Khaolo ea 24
Morumuoa oa Morena o tla lokisetsa tsela bakeng sa ho Tla Lekhetlo La Bobeli—Kreste o tla lula kahlolong—Iseraele e laeloa ho lefa boshome le linyehelo—Buka ea khopotso e ea bolokoa—Bapisa Malakia 3. Ka bo A.D. 34.
1 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a ba laela hore ba tle ba ngole mantsoe ao Ntate a ile a a fana ho Malakia, ao a tlang ho a bolela ho bona. ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a hore a ngoloe o ile a a hlalosa. ’Me ana ke mantsoe ao a ileng a a bolela ho bona, a re: Ke joana Ntate a ileng a re ho Malakia—Bonang, ke tla romela morumuoa oa ka, ’me o tla lokisa tsela ka pele ho ’na, ’me Morena eo le mo batlang hang o tla tla tempeleng ea hae, esita le morumuoa oa selekane, eo le nyakallang ho eena: bonang, o tla tla, ho bolela Morena oa Makhotla.
2 Empa ke mang ea ka mamellang letsatsi la ho tla ha hae, ’me ke mang ea tlang ho ema ha a hlaha? Hobane o joaloka mollo oa moqhibilisi, le sesepa sa bahlatsoi.
3 ’Me o tla lula joaloka moqhibilisi le mohloekisi oa silevera; ’me o tla hloekisa bara ba Levi, ’me a ba hloekise joaloka khauta le silevera, hore ba ke ba fane ho Morena nyehelo ka ho loka.
4 E be nyehelo ea Juda le Jerusalema lia thabisa ho Morena, joaloka matsatsing a khale, ’me joaloka lilemong tsa pele.
5 ’Me ke tla le atamela ka kahlolo; ’me ke tla ba paki ea kapele khahlanong le baloi, le khahlanong le ba bohlola, le khahlanong le lipaki tsa leshano, le khahlanong le bao ba hatellang mohiruoa meputsong ea hae, mohlolohali le likhutsana, le ea hlorisang molichaba, ’me ea sa nts’abeng, ho bolela Morena oa Makhotla.
6 Hobane ke Morena, ha ke fetohe; ka baka leo lona bara ba Jakobo ha le timetsoe.
7 Esita le ho tloha matsatsing a bo ntat’a lona le tsamaetse hole le lits’ebeletso tsa ka, ’me ha lea li boloka. Khutlelang ho ’na ’me ke tla khutlela ho lona, ho bolela Morena oa Makhotla. Empa le re: Ke hokae moo re tlang ho khutlela?
8 Na motho o tla tlatlapa Molimo? Le ha ho le joalo le ntlatlapile. Empa le re: Ke hokae moo re u tlatlapileng? Boshomeng le linyehelong.
9 Le rohakehile ka thoako, hobane le ntlatlapile, esita le sechaba sena sohle.
10 Tlisang boshome bohle ka tlung ea polokelo, hore ho ke ho be le lijo ka tlung ea ka; ’me le nteke ka hoo, ho bolela Morena oa Makhotla, haeba ha ke na ho bula liphororo tsa leholimo, ’me ke le ts’ollele tlhohonolofatso eo ho ke keng ha eba le phaposi e lakaneng ho e amohela.
11 ’Me ke tla khalema seseli molemong oa lona, ’me se ke ke sa senya litholoana tsa lefats’e la lona; le ha e le hore sefate sa lona sa morara se behe litholoana pele ho nako ea teng masimong, ho bolela Morena oa Makhotla.
12 ’Me lichaba tsohle li tla le bitsa ba lehlohonolo, hobane le tla ba lefats’e le khahlehang, ho bolela Morena oa Makhotla.
13 Mantsoe a lona a bile thata khahlanong le ’na, ho bolela Morena. Le ha ho le joalo le re: Ke eng seo re se boletseng khahlanong le uena?
14 Le itse: Ke lefeela ho sebeletsa Molimo, ’me ke eng seo re se ruang ka hore re bolokile lits’ebeletso tsa hae le hore re tsamaile re tletse bofifi ka pele ho Morena oa Makhotla?
15 ’Me joale re re ba ikhohomosang ke ba thabileng; ee, bao ba sebetsang bokhopo ba atlehile; ee, bao ba lekang Molimo esita ba lokollotsoe.
16 E be bao ba ts’abang Morena ba boletse hangata e mong ho e mong, ’me Morena o mametse le ho utloa; ’me buka ea khopotso e ile ea ngoloa ka pele ho eena bakeng sa bona ba ts’abileng Morena, le ba bileng mehopolong ea lebitso la hae.
17 ’Me e tla ba ba ka, ho bolela Morena oa Makhotla, ka letsatsi leo ha ke bokella mahakoe a ka; ’me ke tla ba qenehela joaloka ha motho a qenehela mora oa hae ea mo sebeletsang.
18 E be lona le tla khutla ’me le utloisise lipakeng tsa ba lokileng le ba khopo, lipakeng tsa eo a sebeletsang Molimo le eo a sa mo sebeletseng.