Khaolo ea 29
Ho tla ha Buka ea Mormone ke lets’oao la hore Morena o qalile ho bokella Iseraele le ho phethahatsa lilekane tsa hae—Bao ba latolang lits’enolo tsa hae tsa mehla ea kajeno le lineo ba tla rohakoa. Ka bo A.D. 34–35.
1 ’Me joale bonang, ke re ho lona hore ha Morena a tla bona ho lokeleha, ka bohlale ba hae, hore lipolelo tsena li tla tla ho Balichaba ho latela lentsoe la hae, joale le ka tseba selakane seo Ntate a se entseng le bana ba Iseraele, malebana le tsosoloso ea bona mafats’eng a bojalefa ba bona, se qala ho phethahatsoa.
2 ’Me le ka tseba hore mantsoe a Morena, a ileng a boleloa ke baporofeta ba halalelang, a tla phethahatsoa; ’me ha le hloke hore le re Morena o liehisa ho tla ha hae ho bana ba Iseraele.
3 ’Me ha le hloke ho nahana ka lipelong tsa lona hore mantsoe a boletsoeng ke lefeela, hobane bonang, Morena o tla hopola selekane seo a se entseng ho batho ba hae ba ntlo ea Iseraele.
4 ’Me ha le tla bona lipolelo tsena li tla pele har’a lona, e be ha le sa hloka ho latola liketso tsa Morena, hobane sabole ea toka ea hae e ka letsohong la hae le letona; ’me bonang, ka letsatsi leo, haeba le tla latola liketso tsa hae o tla etsa hore haufi e tle e oele holim’a lona.
5 Ho malimabe ea latolang liketso tsa Morena; ee, ho malimabe ea tlang ho latola Kreste le mesebetsi ea hae!
6 Ee, ho malimabe ea tlang ho latola lits’enolo tsa Morena, ’me ea tlang hore Morena ha a sa sebetsa ka ts’enolo, kapa ka boporofeta, kapa ka lineo, kapa ka maleme, kapa ka lipholiso, kapa ka matla a Moea o Halalelang!
7 Ee, ho malimabe ea tlang ho re ka letsatsi leo, ho fumana phaello, hore ha hona mohlolo o ka sebetsoang ke Jesu Kreste; hobane eo a tlang ho etsa sena o tla fetoha joaloka mor’a timelo, eo bakeng sa hae ho neng ho se na mohau, ho latela lentsoe la Kreste!
8 Ee, ’me ha le hloke ho nyelisa ho ea pele, kapa ho latola, kapa ho etsa papali ka Ba-Juda, kapa e feng kapa e feng karolo e setseng ea ntlo ea Iseraele; hobane bonang, Morena o hopola selekane sa hae ho bona, ’me o tla etsa ho bona ho latela sane seo a ikanneng.
9 Ka baka leo ha le hloke ho nahana hore le ka fetolela ka ho le letona letsoho la Morena ho ea ka ho le lets’ehali, hore a ke a se phethise kahlolo ho phethahatsa selekane seo a se entseng ho ntlo ea Iseraele.