Khaolo ea 27
Jesu o laela hore kereke e bitsoe ka lebitso la hae—Thomo ea hae le sehlabelo sa hae se lopollang li thehile evangeli ea hae—Batho ba laeloa ho baka le ho kolobetsoa hore ba ke ba halaletsoe ka Moea o Halalelang—Ba tlameha ho ba esita le joaloka Jesu. About A.D. 34–35.
1 ’Me ho ile ha etsahala hore ha barutuoa ba Jesu ba ntse ba le leetong ’me ba ntse ba ruta lintho tseo ba li boneng le ho ho li utloa, ’me ba ntse ba kolobetsa ka lebitso la Jesu, ho ile ha etsahala hore barutuoa ba ne ba bokane hammoho ’me ba ne ba kopane ka thapelo e kholo le boitimo.
2 ’Me Jesu hape o ile a iponahatsa ho bona, hobane ba ne ba ntse ba rapela ho Ntate ka lebitso la hae; ’me Jesu o ile a tla le ho ema ka hare ho bona, ’me a re ho bona: Ke eng seo le ka lakatsang hore ke le fe sona?
3 ’Me ba ile ba re ho eena: Morena, re lakatsa hore u tle u re joetse lebitso leo ka lona re tlang ho bitsa kereke ena; hobane ho na le litsekisano har’a sechaba malebana le taba ena.
4 ’Me Morena o ile a re ho bona: Ka ’nete nete, ke re ho lona, hobaneng e le hore sechaba se tlameha ho tletleba le ho tsekisana ka lebaka la ntho ena?
5 Na ha ba ea bala mangolo a halalelang, a reng le tlameha ho inkela ho lona lebitso la Kreste, e leng lebitso laka? Hobane ka lebitso lena le tla bitsoa ka letsatsi la ho qetela.
6 ’Me mang kapa mang ea inkelang ho eena lebitso la ka, ’me a mamella ho isa qetellong, ba ts’oanang ba tla pholosoa ka letsatsi la ho qetela.
7 Ka baka leo, eng kapa eng eo le tlang ho e etsa, le tla e etsa ka lebitso la ka; ka baka leo le tla bitsa kereke ka lebitso la ka; ’me le tla bitsa ho ntate ka lebitso la ka hore o tla hlohonolofatsa kereke bakeng sa ka.
8 ’Me ke joang e ka bang kereke ea ka ntle le hore e bitsoe ka lebitso la ka? Hobane haeba kereke e bitsoa ka lebitso la Moshe joale e tla ba kereke ea Moshe; kapa haeba e bitsoa ka lebitso la motho joale e tla ba kereke ea motho; empa haeba e bitsoa ka lebitso la ka joale ke kereke ea ka, haeba feela hore ba ahiloe holim’a evangeli ea ka.
9 Kannete ke re ho lona, hore le ahiloe holim’a evangeli ea ka; ka baka leo le tla bitsa lintho tsohle tseo le tla li bitsa, ka lebitso la ka; ka baka leo haeba le bitsa ho Ntate, bakeng sa kereke, haeba e le ka lebitso la ka Ntate o tla le utloa;
10 ’Me haeba feela hore kereke e ahiloe holim’a evangeli ea ka joale Ntate o tla bonts’a mesebetsi ea hae ka ho eona.
11 Empa haeba e sa ahoa holim’a evangeli ea ka, ’me e ahiloe holima mesebetsi ea batho, kapa holima mesebetsi ea diabolose, kannete ke re ho lona ba na le nyakallo mesebetsing ea bona bakeng sa nako, ’me hanyane hanyane qetello e ea tla, ’me ba rengoa le ho lahleloa mollong, ho tloha moo ho se nang ho khutla.
12 Hobane mesebetsi ea bona e ea ba latela, hobane ke ka lebaka la mesebetsi ea bona hore e be ba remeloa fats’e; ka baka leo hopolang lintho tseo ke le boleletseng tsona.
13 Bonang ke fane ho lona evangeli ea ka, ’me ena ke evangeli eo ke e faneng ho lona—hore ke tlile lefats’eng ho tla etsa thato ea Ntate, hobane Ntate o romile ’na.
14 ’Me Ntate o romile ’na hore nke ke phahamisetsoe holimo holim’a sefapano; ’me kamora hore ke ile ka phahamisetsoa holimo holim’a sefapano, hore nke ke hulele batho bohle ho ’na, hore joaloka ha ke phahamisitsoe ke batho esita le joalo batho ba tlameha ho phahamisetsoa holimo ke Ntate, ho ema ka pele ho ’na, ho ahloleloa mesebetsi ea bona, hore na e metle kapa hore na e mebe—
15 ’Me bakeng sa lebaka lena ke ile ka phahamisetsoa holimo; ka baka leo, ho latela matla a Ntate ke tla hulela batho bohle ho ’na, hore ba ke ba ahloloe ho latela mesebetsi ea bona.
