Mangolo a halalelang
Mormone 8


Khaolo ea 8

Ba-Lamane ba batla ho timetsa Ba-Nefi—Buka ea Mormone e tla tla ka matla a Molimo—Bomalimabe bo phatlalatsoa holim’a bao ba hemang khalefo le ntoa khahlanong le mosebetsi oa Morena—Lingoliloeng tsa Ba-Nefi li tla tla ka letsatsi la bokhopo, ho fopotleha, le ho kheloha. Ka bo A.D. 400–421.

1 Bonang ’na, Moroni, ke qetela lingoliloeng tsa ntate, Mormone. Bonang, empa ke na le lintho tse ’maloa ho ngola, lintho tseo ke li laetsoeng ke ntate.

2 ’Me joale ho ile ha etsahala hore kamor’a boholo bo boholohali ba ntoa ea Kumora, bonang, Ba-Nefi ba ileng ba phonyohela naheng e hoea boroa ba ile ba tsongoa ke Ba-Labane, hofihlela ba timelitsoe kaofela.

3 ’Me Ntate le eena o ile a bolaoa ke bona, ’me le ’na esita ke setse ke le mong ho ngola pale e hlomolang ea timetso ea sechaba sa heso. Empa Bonang, ba se ba ile, ’me ke phethisa taelo ea ntate. ’Me hore na ba tla mpolaea, ha ke tsebe.

4 Ka baka leo ke tla ngola le ho pata lingoliloeng tsena ka mobung; ’me hore na kea hokae ha hona taba.

5 Bonang, ntate o entse lingoliloeng tsena, ’me o ngotse boikemisetso ba teng. ’Me bonang, ke lakatsa ho bo ngola le ’na haeba ke ne ke na le sebaka holim’a matlapa ao, empa ha ke na sona; le ts’epe ha ke na eona, hobane ke mong. Ntate o bolailoe ntoeng, le bohle baamani le ’na, ’me ha ke na metsoalle kapa moo nka eang; ’me hore na ke ha lelele hakae Morena a tlang ho lumella hore ke phele ha ke tsebe.

6 Bonang, lilemo tse makholo a mane li se li fetile ho tloha ho ho tla ha Morena oa rona le Mopholosi.

7 ’Me bonang, Ba-Lamane ba tsomme sechaba sa heso, Ba-Nefi, tlase ho tloha motseng ho ea ho o mong le ho tloha sebakeng ho ea ho se seng, esita le hofihlela ba felile; ’me ho bile ho holo ho oa ha bona; ee, e kholo ’me e ea tsoteha timetso ea sechaba sa heso, sa Ba-Nefi.

8 ’Me bonang, ke letsoho la Morena le e entseng. ’Me bonang hape, Ba-Lamane ba ntoeng e mong ho e mong; ’me sefahleho sohle sa lefats’e lena ke ketsahalo e le ’ngoe e tsoelang pele ea lipolao le ts’ollo ea mali; ’me ha ho mang ea tsebang pheletso ea ntoa eo.

9 ’Me joale, bonang, ha ke bolele ho feta malebana le bona, hobane ho ne ho se na ea mong ntle le hore e be Ba-Lamane le linokoane ba neng ba le teng holim’a sefahleho sa lefats’e leo.

10 ’Me ha hona le ea mong ea tsebang Molimo oa ’nete ntle le hore e be barutuoa ba Jesu, ba ileng ba lula lefats’eng leo hofihlela bokhopo ba sechaba seo bo se bo le boholo hoo Morena a neng a ke ke a ba lumella ho sala le sechaba seo; ’me hore na ba holim’a sefahleho sa lefats’e leo ha ho motho ea tsebang.

11 Empa bonang, ntate le ’na re ba bone, ’me ba ile ba re sebeletsa.

12 ’Me mang kapa mang ea fumanang lingoliloeng tsena, ’me a sa li ahlole ka lebaka la ho se phethehe ho kahar’e ho tsona, ea ts’oanang o tla tseba lintho tse kholo ho feta tsena. Bonang, ke Moroni; ’me ha ho ne ho khoneha, ke ne ke tla etsa hore lintho tsohle li tsebahale ho lona.

13 Bonang, ke etsa pheletso ea ho bua malebana le sechaba sena. Ke mora oa Mormone, ’me ntate e ne e le setloholo sa Nefi.

14 ’Me ke ’na ea ts’oanang ea patang lingoliloeng tsena ho Morena; matlapa a teng ha a na boleng, ka lebaka la taelo ea Morena. Hobane kannete o ile a bolela hore ha hona ea tla bang le ona ho fumana phaello; empa lingoliloeng tsa teng ke tsa boleng bo boholo; ’me mang kapa mang ea tlang ho li tlisa leseling, eena Morena o tla mo hlohonolofatsa.

