Buka ea Mormone
Khaolo ea 1
Ammarone o laela Mormone malebana le lingoliloeng tse halalelang—Ntoa ea qala lipakeng tsa Ba-Nefi le Ba-Lamane—Ba-Nefi ba bararo ba tlosoa—Bokhopo, ho se lumele, bonohe, le boloi lia rena. Ka bo A.D. 321–326.
1 ’Me joale ’na, Mormone, ke etsa lingoliloeng tsa lintho tseo bobeli ke li Bonang le ho li utloa, ’me ke li bitsa Buka ea Mormone.
2 ’Me haufi le nako eo Ammarone a ileng a patela lingoliloeng tseo ho Morena, o ile a tla ho ’na, (’Na ke ne ke ka ba lilemo tse leshome, ’me ke ile ka qala ho ruteha hanyane kamora mokhoa oa boithuto ba sechaba sa heso) ’me Ammarone o ile a re ho ’na: Kea elelloa hore u ngoana ea hlaphohetsoeng, ’me u phakisa ho ela hloko;
3 Ka baka leo, ha u se u le haufi le ho ba lilemo tse mashome a mabeli a metso e mene, ke lakatsa hore u tle u hopole lintho tseo u ileng ua li hlokomela malebana le sechaba sena; ’me ha u se u le lilemong tseo u tsamaee ho ea lefats’eng la Antume, leralleng le tla bitsoa Shime; ’me moo ke tsetetse ho Morena lingoliloeng tsohle tse halalelang malebana le sechaba sena.
4 ’Me bona, u tla inkela matlapa a Nefi, ’me karolo e setseng u tla li sia sebakeng seo li leng ho sona; ’me u tla ngola holim’a matlapa a Nefi lintho tsohle tseo u li hlokometseng malebana le sechaba sena.
5 ’Me ’na, Mormone, ke le setloholo sa Nefi, (’me lebitso la ntate e ne e le Mormone) ke ile ka hopola lintho tseo Ammarone a ileng a ntaela tsona.
6 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, ke le lilemo tse leshome le motso o mong, ke ile ka nkeloa ke ntate ho kena lefats’eng le ho isa boroa, esita le ho ea lefats’eng la Zarahemla.
7 Sefahleho sa lefats’e leo lohle le ne le fetohile ho apesoa ke meaho, le sechaba se ne se le se ngata hoo, joaloka ha eka e ne e le lehlabathe la leoatle.
8 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sena ho ile ha qala ho ba le ntoa lipakeng tsa Ba-Nefi, ba neng ba kenyelelitse Ba-Nefi le Ba-Jakobo le Ba-Josefa le Ba-Zorame; ’me ntoa ena e ne le lipakeng tsa Ba-Nefi, le Ba-Lamane le Ba-Lemuele le Ba-Ishmaele.
9 Joale Ba-Lamane le Ba-Lemuele le Ba-Ishmaele ba ne ba bitsoa Ba-Lamane, ’me lihlopha tseo tse peli e ne e le Ba-Nefi le Ba-Lamane.
10 ’Me ho ile ha etsahala hore ntoa e qale ho ba lipakeng tsa tsona meeling ea Zarahemla, pela metsi a Sidone.
11 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Nefi ba ne ba bokelletse hammoho palo e kholo ea banna, esita le ho feta palo ea likete tse mashome a mararo. ’Me ho ile ha etsahala hore ka sona selemo sena se ts’oanang ba ile ba eba le palo ea lintoa, tseo ka tsona Ba-Nefi ba ileng ba otla Ba-Lamane ’me ba ile ba bolaea ba bangata ba bona.
12 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane ba ile ba hula morero oa bona, ’me ho ile ha eba le khotso e renang lefats’eng leo; ’me khotso e ile ea sala bakeng sa sebaka sa lilemo tse ka bang ’ne, hore ho ne ho se na ts’ollo ea mali.
13 Empa bokhopo bo ile ba rena holim’a sefahleho sa lefats’e leo lohle, haholo hoo hore Morena o ile a tlosa barutuoa ba hae ba ratoang, ’me mosebetsi oa mehlolo le ea pholiso e ile ea emisa ka lebaka la bokhopo ba sechaba seo.
14 ’Me ho ne ho se ho se na limpho tse tsoang ho Morena, ’me Moea o Halalelang ha o a ka oa tla holim’a ofe kapa ofe, ka lebaka la bokhopo ba bona le ho se lumele.
15 ’Me ’na, ke le lilemo li leshome le metso e mehlano ’me hanyane ke le kelello e hlaphohetsoeng, ka baka leo ke ile ka eteloa ke Morena, ’me ka latsoa le ho tseba ka molemo oa Jesu.
16 ’Me ke ile ka leka ho ruta sechaba sena, empa molomo oa ka o ile oa koaloa, ’me ke ile ka thibeloa hore ke tle ke ba rute; hobane bonang ka boikemisetso ba ne ba fetohetse khahlanong le Molimo oa bona; ’me barutuoa ba ratoang ba ile ba tlosoa ho tsoa lefats’eng leo, ka lebaka la bokhopo ba bona.
17 Empa ke ile ka sala har’a bona, empa ke ile ka thibeloa ho ba ruta, ka lebaka la ho thatafala ha lipelo tsa bona; ’me ka lebaka la ho thatafala ha lipelo tsa bona lefats’e le ne le rohakehile bakeng sa bona.
18 ’Me linokoane tsena tsa Gadintone, tse neng li le har’a Ba-Lamane, li ile tsa tlala lefats’e leo, haholo hoo hore baahi ba teng ba ile ba qala ho pata matlotlo a bona ka mobung; ’me li ile tsa fetohela ho thella hobane Morena o ne a rohakile lefats’e leo, hore li ne li sitoa ho li ts’oara, kapa ho li boloka hape.
19 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ne ho ena le bonohe, le boloi, le maselamose; ’me matla a e mobe a ne a sebetsa holim’a sefahleho sa lefats’e leo lohle, esita le ho isa phethahatsong ea mantsoe ohle a Abinadi, ’me hape le Samuele oa Mo-Lamane.