Nefi oa Bone
Buka ea Nefi
Eo e neng e le mora oa Nefi—E mong oa barutuoa ba Jesu Kreste
Pale ea sechaba sa Nefi, ho latela lingoliloeng tsa hae.
Khaolo ea 1
Ba-Nefi le Ba-Lamane bohle ba sokolohela ho Morena—Ba eba le lintho tsohle ka ho ts’oana, ba etsa mehlolo, le ho atleha lefats’eng leo—Kamor’a lilemo tse makholo a mabeli, likarohano, likereke tsa bohata, le litlhokofatso lia phahama—Kamor’a lilemo tse makholo a mararo, bobeli Ba-Nefi le Ba-Lamane ba khopo—Ammarone o pata lingoliloeng tseo tse halalelang. Ka bo A.D. 35–321.
1 ’Me ho ile ha etsahala hore selemo sa mashome a mararo le metso e mene se ile sa feta, ’me hape le sa mashome a mararo a metso e mehlano, ’me bonang barutuoa ba Jesu ba ne ba thehile kereke ea Kreste mafats’eng ohle ho potoloha. ’Me ba bangata joaloka ba ileng ba tla ho tsona, ’me ba ile ba bakela libe tsa bona e la kannete, ba ile ba kolobetsoa ka lebitso la Jesu; ’me hape ba ile ba amohela Moea o Halalelang.
2 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a mararo a metso e ts’eletseng, batho bohle ba ne ba sokolohetse ho Morena, holim’a sefahleho sohle sa lefats’e leo, Ba-Nefi le Ba-Lamane ka bobeli, ’me ho ne ho se na likhang le litsekisano har’a bona, ’me motho e mong le e mong o ne a sebetsa ka toka le e mong.
3 ’Me ba ne ba ena le lintho tsohle ka ho ts’oana har’a bona; ka baka leo ho ne ho se na barui kapa mafutsana, ba litlamong le ba lokolohileng, empa bohle ba ne ba entsoe hore ba lokolohe, le ho ba baji ba mpho ea leholimo.
4 ’Me ho ile ha etsahala hore selemo sa mashome a mararo a metso e supileng se ile sa feta le sona, ’me ho ile ha tsoelapele hore ho be le khotso lefats’eng leo.
5 ’Me ho ne ho ena le mesebetsi e meholo e makatsang e neng e tlisitsoe ke barutuoa ba Jesu, haholo hoo hore ba ile ba folisa ba kulang, le ho tsosa ba shoeleng, le ho etsa hore liritsa li tsamaee, le ba foufetseng ho fumana pono ea bona, le ba sa utloeng ho utloa; le mefuta eohle ea mehlolo ba ile ba e sebetsa har’a bana ba batho; ’me ha ho ka letho leo ba ileng ba sebetsa mehlolo ntle le hore e be ka lebitso la Jesu.
6 ’Me ke joana selemo sa mashome a mararo a metso e robeli se ileng sa feta, le sa mashome a mararo a metso e robong, le sa mashome a mane le a motso o mong, le sa mashome a mane a metso e ’meli, ee, esita le hofihlela sa mashome a mane a metso e robong se ile sa feta, ’me hape le sa mashome a mahlano le a motso o mong, le mashome a mahlano a metso e ’meli; ee, ’me esita le hofihlela sa mashome a mahlano a metso e robong se ile sa feta.
7 ’Me Morena o ile a ba atlehisa ka ho fetisisa lefats’eng leo; ee, haholo hoo hore ba ile ba aha metse hape moo ho ileng ha eba le metse e chang.
8 Ee, esita le motse o moholo oa Zarahemla ba ile ba etsa hore o ahoe hape.
9 Empa ho bile le metse e mengata e ileng ea teba, ’me metsi a ile a nyolohela sebakeng sa eona; ka baka leo metse ena e ne e sitoa ho nchafatsoa.
10 ’Me joale, bonang, ho ile ha etsahala hore sechaba sa Nefi se ile sa eba matla, ’me se ile sa ngatafala kapele ka ho fetisisa, ’me sa fetoha batho ba batle ka ho fetisisa le ho thabisa.
11 ’Me ba ile ba nyaloa, le ho nyalisoa, ’me ba ile ba hlohonolofatsoa ho latela bongata ba lits’episo tseo Morena a ileng a li etsa ho bona.
