Khaolo ea 20
Jesu o fana ka bohobe le veine ka mohlolo ’me hape o fana ka selallo ho sechaba seo—Karolo e setseng ea Jakobo e tla tla tsebong ea Morena Molimo oa bona ’me ba tla ja lefa Amerika—Jesu ke moporofeta joaloka Moshe, ’me Ba-Nefi ke bana ba baporofeta—Ba bang ba sechaba sa Morena ba tla bokelleloa Jerusalema. Ka bo A.D. 34.
1 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a laela bongata boo hore ba tle a emise ho rapela, hape le barutuoa ba hae. ’Me o ile a ba laela hore ba tle ba se emise ho rapela ka lipelong tsa bona.
2 ’Me o ile a ba laela hore ba tle ba phahame ’me ba eme holim’a maoto a bona. ’Me ba ile ba phahamela holimo ’me ba ema holim’a maoto a bona.
3 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a roba bohobe hape ’me a bo hlohonolofatsa, ’me a fa barutuoa ba hae ho ja.
4 ’Me ha ba se ba jele o ile a ba laela hore ba robe bohobe, ’me ba bo fane ho bongata boo.
5 ’Me ha ba se ba bo file bongata boo hape o ile a ba fa veine hore ba noe, ’me a ba laela hore ba tle ba fe bongata boo.
6 Joale, ho ne ho sa ba le bohobe, le ha e le veine, tse neng tlisitsoe ke barutuoa, le ha e le ke bongata boo;
7 Empa kannete o ile a ba fa bohobe ho ja, ’me hape le veine ho noa.
8 ’Me o ile a re bona: Ea jang bohobe bona o ja ’mele oa ka ho moea oa hae; le ea noang veine ena o noa mali a ka ho moea oa hae; ’me moea oa hae ha o sa hlola o lapa kapa ho nyoroa, empa o tla khorisoa.
9 Joale, ha bongata boo bohle bo se bo jele le ho noa, bonang, ba ne ba tlatsitsoe ka Moea; ’me ba ile ba hoelehetsa ka lentsoe le le leng, ’me ba fana ka tlotla ho Jesu, eo ba mo boneng le ho mo utloa.
10 ’Me ho ile ha etsahala hore ha kaofela ha bona ba se ba fane ka tlotla ho Jesu, o ile a re ho bona: Bonang joale ke qeta taelo eo Ntate a ntaetseng eona malebana le sechaba sena, bao e leng karolo e setseng ea ntlo ea Iseraele.
11 Lea hopola hore ke boletse ho lona, ’me ka re ha mantsoe a Esaia a tla phethahatsoa—bonang a ngotsoe, le na le ona ka pele ho lona, ka baka leo a fuputseng—
12 ’Me kannete, nete, ke re ho lona, hore ha a tla phethahatsoa joale e tla ba ho phethahatsoa ha selekane seo Ntate a se entseng ho sechaba sa hae, Oho ntlo ea Iseraele.
13 ’Me joale likarolo tse setseng, tse tlang ho qhalakangoa hole holim’a sefahleho sa lefats’e, li tla bokelloa ho tsoa bochabela le ho tsoa bophirima, le ho tsoa boroa le ho tsoa leboea; ’me li tla tlisoa tsebong ea Morena Molimo oa bona, ea ba lopollotseng.
14 ’Me Ntate o ntaetse hore ke fane ho lona lefats’e lena, bakeng sa bojalefa ba lona.
15 ’Me ke re ho lona, hore haeba Balichaba ba sa bake kamorao ho hlohonolofatso eo ba tlang ho e amohela, kamor’a hore ba qhale sechaba sa ka—
16 Joale lona, bao le leng karolo e setseng ea ntlo ea Jakobo, le tla ea pele har’a bona; ’me le tla ba har’a bona bao ba tlang ho ba bangata; ’me le tla ba har’a bona joaloka tau har’a libata tsa moru, ’me joaloka tau e nyenyane har’a mehlape ea linku, tseo, haeba e tsamaea e li hatella tlase le ho tabola likotoana, ’me ha ho ea ka lopollang.
