Khaolo ea 26
Jesu o hlalosa lintho tsohle ho tloha ts’imolohong ho isa qetellong—Masea le bana ba bua lintho tse tsotehang tse sitang ho ngoloa—Bao ba ka kerekeng ea Kreste ba na le lintho tsohle ka ho ts’oana hara bona. Ka bo A.D. 34.
1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se a boletse lintho tsena o ile a li hlalosetsa bongata boo; ’me o ile a hlalosa lintho tsohle ho bona, tse kholo le tse nyane.
2 ’Me o ile a re: Mangolo a na a Halalelang, ao le neng le se na ona, Ntate o laetse hore kea fane ho lona; hobane e ne e le bohlale ka ho eena hore a tle a fanoe ho meloko ea ka moso.
3 ’Me o ile a hlalosa lintho tsohle, esita le ho tloha ts’imolohong hofihlela nako eo a lokelang ho tla ka khanya ea hae—ee, esita le lintho tsohle tse lokelang ho tla holim’a sefahleho sa lefats’e, esita le hofihlela maemo a tla qhibiliha ka mocheso o chesang, ’me lefats’e le tla menoa hammoho joaloka buka e ngoliloeng, ’me maholimo le lefats’e li tlameha ho feta;
4 ’Me esita le ho letsatsi le leholo la ho qetela, ha batho bohle, le maloko ohle, le lichaba tsohle le maleme li tlang ho ema ka pele ho Molimo, ho ahloloa ka mesebetsi ea bona, hore na e metle kapa hore na e mebe—
5 Haeba e le metle, ho ea tsohong ea bafu ea bophelo bo sa feleng; ’me haeba e le mebe, ho ea tsohong ea bafu ea tsuo; li le mabapi, e ’ngoe ka letsohong le leng e ’ngoe ka letsohong le leng, ho latela mohau le toka, le khalalelo e ka ho Kreste, eo a neng a le teng pele lefats’e le qala.
6 ’Me joale ho ke ke ha ngoloa ka bukeng ena esita le karolo ea lekholo ea lintho tseo Jesu kannete a ileng a li ruta ho sechaba seo;
7 Empa bonang matlapa a Nefi a ts’etse karolo e fetang ea lintho tseo a ileng a li ruta sechaba seo.
8 ’Me lintho tsena ke li ngotse, tseo e leng karolo e tlaase ea lintho tseo a ileng a li ruta batho; ’me ke li ngotse ka boikemisetso ba hore li ke li tlisoe hape ho sechaba sena, ho tsoa ho balichaba, ho latela mantsoe ao Jesu a ileng a a bua.
9 ’Me ha ba tla amohela sena, seo ho leng molemo hore ba be le sona pele, ho leka tumelo ea bona, ’me haeba ho tla ba joalo hore ba tla lumela lintho tsena joale lintho tse kholo ho feta li tla etsoa hore li bonahatsoe ho bona.
10 ’Me haeba ho tla ba joalo hore ha ba na ho lumela lintho tsena, joale lintho tse kholo ho feta li tla thibeloa ho tsoa ho bona, ho isa kahlolong ea bona.
11 Bonang, e ne ke le haufi le ho li ngola, tsohle tse neng li ngotsoe holima’a matlapa a Nefi, empa Morena o ile a e thibela, a re: ke tla leka tumelo ea sechaba sa ka.
12 Ka baka leo ’na, Mormone, ke ngola lintho tseo ke li laetsoeng ke Morena. ’Me joale ’na, Mormone ke etsa pheletso ea lipolelo tsa ka, ’me ke tsoelapele ho ngola lintho tseo ke li laetsoeng.
13 Ka baka leo, ke lakatsa hore le tle le bone hore Morena kannete o ile a ruta sechaba seo, bakeng sa sebaka sa matsatsi a mararo; ’me kamorao ho moo o ile a iponahatsa ho bona khafetsa, ’me o ile a roba bohobe khafetsa, ’me a bo hlohonolofatsa, le ho fana ka bona ho bona.
14 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a ruta le ho sebeletsa bana ba bongata boo ho boletsoeng ka bona, ’me o ile a rarolla maleme a bona, ’me ba ile ba bolela ho bo ntat’a bona lintho tse kholo le tse makatsang, esita le tse kholo ho feta tseo a ileng a li senolela sechaba sena, ’me o ile a rarolla maleme a bona hore ba ne ba khona ho bua.
15 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a hore a nyolohele leholimong—lekhetlo la bobeli leo a ileng a iponahatsa ho bona, ’me o ne a ile ho Ntate, kamor’a hore a phekole bohle ba kulang ba bona, le lihlotsa tsa bona, ’me a bule mahlo a ba foufetseng ba bona, le ho kibolla litsebe tsa ba sa utloeng, ’me esita le ho etsa mefuta eohle ea ho phekola har’a bona, ’me a tsose motho ho tsoa ho ba shoeleng, ’me a bonts’itse matla a hae ho bona, ’me a se a nyolohetse ho Ntate—
16 Bonang, ho ile ha etsahala hore ka hosasane hore bongata bo ile ba ipokahanya hammoho, ’me bobeli ba ile ba bona le ho utloa bana bana; ee, esita le masea a ile a bula melomo ea ona ’me a bua lintho tse makatsang; ’me lintho tseo ba ileng ba li bua li ne li thibetsoe hore ho se ke ha eba le motho ea li ngolang.
17 ’Me ho ile ha etsahala hore barutua bao Jesu a ileng a ba khetha ho tloha nakong eo ho ea pele ho kolobetsa le ho ruta ba bangata joaloka ha batla ho bona; ’me ba bangata joaloka ba ileng ba kolobetsoa ka lebitso la Jesu ba ile ba tlatsoa ka Moea o Halalelang.
18 ’Me ba bangata ba bona ba ile ba bona le ho utloa lintho tse sa boleloeng, tseo ho seng molaong hore li ngoloe.
19 ’Me ba ile ba ruta, ’me ba sebeletsana e mong ho e mong; ’me ba ne ba ena le lintho tsohle ka ho lekana har’a bona, motho e mong le e mong a sebetsa ka toka, e mong ho e mong.
20 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba etsa lintho tsohle esita le joaloka ha Jesu a ile a ba laela.
21 ’Me bao ba ileng ba kolobetsoa ka lebitso la Jesu ba ile ba bitsoa kereke ea Kreste.