15 Hobane ha hona ea ka bang le matla a ho li tlisa leseling ntle le hore a a fuoe ke Molimo; hobane o batla hore e etsahale ka leihlo le leng tlotlisong ea hae, kapa boiketlo ba batho ba khale ’me ba selekane ba qhalehileng ba Morena.

16 ’Me ho lehlohonolo ea tlang ho tlisa ntho ena leseling; hobane e tla tlisoa ho tsoa lefifing ho ea khanyeng, ho latela lentsoe la Molimo; ee, e tla tlisoa kantle ho tsoa mobung, ’me e tla khanya ho ea pele hotsoa lefifing, le ho tla tsebong ea sechaba sena; ’me e tla etsoa ka matla a Molimo.

17 ’Me haeba ho na le liphoso eba ke liphoso tsa motho. Empa bonang, ha hona phoso eo re e tsebang; le ha ho le joalo Molimo o tseba lintho tsohle; ka baka leo, ea ahlolang, etsang hore a ele hloko esere a ba kotsing ea mollo oa lihele.

18 ’Me ea reng; Mponts’e, kapa o tla otloa—etsa hore a ele hloko esere a laela sane se thibetsoeng ke Morena.

19 Hobane bonang, ea ts’oanang ea ahlolang ka potlako o tla ahloloa ka potlako hape; hobane ho latela mesebetsi ea hae meputso ea hae e tla ba joalo; ka baka leo, ea otlang o tla otloa hape, ke Morena.

20 Bonang seo mangolo a halalelang a se bolelang—motho a se ke a otla, kapa a ahlola; hobane kahlolo ke ea ka, ho bolela Morena, ’me boiphetetso ke baka hape, ’me ke tla buseletsa.

21 ’Me ea tlang ho hema khalefo le lintoa khahlanong le mosebetsi oa Morena, le khahlanong le batho ba selekane ba Morena bao e leng ba ntlo ea Iseraele, ’me a re: Re tla timetsa mosebetsi oa Morena, ’me Morena a keke a hopola selekane sa hae seo a se entseng ho ntlo ea Iseraele—ea ts’oanang o kotsing ea ho khaoleloa tlase le ho lahleloa mollong;

22 Hobane merero ea bosafeleng ea Morena e tla tsoelapele, hofihlela lits’episo tsa hae tsohle li phethahalitsoe.

23 Batlang boporofeta ba Isaiah. Bonang, ke sitoa ho bo ngola. Ee, bonang ke re ho lona, hore bahalaleli bao ba seng ba ile pele ho ’na, ba fetileng lefats’eng leo, ba tla hoelehetsa, ee, esita le ho tloha leroleng ba tla hoelehetsa ho Morena; ’me joaloka Morena ea phelang o tla hopola selekane seo a ileng a se etsa le bona.

24 ’Me o tseba lithapelo tsa bona, hore li ne li le bakeng sa bana ba bo bona. ’Me o tseba tumelo ea bona, hobane ka lebitso la hae ba ne ba ka tlosa lithaba; ’me ka lebitso la hae ba ne ba ka etsa hore lefats’e le sisinyehe; ’me ka matla a lentsoe la hae ba ile ba etsa hore lichankana li choatlehele fats’e; ee, esita le sebopi sa mollo se ne se sitoa ho ba lematsa, le haele linyamatsana tse hlaha kapa linoha tse nang le chefo, ka lebaka la matla a lentsoe la hae.

25 ’Me bonang, lithapelo tsa bona hape e ne e le bakeng sa hae hore Morena a tle a lumelle ho tlisa lintho tsena pele.

26 ’Me ho se be le mang ea hlokang hore ha li na ho tla, hobane kannete li tla tla, hobane Morena o e boletse; hobane ho tsoa ka mobung li tla tla, ka letsoho la Morena, ’me ha ho ea mong ea ka li thibelang; ’me li tla tla ka letsatsi leo ka lona ho tla thoe mehlolo e se e felile; ’me le tla tla esita le joaloka eka e mong o tlameha ho bua ho tsoa bafung.

27 ’Me li tla tla ka letsatsi la ha mali a bahalaleli a tlang ho hoelehetsa ho Morena, ka lebaka la liketso tsa sekhukhu le mesebetsi ea lefifi.