17 Letsoho la lona le tla phahamisetsoa holim’a lira tsa lona, ’me lira tsohle tsa lona li tla khaoloa.
18 ’Me ke tla bokella batho ba ka hammoho joaloka ha monna a bokella lingata tsa hae fats’e.
19 Hobane ke tla etsa sechaba sa ka seo Ntate a entseng selekane le sona, ee, ke tla etsa lenaka la lona ts’epe, ’me ke tla etsa litlhako tsa lona ts’epe e khubelu. ’Me le tla otla ka likotoana lichaba tse ngata; ’me ke tla halaletsa molemo oa bona ho Morena, le maruo a bona ho Morena oa lefats’e leo lohle. ’Me bonang, ke ’na ea e etsang.
20 ’Me ho tla etsahala, ho bolela Ntate, hore sabole ea ka ea toka e tla leketla holim’a bona ka letsatsi leo; ’me ntle le hore ba bake e tla oela holim’a bona, ho bolela Ntate, ee, esita le holim’a lichaba tsohle tsa balichaba.
21 ’Me ho tla etsahala hore ke tla theha sechaba sa ka, Oho ntlo ea Iseraele.
22 ’Me bonang, sechaba sena ke tla se thehela lefats’eng lena, ho isa ho phethahatseng ha selekane seo ke se entseng le ntat’a lona Jakobo; ’me e tla ba Jerusalema e Ncha. ’Me matla a maholimo a tla ba ka har’a sechaba sena; ee, esita le hore ke tla ba ka har’a lona.
23 Bonang, ke ‘na eo Moshe a ileng a bua ka eena, a re: Morena Molimo oa lona o tla le phahamisetsa moporofeta eo e leng oa habo lona, joaloka ’na; eena le tla mo utloa linthong tsohle eng kapa eng eo a tlang ho e bolela ho lona. ’Me ho tla etsahala hore moea o mong le o mong o tla sitoa ho utloa moporofeta eo, o tla khaoloa ho tsoa har’a sechaba seo.
24 Kannete ke re ho lona, ee, ’me baporofeta bohle ho tloha ho Samuele le bao ba latetseng kamorao ho moo, joaloka bongata bo boletse, ba pakile ka ’na.
25 ’Me bonang, le bana ba baporofeta; ’me le ba ntlo ea Iseraele; ’me le ba selekane seo Ntate a se entseng le bo ntat’a lona, a re ho Abrahama: ’Me ke ka peo ea hau maloko ’ohle a lefats’e a tlang ho hlohonolofala.
26 Ntate kamor’a ho mphahamisetsa ho lona pele, le ho nthomela ho le hlohonolofatsa ka ho fetolela e mong le e mong oa lona ho tsoa bokhopong ba hae; ’me sena hobane le bana ba selekane—
27 ’Me kamor’a hore le hlohonolofatsoe joale ho phethahatsa Ntate selekane seo a se entseng le Abrahama, a re: Ke ka peo ea hau maloko ohle a lefats’e a tlang ho hlohonolofala—ho isa ho ho ts’ollela kantle Moea o Halalelang ka ’na ho Balichaba, hlohonolofatso eo holim’a balichaba e tlang ho ba etsa ba matla holim’a bohle, ho isa ho ho hasanya ha sechaba sa ka, Oho ntlo ea Iseraele.
28 ’Me e tla ba bahlorisi ho sechaba sa lefats’e leo. Le ha ho le joalo, ha ba se ba fumane evangeli ea ka ka botlalo, joale haeba ba tla thatafatsa lipelo tsa bona khahlanong le ’na ke tla khutlisetsa bokhopo ba bona holim’a lihlooho tsa bona, ho bolela Ntate.
29 ’Me ke tla hopola selekane seo ke se entseng le sechaba sa ka; ’me ke entse selekane le bona hore ke tla ba bokella hammoho ka nako ea ka ha e fihla, hore ke tla ba fa hape lefats’e la bo ntat’a bona bakeng sa bojalefa, leo e leng lefats’e la Jerusalema, e leng lefats’e la pallo ho bona ka ho sa feleng, ho bolela Ntate.