12 ’Me ha ba ka ba tsamaea ho feta kamor’a liketsahalo le lits’ebeletso tsa molao oa Moshe; empa ba ile ba tsamaea kamor’a litaelo tseo ba ileng ba li amohela ho tsoa ho Morena le Molimo oa bona, ba tsoelapele ka boitimo le thapelo, le ka ho kopana khafetsa bobeli ho rapela le ho utloa lentsoe la Morena.
13 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ne ho se na likhang har’a sechaba sohle, lefats’eng leo lohle; empa ho ne ho ena le mehlolo e meholo e neng e sebetsa har’a barutuoa ba Jesu.
14 ’Me ho ile ha etsahala hore selemo sa mashome a supileng a motso o mong se ile sa feta, hape le sa mashome a supileng le metso e ’meli, ee, ka kakaretso, ho fihlela sa mashome a supileng a metso e robong se fetile; ee, esita le lilemo tse lekholo li ile tsa feta, ’me barutuoa ba Jesu, bao a ileng a ba khetha, ba ne ba ile paradeising ea Molimo, ntle le ba bararo ba tlamehang ho sala; ’me ho ne ho ena le barutuoa ba bang ba ileng ba behoa matsoho bakeng sa bona; ’me hape bongata ba moloko oo o ile oa shoa.
15 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ne ho se na likhang lefats’eng leo, ka lebaka la lerato la Molimo le neng le phela ka lipelong tsa sechaba seo.
16 ’Me ho ne ho se na mehono, kapa likhang, kapa meferefere, kapa bofebe, kapa mashano, kapa lipolao, kapa mofuta ofe kapa ofe oa bohlola; ’me kannete ho ne ho keke ha eba le sechaba se thabileng ho feta har’a batho bohle ba hlotsoeng ke letsoho la Molimo.
17 Ho ne ho se na masholu, kapa babolai, le ha e le hona ho ba le Ba-Lamane, kapa mokhoa ofe kapa ofe oa Bang-; empa ba ne ba le ntho e ’ngoe, bana ba Kreste, ’me bajalefa ho ’muso oa Molimo.
18 ’Me ba ne ba hlohonolofetse joang! Hobane Morena o ile a ba hlohonolofatsa liketsong tsohle tsa bona; ee, esita ba ile ba hlohonolofatsoa le ho atlehisoa hofihlela lilemo tse lekholo le leshome li fetile; ’me moloko oa pele ho tloha ho Kreste o ile oa feta, ’me ho ne ho se na likhang lefats’eng leo lohle.
19 ’Me ho ile ha etsahala hore Nefi, eo a ileng a boloka lingoliloeng tsena tsa ho qetela, (’me o ile a li bolokela holim’a matlapa a Nefi) a shoa, ’me mora oa hae Amose o ile a li boloka bakeng sa hae; ’me o ile a li boloka holim’a matlapa a Nefi le eena.
20 ’Me o ile a li boloka lilemo tse mashome a robeli le metso e mene, ’me ho ne ho ntse ho ena le khotso lefats’eng leo, ntle le hore ho ne ho ena le karolo e nyane ea batho ba ileng ba fetohela ho tsoa kerekeng ’me ba inkela ho bona lebitso la Ba-Lamane; ka baka leo ho ile ha qala hore ho be le Ba-Lamane hape lefats’eng leo.
21 ’Me ho ile ha etsahala hore Amose o ile a shoa le eena, (’me e ne e le lilemo tse lekholo le mashome a robong ho tsoa ho ho tla ha Kreste) ’me mora oa hae Amose o ile a boloka lingoliloeng bakeng sa hae; ’me le eena o ile a li boloka holim’a matlapa a Nefi; ’me li ne li ngotsoe ka bukeng ea Nefi; e leng buka ena.
22 ’Me ho ile ha etsahala hore lilemo tse makholo a mabeli li ile tsa feta; ’me moloko oa bobeli oohle o ile oa shoa ntle le hore e be ba fokolang.
23 ’Me joale ’na, Mormone, ke lakatsa hore le tle le tsebe hore sechaba seo se ile sa ngatafala, haholo hoo hore ba ile ba jaleha holim’a sefahleho sa lefats’e leo lohle, ’me ba ile ba fetoha barui ka ho fetisisa, ka lebaka la katleho ea bona ho Kreste.