28 Ee, ho tla etsahala ka letsatsi leo la ha matla a Molimo a tla latoloa, ’me likereke li fetohile ho silafala le ho phahamisetsoa holimo ka boikhohomoso ba lipelo tsa bona; ee, esita le ka letsatsi leo la ha baetapele ba likereke le baruti ba tlang ho phahama ka boikhohomoso ba lipelo tsa bona, esita le ho mohono oa bona bao ba kenang likereke tsa bona.

29 Ee, li tla tla ka letsatsi leo ho tlang ho utluoa ka mello, le lifefo, le meholi ea mosi mafats’eng a sele;

30 ’Me ho tla utloahala hape ka lintoa, melumo ea lintoa, le ho reketla ha lefats’e libakeng tse fapakaneng.

31 Ee, li tla tla ka letsatsi leo la ha ho tla ba le ts’ilafatso e kholo holim’a sefahleho sa lefats’e; ho tla ba le lipolao, le bonokoane, le leshano le ho thetsa, le bohlola, le mekhoa eohle ea manyala; ha ho tla ba le ba bangata ba tlang hore, etsa hona, kapa etsa hoane, ’me ha ho tsotellehe, hobane Morena o tla ts’ehetsa ba joalo ka letsatsi la ho qetela. Empa ho malimabe ba joalo, hobane ba nyokong e babang le litlamong tsa bokhopo.

32 Ee, li tla tla ka letsatsi la ha ho tla ba le likereke tse tlang ho ahoa tse tla re: Tlohong ho ’na, ’me bakeng sa chelete ea lona le tla ts’oareloa libe tsa lona.

33 Oho lona ba khopo le ba sa lokang le batho ba satalalitseng melala, hobaneng le ikhaetse likereke ho fumana phaello? Hobaneng ha le fetotse lentsoe la Molimo, hore le ke le tlise tsuo holim’a meea ea lona? Bonang, shebang ho lits’enolo tsa Molimo, hobane bonang, nako e eatla ka letsatsi leo la ha lintho tsena tsohle li tlamehang ho phethahatsoa.

34 Bonang, Morena o bonahalitse ho ’na lintho tse kholo tse tsotehang malebana le seo se tlamehang ho tla haufi, ka letsatsi leo la ha lintho tsena li tla tla har’a lona.

35 Bonang, ke bua le lona joaloka ha eka le teng, ’me feela le le sieo. Empa bonang, Jesu Kreste o mponts’itse lona, ’me ke tseba liketso tsa lona.

36 ’Me kea tseba hore le tsamaea ka boikhohomoso ba lipelo tsa lona; ’me ha hona mang ha e se ba fokolang feela ba sa iphahamisetseng holimo ka boikhohomoso ba lipelo tsa bona, ho isa ho apareng liaparo tsa boleng bo boholo, ho isa ho mohono, le lintoa, le lonya, le litlhekefetso, le mekhoa eohle ea bokhopo; ’me likereke tsa lona, ee, esita le e ’ngoe le e ’ngoe, li fetohile ho silafala ka lebaka la boikhohomoso ba lipelo tsa lona.

37 Hobane bonang, le rata chelete, le lithepa tsa lona, le liaparo tsa lona tsa boleng, le ho khabisa likereke tsa lona, ho feta ho rata bafutsana le ba hlokang, ba kulang le ba tlokotsing.

38 Oho lona lits’ila, lona baikaketsi, lona baruti, ba ithekisang bakeng sa seo se tlang ho senya, hobaneng le silafalitse kereke e halalelang ea Molimo? Hobaneng ha le soabela ho inkela lebitso la Kreste? Hobaneng ha le sa nahane bo boholoanyane boleng ba thabo e se nang pheletso ho feta mahlomola a sa hloleng a shoa—ka lebaka la thoriso ea lefats’e?

39 Hobaneng ha le ikhabisa ka seo se se nang bophelo, ’me feela le lumella ba lapileng, le ba hlokang, le ba hlobotseng, le ba kulang le ba tlokotsing ho feta pela lona, ’me le sa ba ele hloko?

40 Ee, hobaneng ha le aha liketso tsa lona tsa sekhukhu ho fumana phaello, ’me le etsa hore bahlolohali ba lle ka pele ho Morena, ’me le likhutsana ho lla ka pele ho Morena, ’me hape le mali a bontat’a bona le banna ba bona ho hoelehetsa ho Morena ho tsoa mobung, bakeng sa boipheteso holim’a lihlooho tsa lona?

41 Bonang, sabole ea boiphetetso e leketlile holim’a lona; ’me nako e ea tla haufi hore a phetetse mali a bahalaleli holim’a lona, hobane a ke ke a mamella lillo tsa bona ho feta.