Khaolo ea 5
Mormone o etella mabotho a Ba-Nefi hape lintoeng tsa mali le ts’enyo—Buka ea Mormone e tla tla ho kholisa Iseraele eohle hore Jesu ke Kreste—Ka lebaka la ho se lumele ha bona, Ba-Lamane ba tla qhalakanngoa, ’me Moea o tla emisa ho sebetsa le bona—Ba tla amohela evangeli ho tsoa ho Balichaba matsatsing a ho qetela. Ka bo A.D. 375–384.
1 ’Me ho ile ha etsahala hore ke ile ka ea pele har’a Ba-Nefi, ’me ke ile ka bakela kano eo ke neng ke e entse hore ha ke sa hlola ke ba thusa; ’me ba ile ba mpha bolaoli hape ba mabotho a bona, hobane ba ile ba sheba ho ’na joaloka eka nka ba lopolla ho tsoa mahlomoleng a bona.
2 Empa bonang, ke ne ke hloka ts’epo, hobane ke ne ke tseba likahlolo tsa Morena tse ts’oanelang ho tla holim’a bona; hobane ha ba ka ba bakela bokhopo ba bona, empa ba ile ba loanela bophelo ba bona kantle le ho bitsa ho Boteng bane bo ba bopileng.
3 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane ba ile ba tla khahlanong le rona joaloka ha re ne re balehetse motseng oa Jordane; empa bonang, ba ile ba khanneloa morao hore ba ile ba sitoa ho hapa motse oo ka nako eo.
4 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile batla khahlanong le rona hape, ’me re ile ra sireletsa motse. ’Me ho ne ho ena le metse e meng hape e neng e sirelelitsoe ke Ba-Nefi, liqhobosheane tseo li ileng tsa ba khaola hore ba ne ba sitoa ho kena naheng e neng e lutse ka pele ho rona, ho timetsa baahi ba lefats’e la rona.
5 Empa ho ile ha etsahala hore lefats’e le feng kapa le feng leo re ileng ra feta pela lona, ’me baahai ba teng ba sa bokellana kahar’e, ba ile ba timetsoa ke Ba-Lamane, ’me litoropo tsa bona, le metsana ea bona, le metse ea bona e ile ea chesoa ka mollo; ’me ke joana lilemo tse makholo a mararo le mashome a supileng a metso e robong li ileng tsa feta.
6 ’Me ho ile ha etsahala hore selemong sa makholo a mararo le mashome a robeli Ba-Lamane ba ile ba tla hape khahlanong le rona ho loana, ’me re ile ra ema khahlanong le bona ka sebete; empa e ne e le bakeng sa lefeela, hobane li ne li le kholo hoo lipalo tsa bona hore ba ile ba hatikela sechaba sa Ba-Nefi tlasa maoto a bona.
7 ’Me ho ile ha etsahala hore hape re ile ra baleha, ’me bao paleho ea bona e neng e potlakile ho feta Ba-Lamane ba ile ba phonyoha, ’me bao paleho ea bona e sa kang ea feta ea Ba-Lamane ba ile ba fielloa tlase ’me ba timetsoa.
8 ’Me joale bonang, ’na, Mormone, ha ke lakatse ho nyarosa meea ea batho ka ho lahlela ka pele ho bona pono e mpe hakaalo ea mali le ts’enyo joaloka ha e ne e behiloe ka pel’a mahlo a ka; empa ’na, ka ho tseba hore lintho tsena kannete li tlameha ho etsoa hore li tsebahale, ’me hore lintho tsohle tse patiloeng li tlameha ho senoloa holim’a marulelo a matlo—
9 ’Me hape hore tsebo ea lintho tsena e tlameha ho tla ho karolo e setseng ea sechaba sena, hape le ho Balichaba, bao Morena a itseng ba tla hasanya sechaba sena, ’me sechaba sena se tla baloa e se letho har’a bona—ka baka leo ke ngola khutsufatso e nyenyane, ha ke qeke ho fana ka pale e feletseng ea lintho tseo ke li bonang, ka lebaka la litaelo tseo ke li fumaneng, hape le hore le ke le se ke la ba le masoabi a moholo ka lebaka la bokhopo ba sechaba sena.
10 ’Me joale bonang, sena ke se bolela ho peo ea bona, ’me hape ho Balichaba ba nang le boikarabelo bakeng sa ntlo ea Iseraele, ba elelloang le ho tseba hore na lihlohonolofatso tsena li tsoa kae.
