Mangolo a halalelang
3 Nefi 19


Khaolo ea 19

Barutuoa ba leshome le metso e ’meli ba sebeletsa sechaba ’me ba rapella Moea o Halalelang—Barutuoa ba ea kolobetsoa ’me ba amohela Moea o Halalelang le bosebeletsi ba mangeloi—Jesu o rapela a sebelisa mantsoe a sitang ho ngoloa—o pakahatsa ka tumelo e fetisisang haholo ea Ba-Nefi bana. Ka bo A.D. 34.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se a nyolohetse maholimong, bongata boo bo ile ba qhalana, ’me monna e mong le e mong o ile a nka mosali oa hae le bana ba hae ’me a khutlela lehaeng la hae.

2 ’Me ho ile ha etsoa lerata hole har’a sechaba hang hang, pele ho so be lefifi, hore bongata boo bo bone Jesu, le hore o ile a ba sebeletsa, le hore hape o tla iponahatsa ka hosasane ho bongata boo.

3 Ee, ’me esita le bosiu bohle ho ile ha etsoa lerata hole malebana le Jesu; le haholo hoo hore ba ile ba romela sechabeng, hore ba ne ba le bangata, ee, palo e kholo ka ho fetisisa, e ile ea sebetsa bosiu bohle, hore ka hosasane ba ke ba be sebakeng moo Jesu a tlang ho iponahatsa ho bongata boo.

4 ’Me ho ile ha etsahala hore ka hosasane, ha bongata bo ne bo bokane hammoho, bonang, Nefi, le ngoan’abo eo a neng a mo tsositse bafung, eo lebitso la hae e neng e le Timothea, ’me hape le mora oa hae, eo lebitso la hae e neng e le Jonase, ’me hape le Mathoni, le Mathoniha, ngoan’abo, le Kumene, le Kumenoni , le Jeremia, le Shemnone, le Jonase, le Zedekia, le Esaia—joale a na e ne e le mabitso a barutuoa bao Jesu a ileng a ba khetha—’me ho ile ha etsahala hore ba ile ba ea pele ’me ba ema ka har’a bongata boo.

5 ’Me bonang, bongata bo ne bo le boholo hoo bo ileng ba etsa hore ba tle ba arohe ka likarolo tse leshome le metso e ’meli.

6 ’Me ba leshome le metso e ’meli ba ile ba ruta bongata boo; ’me bonang, ba ile ba etsa hore bongata boo bo khumame fats’e holima sefahleho sa lefats’e, ’me ba tle ba rapele ho Ntate ka lebitso la Jesu.

7 ’Me barutuoa ba ile ba rapela ho Ntate le bona ka lebitso la Jesu. ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba phahama ’me ba sebeletsa ho sechaba seo.

8 ’Me ha ba se ba rutile oona mantsoe ao a ts’oanang le ao Jesu a ileng a a bolela—ho se na letho le fapaneng ho tsoa ho mantsoe ao Jesu a ileng a a bolela—bonang, ba ile ba khumama hape ’me ba rapela ho Ntate ka lebitso la Jesu.

9 ’Me ba ile ba rapela bakeng sa sane seo ba neng ba se lakatsa ka ho fetisisa; ’me ba ne ba lakatsa hore Moea o Halalelang o tle o fanoe ho bona.

10 ’Me ha ba se ba rapetse joana ba ile ba tsamaela tlase ho isa pheletsong ea metsi, ’me bongata bo ile ba ba latela.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore Nefi o ile a ea tlase metsing ’me a kolobetsoa.

12 ’Me o ile a nyoloha ho tsoa ka metsing ’me a qala ho kolobetsa. ’Me o ile a kolobetsa bohle bao Jesu a ileng a ba khetha.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore ha bohle ba se ba kolobelitsoe ’me ba se ba tsoile ka metsing, Moea o Halalelang o ile oa theohela holim’a bona, ’me ba ile ba tlatsoa ka Moea o Halalelang le ka mollo.

14 ’Me bonang, ba ne ba potapotiloe hohle joaloka ha eka e ne e le ka mollo; ’me o ne o tlile tlase ho tsoa maholimong, ’me bongata boo bo ile ba e paka, ’me ba ile ba paka; le mangeloi a ile a theohela tlase ho tsoa maholimong ’me a ile a ba sebeletsa.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore ha mangeloi a ntse a sebeletsa barutuoa, bonang, Jesu o ile a tla ’me a ema har’a bona ’me a ba sebeletsa.

16 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a bua le bongata boo, ’me a ba laela hore ba khumame fats’e hape holim’a lefats’e, ’me hape le hore barutuoa le bona ba khumame fats’e holim’a lefats’e.

17 ’Me ho ile ha etsahala hore ha bohle ba se ba khumame fats’e holim’a lefats’e, o ile a laela barutuoa ba hae hore ba tle ba rapele.

18 ’Me bonang, ba ile ba qala ho rapela; ’me ba ile ba rapela ho Jesu, ba mo bitsa Morena oa bona le Molimo oa bona.