24 ’Me joale, lilemong tsena tse makholo a mabeli le motso o mong ho ile ha qala hore ho be har’a bona bao ba neng ba phahamiselitsoe holimo ka boikhohomoso, joaloka ho apara liaparo tse turang, le mefuta eohle ea liperela, le ea lintho tse ntle tsa lefats’e.
25 ’Me ho tloha nakong eo ho ea pele ba ile ba se hlole ba eba le lithepa tsa bona le maruo a bona ka ho ts’oana har’a bona.
26 ’Me ba ile ba qala ho arohana ka maemo; ’me ba ile ba qala ho ikahela likereke tsa bona ho fumana phaello, ’me ba qala ho latola kereke ea Kreste.
27 ’Me ho ile ha etsahala hore ha lilemo tse makholo a mabeli a metso e leshome li se li fetile ho ne ho ena le likereke tse ngata lefats’eng leo; ee, ho ne ho ena le likereke tse ngata tse neng li ipolela ka ho tseba Kreste, empa feela li ne li latola likarolo tse fetang tsa evangeli, haholo hoo hore li ile tsa amohela mekhoa eohle ea bokhopo, ’me li ile tsa fana ka seo se halalelang ho eena eo ho thibetsoeng ka lebaka la ho se lokelehe.
28 ’Me kereke ena e ile ea ngatafala ka ho fetisisa ka lebaka la bokhopo, ’me le ka lebaka la matla a Satane ea ileng a ba le taolo ho lipelo tsa bona.
29 ’Me hape, ho ile ha eba le kereke e ’ngoe eo e ileng ea latola Kreste; ’me ba ile ba hlorisa kareke ea ’nete ea Kreste, ka lebaka la boikokobetso ba bona le ho lumela ha bona ho Kreste; ’me ba ile ba ba nyelisa ka lebaka la mehlolo e mengata e ileng ea sebetsoa har’a bona.
30 Ka baka leo, ba ile ba sebelisa matla le tokelo holim’a barutua ba Jesu ba neng ba phela le bona, ’me ba ile ba ba lahlela chankaneng; empa ka matla a lentsoe la Molimo, leo le neng le le ka ho bona, bats’oaruoa ba ile ba arohana habeli, ’me ba ile ba ea pele ba ntse ba etsa mehlolo e meholo har’a bona.
31 Le ha ho le joalo, ’me ho sa tsotellehe mehlolo ena eohle, batho ba ile ba thatafatsa lipelo tsa bona, ’me ba batla ho ba bolaea, esita le joaloka Ba-Juda Jerusalema ba ile ba batla ho bolaea Jesu, ho latela lentsoe la hae.
32 ’Me ba ile ba ba lahlela liboping tsa mollo, ’me ba ile ba tsoa ba sa fumana temalo.
33 ’Me ba ile ba ba lahlela mahaheng a liphoofolo tse hlaha, ’me ba ile ba bapala le liphoofolo tse hlaha esita le joaloka ngoana le konyana; ’me ba ile ba tloha ho tsoa har’a bona, ba sa fumana temalo.
34 Le ha ho le joalo, sechaba seo se ile sa thatafatsa lipelo tsa sona, hobane ba ne ba eteletsoe ke baprista ba bangata le baporofeta ba bohata ho aha likereke tse ngata, le ho etsa mekhoa eohle ea bokhopo. ’Me ba ile ba otla batho ba Jesu, empa batho ba Jesu ha ba ka ba ba otla hape. ’Me ke joana ba ileng ba fela ke ho se lumele le bokhopo, ho tloha selemong se seng ho ea ho se seng, esita le hofihlela lilemo tse makholo a mabeli le mashome a mararo li fetile.
35 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ka selemo sena, ee, ka selemo sa makholo a mabeli le mashome a mararo a motso o mong, ho ile ha eba le karohano e kholo har’a sechaba.
36 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sena ho ile ha tsoha sechaba se bitsoang Ba-Nefi, ’me e ne e le balumeli ba ’nete ba Kreste; ’me har’a bona ho ne ho ena la bao ba bitsoang Ba-Lamane—Ba-Jakobo, le Ba-Josefa, le Ba-Zorame.
