Khaolo ea 2
Mormone o etella mabotho a Ba-Nefi—Mali le ts’enyo li fiela lefats’e leo—Ba-Nefi ba bokolla le ho lla ka masoabi a ba jeleng tsuo—Letsatsi la bona la Mohau le fetile—Mormone o fumana matlapa a Nefi—Lintoa li tsoelapele. Ka bo A.D. 327–350.
1 ’Me ho ile ha etsahala hore ka sona selemo seo se ts’oanang ho ile ha qala ho ba le ntoa hape lipakeng tsa Ba-Nefi le Ba-Lamane. ’Me ho sa tsotellehe hore ke ne ke le monyenyane, ke ne ke na le seemo se seholo; ka baka leo sechaba sa Ba-Nefi se ile sa khetha ’na ho ba moetapele oa sona, kapa moetapele oa mabotho a bona.
2 Ka baka leo ho ile ha etsahala hore ka selemo sa ka sa bo-leshome le metso e ts’eletseng ke ile ka tsamaela ka hloohong ea lebotho la Ba-Nefi, khahlanong le Ba-Lamane; ka baka leo lilemo tse makholo a mararo le mashome a mabeli a metso e ts’eletseng li ne li fetile.
3 ’Me ho ile ha etsahala hore selemong sa makholo a mararo le mashome a mabeli a metso e supileng Ba-Lamane ba ile ba tla holim’a rona ka matla a maholo bo fetisisang, haholo hoo hore ba ile ba ts’osa mabotho a ka: ka baka leo ba ne ba sa lakatse ho loana, ’me ba ile ba qala ho khutlela morao ho leba libakeng tse ka leboea.
4 ’Me ho ile ha etsahala hore re ile ra tla motseng oa Angola, ’me re ile ra nka taolo ea motse oo, ’me ra etsa litokiso tsa ho its’ireletsa khahlanong le Ba-Lamane. ’Me ho ile ha etsahala hore re ile ra matlafatsa motse oo ka sefutho sa rona; empa ho sa tsotellehe limatlafatso tsohle tsa rona Ba-Lamane ba ile ba tla holim’a rona ’me ba ile ba re khannela kantle ho motse.
5 ’Me hape ba ile ba re khannela kantle ho lefats’e la Davida.
6 ’Me re ile ra hoantela pele le ho tla lefats’eng la Joshua, le neng le le meeling e ka bochabela pela lebopo la leoatle.
7 ’Me ho ile ha etsahala hore re ile ra bokella sechaba sa ha bo rona kapele ka moo ho khonehang, hore re ke re etse ba be mmoho ka sehlopha se le seng.
8 Empa bonang, lefat’se leo le ne le tletse ka linokoane le ka Ba-Lamane; ’me ho sa tsotellehe ts’enyo e kholo e neng e leketlile holi’ma sechaba sa heso, ha ba ka ba bakela liketso tsa bona tse mpe; ka baka leo ho ne ho e-na le mali le ts’enyo tse jalehileng ho tsoa hohle sefahlehong sa lefats’e leo, bobeli karolong ea Ba-Nefi le karolong ea Ba-Lamane; ’me e ne e le phethohelo e le ’ngoe e feletseng ho tsoa hohle sefahlehong sa lefats’e leo.
9 ’Me joale Ba-Lamane ba ne ba ena le morena, ’me lebitso la hae e ne le Aarone; ’me o ile a tla khahlanong le rona ka lebotho la likete tse mashome a mane a metso e mene. ’Me bonang, ke ile ka mo hanela ka likete tse mashoma a mane a metso e ’meli. ’Me ho ile ha etsahala hore ke ile ka mo otla ka lebotho la ka hore o ile a baleha ka pele ho ’na. ’Me bonang, tsena tsohle li ile tsa etsoa, ’me lilemo tse makholo a mararo le mashome a mararo li ne li fetile.
10 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Nefi ba ile ba qala ho baka bokhopong ba bona, ’me ba qala ho hoelehetsa esita le joaloka ho ile ha porofetoa ke Samuele oa moporofeta; hobane bonang ho ne ho se motho ea neng a ka boloka seo e seng sa hae, ka lebaka la masholu, le linokoane, le babolai, le maselamose, le boloi bo neng bo le lefats’eng leo.
11 Joana ho ile ha qala ho ba le sello le seboko lefats’eng leo lohle ka lebaka la lintho tsena, ’me haholo har’a sechaba sa Nefi.
12 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ’na, Mormone, ke bona seboko sa bona le sello sa bona le masoabi a bona ka pele ho Morena, pelo eaka e ile ea qala ho nyakalla ka ho ’na, ke tseba mehau le mamello e telele ea Morena, ka baka leo ka ho nahana hore o tla tlala mohau ho bona hore hape ba tla fetoha sechaba se lokileng.
13 Empa bonang ena nyakallo eaka e ne e le lefeela, hobane masoabi a bona e ne e se ho isa pakong, ka lebaka la molemo oa Molimo; empa hantle e ne e le masoabi a ba jeleng tsuo, hobane ha se kamehla Morena a tlang ho ba lumella ho fumana thabo sebeng.