16 ’Me ho tla etsahala, hore mang kapa mang ea bakang ’me a kolobetsoa ka lebitso la ka o tla tlatsoa; ’me haeba a mamella ho isa qetellong, bonang, eena ke tla mo nka e le ea senang molato ka pele ho ntate ka letsatsi leno ha ke tla ema ho ahlola lefats’e.
17 ’Me eo ea sa mamellang ho isa qetellong, ea ts’oanang ke eena hape ea rengoang le ho lahleloa mollong, ho tloha moo ho ke keng ha hlola ho ba le ho khutla, ka lebaka la toka ea Ntate.
18 ’Me lena ke lefats’e leo a le faneng ho bana ba batho. ’Me bakeng sa lebaka lena o phethahalitse mantsoe ao a a faneng, ’me ha a thetse, empa o phethahatsa mantsoe ohle a hae.
19 ’Me ha hona ntho e sa hloekang e ka kenang ’musong; ka baka leo ha hona letho le kenang phomolong ea hae ntle le hore e be bao ba hlatsoitseng liaparo tsa bona maling a ka, ka lebaka la tumelo ea bona, le pako ea libe tsohle tsa bona, le ho ts’epahala ha bona ho isa qetellong.
20 Joale ena ke eona taelo: Bakang, lona lipheletso tsohle tsa lefats’e, ’me le tle ho ’na ’me le kolobetsoe ka lebitso la ka, hore le ke le halaletsoe ka kamohelo ea Moea o Halalelang, hore le ke le eme le sena letheba ka letsatsi la ho qetela.
21 Ka ’nete nete, ke re ho lona, ena ke evangeli eaka; ’me le tseba lintho tseo le tlamehang ho li etsa kerekeng ea ka; hobane mesebetsi eo le mponeng ke e etsa le tla e etsa le lona; hobane seo le mponeng ke se etsa esita le hore le tla se etsa.
22 Ka baka leo, haeba le etsa lintho tsena lona le lehlohonolo, hobane le tla phahamisoa ka letsatsi la ho qetela.
23 Ngolang lintho tseo le li boneng le ho li utloa, ntle le tseo tse thibetsoeng.
24 Ngolang mesebetsi ea sechaba sena, eo e tla bang, esita le joaloka ha ho ngotsoe, ka seo se bileng teng.
25 Hobane bonang, ho tsoa libukeng tse ileng tsa ngoloa, le tse tlang ho ngoloa, sechaba sena se tla ahloloa, hobane ka tsona mesebetsi ea bona e tla tsebahala ho batho.
26 ’Me bonang, lintho tsohle li ngotsoe ke Ntate; ka baka leo ho tsoa libukeng tse tlang ho ngoloa lefats’e le tla ahloloa.
27 ’Me lona tsebang hore le tla ba baahloli ba sechaba sena, ho latela kahlolo eo ke tlang ho e fana ho lona, eo e tla bang e lokileng. Ka baka leo, le lokela ho ba batho ba mofuta o fe na? Kannete ke re ho lona, esita le joalaka ’na ea leng teng.
28 ’Me joale kea ho Ntate. ’Me kannete ke re ho lona, ntho e fe kapa e fe eo le tlang ho e kopa Ntate ka lebitso la ka e tla fanoa ho lona.
29 Ka baka leo, kopang ’me le tla fuoa; kokotang ’me le tla buleloa; hobane ea kopang, oa fuoa; le ho ea kokotang o tla buleloa.
30 ’Me joale, bonang, nyakallo ea ka e kholo, esita le ho isa ho ho tlala, ka lebaka la lona, ’me hape moloko ona; ee, ’me esita le Ntate oa nyakalla, hape le mangeloi oohle a halalelang, ka lebaka la lona le moloko ona; hobane ha hona ea mong oa bona ea lahlehileng.
31 Bonang, ke lakatsa hore le utloisise; hobane ke bolela bona ba phelang joale le ba moloko ona; ’me ha hona ea mong oa bona ea lahlehileng; ’me ka ho bona ke fumana nyakallo e tletseng.
32 Empa bonang, ho a nts’oabisa ka lebaka la moloko oa bone ho tloha molokong ona, hobane ba etelloa litlamong ke eena esita le joaloka mor’a timelo; hobane ba tla nthekisa bakeng sa silevera le bakeng sa khauta, le bakeng sa seo mmoto o ho senyang ’me seo masholu a ka choatlang le ho se utsoa. ’Me ka letsatsi leo ke tla ba etela, esita le ka ho fetolela mesebetsi ea bona holim’a lihloho tsa bona.
33 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Jesu e qetile lipolelo tsena o ile a re ho barutuoa ba hae: Kenang lona ka khoro e patisaneng; hobane e patisane khoro, ’me e ts’esane tsela e etellang bophelong, ’me ba ea fokola ba tlang ho e fumana; empa e bulehile khoro, ’me e sephara tsela e etellang lefung, ’me ba bangata ba tlang ho tsamaea ho eona, hofihlela bosiu bo fihla, moo ho seng motho ea ka sebetsang.