37 Ka baka leo balumeli ba ’nete ba Kreste, le bakhumameli ba ’nete ba Kreste, (bao har’a bona e neng e le barutuoa ba bararo ba Jesu ba tlamehang ho sala) ba ne ba bitsoa Ba-Nefi, le Ba-Jakobo, le Ba-Josefa, le Ba-Zorame.
38 ’Me ho ile ha etsahala hore bao ba latotseng evangeli ba ne ba bitsoa Ba-Lamane, le Ba-Lemuele, le Ba-Ishemaele; ’me ba ne ba sa fela ke ho se lumele, empa ba ile ba fetohela ka boomo khahlanong le evangeli ea Kreste; ’me ba ile ba ruta bana ba bona hore ba se ke ba lumela, esita le joaloka bontat’a bona, ho tloha qalong, ba ileng ba fela.
39 ’Me e ne e le ka lebaka la bokhopo le manyala a bo ntat’a bona, esita le joaloka ho ne ho le joalo qalong. ’Me ba ile ba rutoa ho hloea bana ba Molimo, esita le joaloka ha Ba-Lamane ba ile ba rutoa ho hloea bana ba Nefi ho tloha qalong.
40 ’Me ho ile ha etsahala hore lilemo tse makholo a mabeli le mashome a mane le metso e mene li ile tsa feta, ’me li ne li le joana litaba tsa sechaba seo. ’Me karolo e khopo ho feta ea sechaba e ile ea eba matla, ’me ea fetoha ka ho fetisisa ho ba lipalo li ngata ho feta kamoo sechaba sa Molimo se neng se baleha.
41 ’Me ba ile ba nna ba tsoelapele ho ikahela likereke ho bona, ’me ba ikhabisa ka mefuta eohle ea lintho tsa bohlokoa. ’Me ke joana selemo sa makholo a mabeli le mashome a mahlano se ileng sa feta, le hape lilemo tse makholo a mabeli le mashome a ts’eletseng.
42 ’Me ho ile ha etsahala hore karolo e khopo ea sechaba e ile ea qala hape ho theha likano tsa lekunutu le liketso tsa sekhukhu tsa Gadiantone.
43 ’Me hape le sechaba se neng se bitsoa sechaba sa Nefi se ile sa qala hoba le boikhohomoso lipelong tsa bona, ka lebaka la borui ba bona bo fetisisang, ’me ba fetoha lefeela ho ts’oana le bana ba bo bona, Ba-Lamane.
44 ’Me ho tloha nakong ena barutuoa ba ile ba qala ho soaba bakeng sa libe tsa lefats’e.
45 ’Me ho ile ha etsahala hore ha lilemo tse makholo a mararo li se li fetile, bobeli sechaba sa Nefi le Ba-Lamane ba ne ba fetohile ho ba khopo ka ho fetisisa ba bang ho ts’oana le ba bang.
46 ’Me ho ile ha etsahala hore masholu a Gadiantone a ile a jaleha holim’a sefahleho sohle sa lefats’e leo; ’me ho ne ho se na ea lokileng ntle le hore e be barutuoa ba Jesu. ’Me khauta le silevera li ile tsa bolokeha ka bongata, ’me li ile tsa rekisoa ka mekhoa eohle ea thekiso.
47 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a hore lilemo tse makholo a mararo le metso e mehlano li fete, (’me sechaba se ile sa ’na sa sala bokhopong) Amose o ile a shoa; ’me ngoana’bo Ammarone, o ile a boloka lingoliloeng bakeng sa hae.
48 ’Me ho ile ha etsahala hore ha lilemo tse makholo a mararo le mashome a mabeli li fetile, Ammarone, a susumetsoe ke Moea o Halalelang, o ile a pata lingoliloeng tse neng li halalela—ee, esita le lingoliloeng tsohle tse halalelang tse ileng tsa fetisetsoa tlase ho tloha molokong ho ea molokong, tseo li neng li halalela—esita le hofihlela selemo sa makholo a mararo le mashome a mabeli ho tloha ho ho tla ha Kreste.
49 ’Me o ile a li pata ho Morena, hore li ke li tle hape ho karolo e setseng ea ntlo ea Jakobo, ho latela boporofeta le lits’episo tsa Morena. ’Me ke joana e leng pheletso ea lingoliloeng tsa Ammarone.