Khaolo ea 23
Jesu o amohela mantsoe a Esaia—O laela sechaba sa hae ho batla baporofeta—Mantsoe a Samuele Mo-Lamane malebana le tsoho ea bafu a eketsoa ho lingoliloeng tsa bona. Ka bo A.D. 34.
1 ’Me joale, bonang, ke re ho lona, hore le lokela ho batla lintho tsena. Ee, molao ke o fana ho lona hore le batle lintho tsena ka mafolofolo; hobane a maholo mantsoe a Esaia.
2 Hobane kannete o boletse joaloka ha ho thetsa lintho tsohle malebana le sechaba sa ka seo e leng sa ntlo ea Iseraele; ka baka leo ho tlameha ho hlokahala hore a bue hape ho Balichaba.
3 ’Me lintho tsohle tseo a li boletseng li bile joalo ’me li tla ba joalo, esita le ho latela mantsoe oa a a boletseng.
4 Ka baka leo mamelang mantsoe a ka; ngolang lintho tseo ke le boleletseng tsona, ’me ho latela nako le thato ea Ntate ba tla ea pele ho Balichaba.
5 ’Me mang kapa mang ea tlang ho mamela mantsoe a ka ’me a baka ’me a kolobetsoa, ea ts’oanang o tla pholosoa. Batlang baporofeta, hobane ba bangata ba tlang ho pakahatsa ka lintho tsena.
6 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se a boletse mantsoe ana o ile a re ho bona hape, kamora hore a hlalose ohle mangolo a halalelang ho bona ao ba ileng ba a amohela, o ile a re ho bona: Bonang, a mang mangolo a halalelang ke lakatsa hore le tle le a ngole, ao le so a etse joalo.
7 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a re ho Nefi: Tlisa lingoliloeng tseo u li bolokileng.
8 ’Me ha Nefi a se a tlisitse lingoliloeng tseo, ’me a li behile ka pele ho eena, o ile a lahlela mahlo a hae ho tsona ’me a re:
9 Ka ’nete ke re ho lona, ke ile ka laela mohlanka oa ka Samuele, Mo-Lamane, hore a pakahatse ho sechaba sena, hore ka letsatsi leo Morena a tlang ho tlotlisa lebitso la hae ka ho ’na hore ho bile le bahalaleli ba bangata ba tlang ho tsoha bafung, ’me ba tla hlaha ho ba bangata, ’me ba tla ba sebeletsa. ’Me o ile a re ho bona: Na ho ne ho se joalo?
10 ’Me barutuoa ba hae ba ile ba mo arabela ba re: Ee, Morena, Samuele o ile a porofeta ho latela mantsoe a hau, ’me ohle a ile a phethahala.
11 ’Me Jesu o ile a re ho bona: Ke joang hore e be ha lea ngola ntho ee, hore bahalaleli ba bangata ba ile ba tsoha ’me ba hlaha ho ba bangata ’me ba ile ba ba sebeletsa?
12 ’Me ho ile ha etsahala hore Nefi o ile a hopola hore ntho ena ha e ea ka ea ngoloa.
13 ’Me ho ile ha etsahala hore Jesu o ile a laela hore e tle e ngoloe; ka baka leo e ile ea ngoloa ho latela joaloka ha a laetse.
14 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se a hlalositse ohle mangolo a halalelang ka ho ba ntho e ’ngoe, ao ba a ngotseng, o ile a ba laela hore ba tle ba rute lintho tseo a ileng a li hlalosa ho bona.