ka lebaka la hore ba fella liketsong tsa ho se lumele, ’me ba kheloha tseleng e nepahetseng, ’me ha ba tsebe Molimo eo ba lokelang ho mo ts’epa.
21 Bonang ke re ho lona hore mang kapa mang ea lumelang ho Kreste, a sa belaele letho, eng kapa eng eo a tlang ho e kopa ho Ntate ka lebitso la Kreste e tla fanoa ho eena; ’me ts’episo ena e ho bohle, esita le ho isa lipheletsong tsa lefats’e.
22 Hobane bonang, ke joana ho boletseng Kreste, Mora oa Molimo, ho barutuoa ba hae ba lokelang ho lula, ee, ’me hape le ho barutuoa ba hae bohle, ho utloeng ha bongata: Tsamaeang ho ea lefats’eng lohle, ’me le rute evangeli ho sebopuoa se seng le se seng.
23 ’Me ea lumelang ’me a kolobetsoa o tla pholosoa, empa ea sa lumeleng o tla tsuoa;
24 ’Me mats’oao ana a tla latela bao ba lumelang—ka lebitso la ka ba tla leleka mademona; ba tla bua ka maleme a macha; ba tla nkela linoha holimo; ’me haeba ba noa ntho e fe kapa e fe e bolaeang e ke ke ea ba lematsa; ba tla beha ba kulang matsoho ’me ba tla fola;
25 ’Me mang kapa mang ea tlang ho lumela lebitsong la ka, a sa belaele letho, ho eena ke tla tiisa mantsoe ohle a ka, esita le ho lipheletso tsa lefats’e.
26 ’Me joale, bonang, ke mang ea ka emang khahlanong le mesebetsi ea Morena? Ke mang ea ka latolang lipolelo tsa hae? Ke mang ea tla phahama khahlanong le matla-ohle a Morena? Ke mang ea tla nyelisa mesebetsi ea Morena? Ke mang ea tla nyelisa bana ba Kreste? Bonang, lona bohle bao le leng banyelisi ba mesebetsi ea Morena, hobane le tla makala ’me le timele.
27 Oho joale se ka nyelisang, ’me le se makale, empa mamelang mantsoe a Morena, ’me le kope Ntate ka lebitso la Jesu bakeng sa eng kapa eng eo le tlang ho e hloka. Le se belaele, empa le lumele, ’me le qale joaloka ka linakong tsa khale, ’me le tle ho Morena ka lipelo tsohle tsa lona, ’me le sebeletse poloko ea lona ka ts’abo le letsoalo ka pele ho eena.
28 Ebang bohlale matsatsing a lona a teko; itloseng ho se hloeke hohle; le se ke la kopa, hore le ke le a sebelise litakatsong tsa lona tsa nama, empa le kope ka ho tiea le ho se sisinyehe, hore ha le na ho inehela ho teko e fe kapa e fe, empa hore le tla sebeletsa Molimo oa ’nete ea phelang.
29 Bonang hore ha le kolobetsoe le sa lokeleha; bonang hore ha le nke selallo sa Kreste le sa lokeleha; empa bonang hore le etsa lintho tsohle ka ho lokeleha, ’me le etse ka lebitso la Jesu Kreste, Mora oa Molimo ea phelang; ’me haeba le etsa sena, ’me le mamella ho isa qetellong, ha hona kamoo le ka lahleloang kantle.
30 Bonang, ke bolela ho lona joaloka ha eka ke bua ho tsoa bafung; hobane kea tseba hore le tla fumana mantsoe a ka.
31 Le se ke la nkahlola ka lebaka la ho se phethehe ha ka, le haele ntate, ka lebaka la ho se phethehe ha hae, leha e le bona ba ngotseng pele ho eena; empa ho e-na le hoo fanang ka liteboho ho Molimo hore o entse hore ho bonahale ho lona mefokolo ea rona, hore le ke le ithute ho ba bohlale ho feta kamoo re bileng ka teng.
32 ’Me joale, bonang, re ngotse lingoliloeng tsena ho latela tsebo ea rona, ka litlhaku tse bitsoang har’a rona Se-Egepeta se fetotsoeng, e nehelelitsoe tlase le ho fetoloa ke rona, ho latela mokhoa oa rona oa ho bua.
33 ’Me haeba matlapa a rona ne a bile maholo ho lekana re ne re lokela e be re ngotse ka Se-Heberu; empa Se-Heberu seo se fetotsoe ke rona le sona; ’me haeba re ne re ngotse ka Se-Heberu, bonang, le ne le keke la fumana ho se phethehe ka ho lingoliloeng tsa rona.
34 Empa Morena o tseba lintho tseo re li ngotseng, ’me hape ha hona se seng sechaba se tsebang puo ea rona; ’me hobane ha hona se seng sechaba se tsebang puo ea rona, ka baka leo o lokisitse mokhoa bakeng sa tlhaloso ea teng.
35 ’Me lintho tsena li ngotsoe hore re ke re tlose liaparong tsa rona mali a bana babo rona, ba felletseng liketsong tsa ho se lumele.
36 ’Me bonang, lintho tsena tseo re li lakalitseng malebana le bana babo rona, ee, esita le tsosolosetso ea bona ho tsebo ea Kreste, li ho latela lithapelo tsa bahalaleli bohle ba phetseng lefats’eng leo.
37 ’Me e ke Morena Jesu Kreste a ka fana hore lithapelo tsa bona li ke li arajoe ho latela tumelo ea bona; ’me e ke Molimo Ntate a ka hopola selekane seo a se entseng le ntlo ea Iseraele; ’me e ke a ka ba hlohonolofatsa ka hosafeleng, ka tumelo lebitsong la Jesu Kreste. Amen.