Mangolo a halalelang
3 Nefi 25


Khaolo ea 25

Ka Ho Tla Lekhetlo La Bobeli, ba ikhohomosang le ba khopo ba tla chesoa joaloka serite—Elia o tla khutla pele ho letsatsi leo le leholo le ts’abehang—Bapisa Malakia 4. Ka bo A.D. 34.

1 Hobane bonang, letsatsi lea tla le tlang ho chesa joaloka onto; ’me bohle ba ikhohomosang, ee, le bohle ba etsang ka bokhopo, ba tla eba serite; ’me letsatsi leo le tlang le tla ba chesa, ho bolela Morena oa Makhotla, hore ha le na ho ba sia le haele motso kapa lekala.

2 Empa ho lona ba ts’abang lebitso la ka, Mora oa ho loka o tla tsoha ka pholiso mapheong a hae; ’me le tla ea pele le hole joaloka manemane ka sakeng.

3 ’Me le tla hatikela fats’e ba khopo; hobane ba tla ba molora tlas’a bohato ba maoto a lona ka letsatsi leo ke tlang ho etsa sena, ho bolela Morena oa Makhotla.

4 Hopolang lona molao oa Moshe, mohlanka oa ka, oo ke mo laetseng ona Horebe bakeng sa Iseraele eohle, ka melao le likahlolo.

5 Bonang, ke tla le romela Elia moporofeta pele ho letsatsi le leholo le ts’abehang la Morena;

6 ’Me o tla busetsa lipelo tsa bontate ho bana, le lipelo tsa bana ho bont’a bona, esere ka tla ’me ka otla lefats’e ka thohako.