19 ’Me ho ile ha etsahala hore Jesu o ile a falla ho tsoa har’a bona, ’me a tsamaela hole hanyane ho bona ’me a inamela fats’e, ’me a re:

20 Ntate, kea u leboha hore u fane ka Moea o Halalelang ho bana bao ke ba khethileng; ’me ke ka lebaka la ho lumela ha bona ho ’na hore e be ke ba khethile ho tsoa lefats’eng leo.

21 Ntate, kea u rapela hore u ke u fane ka Moea o Halalelang ho bona bohle ba tlang ho lumela mantsoeng a bona.

22 Ntate, u ba file Moea o Halalelang hobane ba lumela ho ’na; ’me u ea bona hore ba lumela ho ’na hobane u ba utloile, ’me ba rapela ho ’na; ’me ba rapela ho ’na hobane ke na le bona.

23 ’Me joale Ntate, ke rapela ho uena bakeng sa bona, hape le bakeng sa bao ba tlang ho lumela mantsoeng a bona, hore ba ke ba lumele ho ’na, hore nke ke be ka ho bona joaloka ha uena, Ntate, u le ka ho ’na, hore re ke re be ntho e le ’ngoe.

24 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se a rapetse joana ho Ntate, o ile a tla ho barutuoa ba hae, ’me bonang, ba ile ba ’na ba tsoelapele, ntle le ho emisa, ho rapela ho eena; ’me ha ba ka ba ngatafatsa mantsoe a mangata, hobane ho ne ho fanoe ho bona hore ba rapelle eng, ’me ba ne ba tlatsitsoe ka takatso.

25 ’Me ho ile ha etsahala hore Jesu o ile a ba hlohonolofatsa joaloka ha ba ile ba rapela ho eena; ’me sefahleho sa hae se ile sa bososela holim’a bona, ’me khanya ea sefahleho sa hae e ile ea khanya holim’a bona, ’me bonang ba ne ba le basoeu joaloka sefahleho ’me hape le seaparo sa Jesu; ’me bonang bosoeu ba teng bo ile ba fetisisa bosoeu bohle, ee, esita le hore ho ne ho ke ke ha eba le letho holim’a lefats’e e ts’oeu joalo joaloka ka bosoeu boo ba teng.

26 ’Me Jesu o ile a re ho bona: tsoelang pele ho rapela; le ha ho le joalo ha ba ka ba emisa ho rapela.

27 ’Me o ile a reteleha ho tsoa ho bona hape, ’me a tsamaela hole hanyenyane ho bona ’me a inamela tlase ho lefats’e; ’me o ile a rapela hape ho Ntate, a re:

28 Ntate, kea u leboha hore u ba hloekisitse bano bao ke ba khethileng, ka lebaka la tumela ea bona, ’me ke rapela bakeng sa bona, hape le bao ba tlang ho lumela mantsoeng a bona, hore ba ke ba hloekisoe ka ho ’na, ka tumelo mantsoeng a bona, esita le joaloka ha ba hloekisitsoe ka ho ’na.

29 Ntate, ha ke rapelle lefats’e, empa bakeng sa bao u mphileng bona ho tsoa lefats’eng, ka lebaka la tumelo ea bona, hore ba ke ba hloekisoe ka ho ’na, hore nke ke be ka ho bona joaloka ha uena Ntate, u le ka ho ’na, hore re ke re be ntho e le ’ngoe, hore nke ke tlotlisoe ka ho bona.

30 ’Me ha Jesu a se a boletse mantsoe a na o ile a tla hape ho barutuoa ba hae; ’me bonang ba ile ba rapela ka ho tsitsa, ntle le ho emisa, ho eena; ’me o ile a bososela holim’a bona hape, ’me bonang ba ne ba le basoeu, esita le joaloka Jesu.

31 Me ho ile ha etsahala hore, o ile a tsamaela hole hanyane hape ’me a rapela ho Ntate;

32 ’Me leleme le sitoa ho bolela mantsoe ao a a rapetseng, le ha e le hore ho ka ngoloa ke motho mantsoe ao a ileng a a rapela.

33 ’Me bongata boo bo ile ba utloa le ho paka; ’me lipelo tsa bona li ile tsa buleha ’me ba ile ba utloisisa ka lipelong tsa bona mantsoe ao a ileng a a rapela.

34 Le ha ho le joalo, a ne a le maholo a makatsa hoo mantsoe ao a ileng a a rapela hore a ne a sitoa ho ngoloa, le ha ho le joalo hore a ka boleloa ke motho.

35 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se a entse pheletso ea ho rapela o ile a tla hape ho barutuoa ba hae, ’me a re ho bona: E kholo hoo tumelo ena eo ke so kang ke e bona har’a Ba-Juda bohle; ka baka leo ke ne ke sitoa ho ba bonts’a mehlolo e meholo hoo ka lebaka la ho se lumele ha bona.

36 Kannete ke re ho lona, ha hona le ea mong oa bona ea boneng litho tse kholo ha kaalo joaloka ha lona le bone; le ha ho le joalo ho utloa lintho tse kholo joaloka ha lona le utloile.