Khaolo ea 21
Iseraele e tla bokelloa ha Buka ea Mormone e tla—Balichaba ba tla thehoa e le sechaba se lokolohileng Amerika—Ba tla pholosoa haeba ba lumela le ho mamela; ntle le moo ba tla khaoloa le ho timetsoa—Iseraele e tla aha Jerusalema e Ncha, ’me merabe e lahlehileng e tla khutla. Ka bo A.D. 34.
1 ’Me ka ’nete ke re ho lona, ke fana ho lona lets’oao, hore le ke le tsebe nako ea ha lintho tsena li ba haufi le ho nka sebaka—hore ke tla bokella, ho tsoa ho hasaneng ha bona ho ho telele, sechaba sa ka, Oho ntlo ea Iseraele, ’me ke tla theha hape har’a bona Sione ea ka;
2 ’Me bonang, ena ke eona ntho eo ke tlang ho e fana ho lona bakeng sa lets’oao—hobane kannete ke re ho lona hore ha lintho tsena tseo ke li phatlalatsang ho lona, le tseo ke tlang ho li phatlalatsa kamorao ho mona ka bo ’na, le ka matla a Moea o Halalelang o tlang ho fanoa ho lona ke Ntate, ho tla tsebahatsoa ho Balichaba hore ba ke ba tsebe malebana le sechaba sena bao e leng karolo e setseng ea ntlo ea Jakobo, le malebana le sechaba sa ka se tlang ho qhalakangoa ke bona;
3 Ka ’nete nete, ke re ho lona, ha lintho tsena li etsoa hore li tsebahale ho bona ka Ntate, ’me li tla tla ka Ntate, ho tsoa ho bona ho tla ho lona;
4 Hobane ke bohlale ka ho Ntate hore ba tle ba thehoe lefats’eng lena, ’me ba emisoe e le sechaba se lokolohileng ka matla a Ntate, hore lintho tsena li ke li tle ho tsoa ho bona ho ea ho karolo e setseng ea hau, hore selekane sa Ntate se ke se phethahatsoe seo a se entseng le sechaba sa hae, Oho ntlo ea Iseraele.
5 Ka baka leo, ha mesebetsi ena le mesebetsi e tlang ho sebetsoa har’a lona kamorao ho mona e tla tla ho tsoa ho Balichaba, ho peo ea hau e tlang ho fela ke ho se lumele ka lebaka la bokhopo;
6 Hobane joana ke takatso ea Ntate hore e tlameha ho tla ho tsoa ho Balichaba, hore a ke a bonts’e matla a hae ho Balichaba, bakeng sa lebaka lena hore Balichaba, haeba ha ba na ho thatafatsa lipelo tsa bona, hore ba ke ba bake ’me ba tle ho ’na ’me ba kolobetsoe ka lebitso la ka ’me ba tsebe ka lintlha tsa nnete tsa thuto ea ka ea tumelo, hore ba ke ba baloe har’a sechaba sa ka, Oho ntlo ea Iseraele;
7 ’Me ha lintho tsena ho etsahala hore peo ea hau e tla qala ho tseba lintho tsena—e tla ba lets’oao ho bona, hore ba ke ba tsebe hore mosebetsi oa Ntate o se o qalile ho isa ho ho phethahatsa ha selekane seo a se entseng ho sechaba seo e leng ba ntlo ea Iseraele.
8 ’Me ha letsatsi leo le tla tla, ho tla etsahala hore marena a tla koala melomo ea bona; bakeng sa seo se so kang se boleloa ho bona hore ba tla bona; ’me seo ba neng ba sa se utloa ba tla se utloisisa.
9 Hobane ka letsatsi leo, bakeng sa ka Ntate o tla sebetsa mosebetsi, oo o tlang ho ba moholo le ho makatsa har’a bona; ’me ho tla ba har’a bona ba batlang ho se lumele, le ha motho a tla phatlalatsa ho bona.
10 Empa bonang, bophelo ba mohlanka oa ka bo tla ka letsohong la ka; ka baka leo ha bana ho mo utloisa bohloko, le ha a tla senyeha ka lebaka la bona. Le ha ho le joalo ke tla mo phekola, hobane ke tla bonahatsa ho bona hore bohlale ba ka bo boholo ho feta masene a diabolose.
11 Ka baka leo ho tla etsahala hore mang le mang ea ke kekeng a lumela mantsoeng a ka, eo ke leng Jesu Kreste, eo Ntate a tlang ho etsa hore eena a tlisa ho Balichaba, le ho mo fa matla a hore o tla ba tlisa ho Balichaba, (e tla etsoa esita le joaloka ha Moshe a boletse) ba tla khaoloa ho tsoa ho sechaba seo e leng sa selekane.