11 Hobane kea tseba hore ba joalo ba tla ba masoabi bakeng sa tlokotsi ea ntlo ea Iseraele; ee, ba tla ba masaoabi bakeng sa timetso ea sechaba sena; ba tla ba masoabi hore sechaba sena ha sea ka sa baka hore e be ba ka be ba amohetsoe matsohong a Jesu.
12 Joale lintho tsena li ngoletsoe karolo e setseng ea ntlo ea Jakobo; ’me li ngotsoe ka mokhoa ona, hobane ho ea tsebahala ho Molimo hore bokhopo bo keke ba li tlisa hore li tle; ’me li patiloe ho Morena hore li ke li tle ka nako eo e leng ea hae.
13 ’Me ena ke taelo eo ke e fumaneng; ’me bonang, li tla tla ho latela taelo ea Morena, mohlang a bonang ho lokela, ka bohlale ba hae.
14 ’Me bonang, li tla ea ho ba sa lumeleng ba Ba-Juda; ’me bakeng sa boikemisetso bona li tla ea—hore ba ke ba susumetsoe hore Jesu ke Kreste, mor’a Molimo ea phelang; hore Ntate a ke a tlise, ka oa hae ea Ratoang ka ho fetisisa, morero oa hae o moholo le oa bosafeleng, ka ho tsosolosa Ba-Juda, kapa ntlo ea Israele, lefats’eng la bona la bojalefa, leo Morena Molimo oa bona a ba fileng, ho isa phethahatsong ea selekane sa hae;
15 ’Me hape hore peo ea sechaba sena e ke e lumele evangeling ea hae ka botlalo ho feta, eo e tlang ho ea pele ho bona ho tsoa ho Balichaba; hobane sechaba sena se tla hasana, ’me ba tla fetohela ho ba batho ba lefifi, ba lits’ila, ba nyonts’ang, ho feta tlhaloso eo e kileng ea eba teng har’a rona, ee, esita le se bileng har’a Ba-lamane, ’me sena ka lebaka la ho se lumele ha bona le ho khumamela lits’oants’o.
16 Hobane bonang, Moea oa Morena o se o ntse o emisitse ho sebetsa le bo ntat’a bona; ’me ha ba na Kreste le Molimo lefats’eng; ’me ba khanneloa hohle joalo ka ’moko ka pele ho moea.
17 Ba ne ba kile ba eba sechaba se ratehang, ’me ba ne ba ena le Kreste bakeng sa molisana; ee, ba ne ba etelletsoe esita le ke Molimo Ntate.
18 Empa joale, bonang, ba etelloa hohle ke Satane, esita le joaloka ’moko o olosoa ka pele ho moea, kapa joaloka ha sekepe se akhotsoang ke maqhubu, se sena seile kapa ankora, kapa se sena letho leo le se tsamaisang; me esita le joaloka ha se le joalo, le bona ba joalo.
19 ’Me bonang, Morena o bolokile lihlohonolofatso tsa bona, tseo ba neng ba ka be ba li fumane lefats’eng leo, bakeng sa Balichaba ba hapileng lefats’e leo.
20 Empa bonang, ho tla etsahala hore ba tla khannoa le ho hasanngoa ke Balichaba; ’me kamora hore ba khannoe le ho hasanngoa ke Balichaba, bonang, joale Morena o tla hopola selekane seo a se entseng ho Abrahama le ho ntlo eohle ea Iseraele.
21 ’Me hape Morena o tla hopola lithapelo tsa ba lokileng, tse ileng tsa behoa holimo ho eena bakeng sa bona.
22 ’Me joale, Oho lona Balichaba, ke joang le ka emang ka pele ho matla a Molimo, ntle le hore le tla baka ’me le khutle litseleng tsa lona tse mpe?
23 Na ha le tsebe hore le ka liatleng tsa Molimo? Na ha le tsebe hore o na le matla ’ohle, ’me ka taelo ea hae e kholo lefats’e le tla menoa hammoho joalo ka buka e ngotsoeng?
24 Ka baka leo, bakang lona, ’me le ikokobetse ka pele ho eena, e se re o tla tla kantle ka toka ea hae khahlanong le lona—e se re karolo e setseng ea Jakobo e tsamaea har’a lona joaloka tau, ’me e le khaole likoto, ’me ha hona ea lopollang.