Mangolo a halalelang
Mormone 7


Khaolo ea 7

Mormone o mema Ba-Lamane ba matsatsi a ho qetela ho lumela ho Kreste, ho amohela Evangeli ea hae, ’me ba pholosoe—Bohle ba lumelang ho Bibele ba tla lumela hape le ho Buka ea Mormone. Ka bo A.D. 385.

1 ’Me joale, bonang, ke lakatsa ho bua hanyenyane ho karolo e setseng ea sechaba sena e qenehetsoeng, haeba ho etsahala hore Molimo a ka se fa mantsoe a ka, hore ba ke ba tsebe ka lintho tsa bo ntat’a bona; ee, ke bua le lona, lona karolo e setseng ea ntlo ea Iseraele; ’me ana ke mantsoe ao ke a bolelang:

2 Tsebang lona hore le ba ntlo ea Iseraele.

3 Lea tseba hore le tlameha ho tla pakong, kapa le tla sitoa ho pholosoa.

4 Lea tseba hore le tlameha ho beha fats’e libetsa tsa lona tsa ntoa, ’me le se hlole le thabela ts’ollo ea mali, ’me le se ke la li nka hape, ha e se hore Molimo o tla le laela.

5 Lea tseba hore le tlameha ho tla tsebong ea bo ntat’a lona, ’me le bakele libe tsohle tsa lona le bokhopo, ’me le lumele ho Jesu Kreste, hore ke mora oa Molimo, le hore o ile a bolaoa ke Ba-Juda, ’me ka matla a Ntate o ile a tsoha hape, moo ka teng a ileng a fumana tlholo holim’a lebitla; ’me hape ka ho eena tsenene ea lefu e koentsoe.

6 ’Me o tlisa hore ho etsahale ho tsoha bafung ha ba shoeleng, moo teng motho a tlamehang ho ema ka pele ho setulo sa hae sa kahlolo.

7 ’Me o tlisitse hore ho etsahale topollo ea lefats’e, moo teng ea fumanoang a se na molato ka pele ho eena letsatsing la kahlolo o mo file ho lula ponts’eng ea Molimo ’musong oa hae, ho bina lithoriso tse sa feleng le lihlopha tse holimo, ho Ntate, le ho Mora, le ho Moea o Halalelang, e leng Molimo o mong, boemong ba thabo e se nang pheletso.

8 Ka baka leo bakang, ’me le kolobetsoe ka lebitso la Jesu, ’me le its’oareletse ka evangeli ea Kreste, e tlang ho behoa ka pele ho lona, e seng feela ka lingoliloeng tsena empa hape ka lingoliloeng tse tlang ho tla ho Balichaba ho tsoa ho Ba-Juda, lingoliloeng tseo tse tlang ho tloha ho Balichaba ho tla ho lona.

9 Hobane bonang, sena se ngotsoe bakeng sa boikemisetso ba hore le ke le lumele seo; ’me haeba le lumela seo le tla lumela sena hape; ’me haeba le lumela sena le tla tseba hape malebana le bo ntat’a lona, ’me hape mesebetsi e tsotehang e ileng ea sebetsoa ka Moea oa Molimo har’a bona.

10 ’Me le tla tseba hape hore le karolo e setseng ea peo ea Jakobo; kabaka leo le baloa har’a sechaba sa selekane sa pele; ’me haeba ho etsahala hore le lumele ho Kreste, ’me le kolobetsoe, pele ka metsi, ebe ka mollo le ka Moea o Halalelang, le latela mohlala oa Mopholosi oa rona, ho latela seo a re laetseng sona, ho tla ba molemo ho lona letsatsing la kahlolo. Amen.