Khaolo ea 6
Ba-Nefi ba bokana lefats’eng la Kumora bakeng sa lintoa tsa hoqetela—Mormone o pata lingoliloeng tse halalelang leralleng la Kumora—Ba-Lamane ke bahloli, ’me sechaba sa Ba-Nefi sea timetsoa—makholo a likete a bolaoa ka sabole. Ka bo A.D. 385.
1 ’Me joale ke qeta lingoliloeng tsa ka malebana le timelo ea sechaba sa heso, Ba-Nefi. ’Me ho ile ha etsahala hore re ile ra hoanta ka pele ho Ba-Lamane.
2 ’Me ’na, Mormone, ke ile ka ngola lengolo ho morena oa Ba-Lamane, me ke lakatsa ho eena hore a ka re lumella hore re ka bokanya hammoho sechaba sa bo rona lefats’eng la Kumora, pel’a leralla le neng le bitsoa Kumora, ’me moo re ka ba fa ntoa.
3 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena oa Ba-Lamane o ile a mpha ntho eo ke e lakalitseng.
4 ’Me ho ile ha etsahala hore re ile ra hoantela pele ho ea lefats’eng la Kumora, ’me re ile ra hloma litente ho potoloha le leralla la Kumora; ’me e ne e le lefats’eng la metsi a mangata, linoka, le liphororo; ’me mona re ne re na le ts’epo ea ho fumana monyetla holim’a Ba-Lamane.
5 ’Me ha lilemo tse makholo a mararo le mashome a robeli li se li fetile, re ne re bokelletse kaofela karolo e setseng ea sechaba sa bo rona lefats’eng la Kumora.
6 ’Me ho ile ha etsahala hore ha re se re bokelletse kaofela sechaba sa bo rona ho ba ’ngoe lefats’eng la Kumora, bonang, ’na, Mormone, ke ile ka qala ho tsofala; ’me ka ho tseba hore ke ntoa ea ho qetela ea sechaba sa heso, ’me se ke laetsoe ke Morena hore ke se ke ka lumella hore lingoliloeng tse ileng tsa neheletsanoa tlase ke bo ntat’a rona, tse neng li halalela, ho oela matsohong a Ba-Lamane (hobane Ba-Lamane ba ne ba tla li senya) ka baka leo ke ile ka etsa lingoliloeng tsena ho tsoa matlapeng a Nefi, ’me ka pata leralleng la Kumora lingoliloeng tsohle tse ileng tsa ts’epeloa ho ’na ka letsoho la Morena, ntle le matlapa a na a fokolang ao ke ileng ka a fana ho mora oa ka Moroni.
7 ’Me ho ile ha etsahala hore sechaba sa heso, ka basali ba bona le bana ba bona, ba ile ba bona joale mabotho a Ba-Lamane a hoantela ho lebana le bona; ’me letsoalo lane le ts’abehang la lefu le tlatsang lifuba tsa ba khopo, le ile la emela ho ba amohela.
8 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba tla ho tla loana khahlanong le rona, ’me moea o mong le o mong o ne o tletse ka letsoalo ka lebaka la boholo ba lipalo tsa bona.
9 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba oela holim’a sechaba sa heso ka sabole, le ka seqha, le ka motsu, le ka selepe, le ka mefuta eohle ea libetsa tsa ntoa.
10 ’Me ho ile ha etsahala hore banna ba ka ba ile ba khaoleloa tlase, ee, esita le ba likete tse leshome ba neng ba na le ’na, ’me ke ile ka oela ke le likotsi har’a bona; ’me ba ile ba feta ho ’na ka ho se behe bophelo ba ka pheletsong.
11 ’Me ha ba se ba khaoletse tlase sechaba sohle sa heso ntle le ba mashome a mabeli a metso e mene ba rona, (bao har’a bona e neng e le mora oaka Moroni) ’me rona ka ho pholoha ho ba ba shoeleng ba sechaba sa habo rona, re ile ra bona ka hosane, ha Ba-Lamane ba se ba khutletse likampong tsa bona, ho tloha ka holim’a leralla la Kumora, likete tse leshome tsa sechaba sa heso ba ileng ba khaoleloa tlase, ba eteletsoe ka pele ke ’na.
12 ’Me hape re ile ra bona likete tse leshome tsa sechaba sa heso se neng se eteletsoe pele ke mor’a oa ka Moroni.
13 ’Me bonang, likete tse leshome tsa Gidgiddona li ne li oele, ’me le eena ka har’a bona.
14 Le Lama o ne a oele le likete tsa hae tse leshome; le Gilga o ne a oele le liketse tsa hae tse leshome; le Kamoniha, le Moroniha, le Antionume, le Shiblome, le Sema, le Joshe ba ne ba oele le likete tsa bona tse leshome e mong le e mong.
15 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ne ho e-na le ba leshome ho feta ba ileng ba oela ka sabole, le likete tsa bona tse leshome e mong le e mong; ee, esita le sechaba sa heso sohle, ha e se bano ba mashome a mabeli a metso e mene ba neng ba na le ’na, le ba ’maloa ba ileng ba phonyohela linaheng tse ka boroa, le ba ’maloa ba ileng ba fetohela ka ho Ba-Lamane, ba ne ba oele; ’me nama ea bona, le masapo, le mali a ne a lutse holi’ma sefahleho sa lefats’e leo, a siuoe ke matsoho a ba bolaileng ho bolla holim’a lefats’e leo, le ho senyehela ho ’ma bona mobu.
16 ’Me moea oaka o ne o imetsoe ke bohloko, ka lebaka la ba bolailoeng ba sechaba sa heso, ’me ka hoeletsa:
17 Oho lona ba batle, ke joang lona le ileng la tloha litseleng tsa Morena! Oho lona ba batle, ke joang le ileng la latola Jesu, ea ileng a ema ka matsoho a bulehileng ho le amohela!
18 Bonang, haeba le sa ka la etsa sena, le ka be le sa oela. Empa Bonang, le oele, ’me ke llela tahlehelo ea lona.
19 Oho lona bara le barali ba batle, lona bo ntate le bo ’m’e, lona banna le basali, lona ba batle, ke joang hore e be le ile la oela!
20 Empa bonang, le se le ile, ’me masoabi a ka a sitoa ho tlisa ho khutla ha lona.
21 ’Me letsatsi lea tla haufi leo ho shoa ha lona ho tlang ho apara ho se shoe, ’me ’mele ena eo e bolang hajoale ka ts’enyeho haufi e tlameha ho fetoha mebele e sa senyeheng; ’me ka nako eo le tlameha ho ema ka pele ho setulo sa kahlolo sa Kreste, ho ahloloa ho latela mesebetsi ea lona; ’me haeba ho etsahala hore e be le lokile, joale le lehlohonolo le bontat’a lona ba ileng pele ho lona.
22 Oho hore e be le ile la baka pele ts’enyeho ena e kholo e tla holim’a lona. Empa bonang, le se le ile, ’me Ntate, ee, Ntate oa bosafeleng oa leholimo, o tseba boemo ba lona; ’me o etsa ka lona ho latela toka ea hae le mohau.