30 ’Me ho tla etsahala hore nako e tle, ea ha evangeli eaka ka botlalo e tla rutoa ho bona;
31 ’Me ba tla lumela ho ’na, hore ke Jesu Kreste, Mora oa Molimo, ’me ba tla rapela Ntate ka lebitso la ka.
32 Ebe balebeli ba bona ba tla phahamisa mantsoe a bona, ’me ka lentsoe hammoho ba tla bina; hobane ba tla bonela ng’a e le ’ngoe.
33 Ebe Ntate o tla ba bokella hammoho hape, ’me a ba fe Jerusalema bakeng sa lefats’e la bojalefa ba bona.
34 Ebe ba tla hlabela pele ka nyakallo—Ba bine hammoho, lona libaka tse senyehileng tsa Jerusalema; hobane Ntate o ts’elisitse sechaba sa hae, o lopollotse Jerusalema.
35 Morena o bonahalitse letsoho la hae le halalelang mahlong a lichaba tsohle; ’me lipheletso tsohle tsa lefats’e li tla bona poloko ea Ntate; ’me Ntate le ’na re ntho e le ’ngoe.
36 ’Me ebe ho tla tlisoa hore ho etsahale hore seo se ngotsoeng: Tsoha, tsoha hape, ’me u apare matla a hau, Oho Sione; apara liaparo tsa hau tse ntle, Oho Jerusalema, motse o halalelang, hobane ho tloha joale ho ea pele ha ho sa tla hlola ho kena ho uena ba sa bollang le ba sa hloekang.
37 Itlhotlhore ho tsoa leroleng; tsoha, lula fats’e, Oho Jerusalema; its’oasolle ho tsoa litlamong tsa molala oa hau, Oho morali ea litlamong oa Sione.
38 Hobane ke joana ho bolelang Morena: Le ithekiselitse lefeela, ’me le tla lopolloa ntle le chelete.
39 Ka ’nete nete, ke re ho lona, hore sechaba sa ka se tla tseba lebitso la ka; ee, ka letsatsi leo ba tla tseba hore ke ’na ea buang.
40 ’Me e be ba tla re: A tla ba matle joang holim’a lithaba maoto a eo ea tlisang litaba tse molemo ho bona, ea phatlalatsang khotso; ea tlisang litaba tse molemo ho bona ba lokileng, ea phatlalatsang poloko; ea reng ho Sione: Molimo oa hau oa rena!
41 ’Me e be sello se tla ea pele: Fallang lona, fallang lona, tsamaeang ho tsoa sebakeng seo, le se ke ts’oara seo se sa hloekang; tsamaeang ho tsoela kantle ho eena; e bang ba hloekileng lona ba jarang lipitsa tsa Morena.
42 Hobane ha ke na ho tsoela kantle ka potlako kapa ka ho baleha; hobane Morena o tla ea pele ho lona, ’me Molimo oa Iseraele e tla ba mosireletsi oa lona kamorao.
43 Bonang, mohlanka oa ka o tla etsa ka bohlale; o tla phahamisoa le ho rorisoa ’me a be holimo haholo.
44 Joaloka ka ba bangata ba ne ba makalitsoe ka lebaka la hae—sefahleho sa hae se ne se senyehile hoo, ho feta motho o fe kapa o fe, le sebopeho sa hae ho feta bara ba batho—
45 Kahoo o tla qhalakanya lichaba tse ngata; marena a tla koala melomo ea bona ho eena, hobane seo ba sa kang ba se bolelloa ba tla se bona; le seo ba sa kang ba se utloa ba tla se utloisisa.
46 Ka ’nete nete, ke re ho lona, lintho tsena tsohle kannete li tla tla, esita le joaloka ha Ntate a ile a ntaela. E be selekane sena seo Ntate a se entseng le sechaba sa hae se tla phethahatsoa; ’me e be Jerusalema e tla ahoa hape ka sechaba sa ka, ’me e tla ba lefats’e la bojalefa ba bona.