12 ’Me sechaba sa ka seo e leng karolo e setseng ea Jakobo se tla ba har’a Balichaba, ee, ka har’a bona joaloka tau har’a linyamatsana tsa moru, joaloka lelinyane la tau har’a mehlape ea linku, bao, haeba a tsamaea ka har’a bona bobeli o hatikella fats’e le ho khaola likoto, ’me ha hona ea ka lopollang.
13 Matsoho a bona a tla phahamisetsoa holimo holim’a lira tsa bona, ’me lira tsohle tsa bona li tla khaoloa.
14 Ee, ho malimabe Balichaba ntle le hore ba bake; hobane ho tla etsahala hore ka letsatsi leo, ho bolela Ntate, hore ke tla khaola lipere tsa lona ho tsoa ka har’e, ’me ke tla senya likoloi tsa lona.
15 ’Me ke tla khaola metse ea lefats’e la lona, ’me ke lahlele fats’e liqhobosheane tsohle tsa lona;
16 ’Me ke tla khaola baloi ho tsoa lefats’eng la lona, ’me ha le sa tla ba le linohe;
17 Lits’oants’o tsa lona le tsona ke tla li khaola, le lits’oants’o tsa lona tse emeng ho tsoa har’a lona, ’me ha le sa tla khumamela mesebetsi ea matsoho a lona.
18 ’Me ke tla khola lihlahla tsa lona ho tsoa har’a lona; joalo ke tla timetsa metse ea lona.
19 ’Me ho tla etsahala hore mashano oohle, le ho thetsa, le mona, le likhang, le boprista ba bohata, le bofebe, li tla felisoa.
20 Hobane ho tla etsahala, ho bolela Ntate, hore ka letsatsi leo mang le mang ea ke keng a baka ’me a tla ho Mora oaka ea Ratoang, bona ke tla ba khaola ho tsoa har’a sechaba sa ka, Oho ntlo ea Iseraele.
21 ’Me ke tla tlisa boiphetetso le khalefo e kholo holim’a bona, esita le joaloka holim’a bahetene, tse joaloka tseo ba so li utloe.
22 Empa haeba ba tla baka ’me ba mamele mantsoe a ka, ’me ba se thatafatse lipelo tsa bona, ke tla theha kereke ea ka har’a bona, ’me ba tla kena selekaneng ’me ba baloe har’a karolo e setseng ena ea Jakobo, bao ho bona ke faneng ka lefats’e lena bakeng sa bojalefa ba bona;
23 ’Me ba tla thusa batho ba ka, karolo e setseng ea Jakobo, le hape ba bangata ba ntlo ea Iseraele joaloka ba tlang ho tla, hore ba ke ba ahe motse, oo o tlang ho bitsoa Jerusalema e Ncha.
24 ’Me ebe ba tla thusa batho ba ka hore ba ke ba bokellehe, ba qhalakaneng holim’a sefahleho sa lefats’e leo, ho kena Jerusalema e Ncha.
25 ’Me ebe matla a leholimo a tla tla tlaase har’a bona; ’me le ’na ke tla ba ka har’e.
26 ’Me e be mosebetsi oa Ntate o tla qala ka letsatsi leo, esita le ha evangeli ena e tla rutoa har’a karolo e setseng ea sechaba sena. Ka ’nete ke re ho lona, ka letsatsi leo mosebetsi oa Ntate o tla qala har’a ba qhalakaneng ba sechaba sa ka, ee, esita le merabe e lahlehileng, eo Ntate a ileng a e etella hole ho tsoa Jerusalema.
27 Ee, mosebetsi o tla qala har’a bohle ba qhalakaneng ba sechaba sa ka, ka Ntate ho lokisa tsela eo ka eona ba ka tlang ho ’na, hore ba ke ba bitse ho Ntate ka lebitso la ka.
28 Ee, ’me e be mosebetsi o tla qala, ka Ntate har’a lichaba tsohle ka ho lokisa tsela eo ka eona sechaba sa hae se ka bokelloang hae lefats’eng la bojalefa ba bona.
29 ’Me ba tla tsamaea ho tsoa lichabeng tsohle; ’me ha ba na ho tsoa ka potlako, kapa ho tsamaea ka ho baleha, hobane ke tla ea pele ho bona, ho bolela Ntate, ’me ke tla ba mosireletsi oa bona kamorao.