Khaolo ea 30
Balichaba ba mehla ea kajeno ba laeloa ho baka, ho tla ho Kreste, le ho baloa le ntlo ea Iseraele. Ka bo A.D. 34–35.
1 Mamelang, Oho lona Balichaba, ’me le utloe mantsoe a Jesu Kreste, Mor’a Molimo ea phelang, ao a laetseng ’na hore ke tle ke a bolele malebana le lona, hobane, bonang, o ntaetse hore ke tle ke ngole, a re:
2 Khutlang, lona bohle Balichaba, ho tsoa tseleng tsa bokhopo; ’me le bake liketsong tsa lona tsa bobe, ho mashano a lona le ho thetsa, le ho bofebe ba lona, le ho manyala a lona a lekunutu, le ho rapela lits’oants’o, le lipolao tsa lona, le boprista ba bohata, le mona oa lona, le likhang tsa lona, le ho bokhopo bohle ba lona le manyala, ’me le tle ho ’na, ’me le kolobetsoe ka lebitso la ka, hore le ke le fumane ts’oarelo ea libe tsa lona, ’me le tlatsoe ka Moea o Halalelang, hore le ke le baloe le sechaba sa ka seo e leng sa ntlo ea Iseraele.