14 ’Me ha ba ka ba tla ho Jesu ka lipelo tse robehileng le meea e soabileng, empa ba ile ba rohaka Molimo, ’me ba itakaletsa ho shoa. Le ha ho le joalo ba ne ba tla loana ka sabole bakeng sa bophelo ba bona.
15 ’Me ho ile ha etsahala hore masoabi a ka a ile a khutlela ho ’na hape, ’me ka bona hore letsatsi la mohau le fetile ka bona, bobeli nameng le moeeng; hobane ke ile ka bona likete tsa bona li khaoleloa tlase ke ho fetohela ho bulehileng khahlanong le Molimo oa bona, ’me ba entsoe mokolokotoane joaloka moiteli holima sefahleho sa lefats’e leo. ’Me ke joana lilemo tse makholo a mararo le mashome a mane li ileng tsa feta.
16 ’Me ho ile ha etsahala hore selemong sa makholo a mararo le mashome a mane a metso e mene Ba-Nefi ba ile ba qala ho baleha ka pele ho Ba-Lamane; ’me ba ile ba lelekisoa hofihlela ba fihla esita le lefats’eng la Jeshone, pele ho eba le bokhoni ba ho ba emisa palehong ea bona.
17 ’Me joale, motse oa Jeshone o ne o le pel’a lefats’e leo Ammarone a neng a tsetetse lingoliloeng ho Morena, hore li ke li se ke tsa senngoa. ’Me bonang ke ne ke ile ka ea ho latela lentsoe la Ammarone, ’me ke nkile matlapa a Nefi, ’me ke ile ka ngola lingoliloeng ho latela mantsoe a Ammarone.
18 ’Me holim’a matlapa a Nefi ke ile ka ngola pale e tletseng ea bokhopo bohle le manyala; empa holim’a matlapa a na ke ile ka qoba ho ngola pale e tletseng ea bokhopo ba bona le manyala, hobane bonang, sets’oants’o se tsoelang pele sa bokhopo le manyala se bile ka pele ho mahlo a ka ho tloha esale ho lekane ho bona litsela tsa motho.
19 ’Me ea malimabe ke ’na ka lebaka la bokhopo ba bona; hobane pelo ea ka e ile ea tlala ka masoabi ka lebaka la bokhopo ba bona, matsatsi oohle a ka; le haho le joalo kea tseba hore ke tla phahamisetsoa holimo ka letsatsi la ho qetela.
20 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sena sechaba sa Nefi se ile sa tsongoa le ho khannoa. ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba khanneloa pele hofihlela ba tlile ho ea ka leboea lefats’eng le neng le bitsoa Sheme.
21 ’Me ho ile ha etsahala hore re ile ra matlafatsa motse oa Sheme, ’me re ile ra bokella sechaba sa habo rona haholo kamoo ho neng ho khoneha, hore mohlomong re ka ba boloka ho tsoa ts’enyong.
22 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa makholo a mararo le mashome a mane a metso e ts’eletseng ba ile ba qala ho tla holim’a rona hape.
23 ’Me ho ile ha etsahala hore ke ile ka bua ho sechaba sa heso, ’me ke ile ka ba khothatsa ka mafolofolo a maholo, hore ba tle ba eme ka sebete khahlanong le Ba-Lamane le ho loanela basali ba bona, le bana ba bona, le matlo a bona, le mahae a bona.
24 ’Me mantsoe a ka a ile a ba tsosolosa morolo o itseng, haholo hoo hore ha ba ka ba baleha ho tsoa ka pele ho Ba-Lamane, empa ba ile ba ema ka sebete khahlanong le bona.
25 ’Me ho ile ha etsahala hore re ile ra loana ka lebotho la likete tse mashome a mararo khahlanong le lebotho la likete tse mashome a mahlano. ’Me ho ile ha etsahala hore re ile ra ema ka pele ho bona ka ho tiea ho joalo hore ba ile ba baleha ka pele ho rona.
26 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ba se ba balehile re ile ra ba lelekisa ka mabotho a rona, ’me re ile ra kopana le bona hape, ’me re ile ra ba otla; le ha ho le joalo matla a Morena a ne a se na le rona; ee, re ne re siuoe ka borona, hore Moea oa Morena o ne o sa tsamae le rona; ka baka leo re ne re fetohetse ho fokoleng joaloka bana babo rona.
27 ’Me pelo eaka e ile ea e-ba masoabi ka lebaka la tlokotsi ena e kholo ea sechaba sa heso, ka lebaka la bokhopo ba bona le manyala a bona. Empa bonang, re ile ra ea pele khahlanong le Ba-Lamane le linokoane tsa bona tsa Gadiantone, hofihlela re hapile hape mafats’e a bojalefa ba rona.
28 ’Me lilemo tse makholo a mararo le mashome a mane a metso e robong li ne li fetile. ’Me ka selemo sa makholo a mararo le mashome a mahlano re ile ra etsa selekane le Ba-Lamane le linokoane tsa Gadiantone, seo ho sona re ileng ra fumana mafats’e a bojalefa ba rona a arotsoe.
29 ’Me Ba-Lamane ba ile ba re fa lefats’e le lebisang leboea, ee, esita le tselana e ts’esane e neng e etella ho kena lefats’eng le lebisang boroa. ’Me re ile ra fa Ba-Lamane lefats’e lohle le ka boroa.