Mangolo a halalelang
3 Nefi 21


Khaolo ea 28

Ba robong ba barutuoa ba leshome le metso e ’meli ba lakatsa le ho ts’episoa bojalefa ’musong oa Kreste ha ba shoa—Ba Nefi ba bararo ba lakatsa ’me ba fuoa matla holim’a lefu e le hore ba tle ba sale lefats’eng hofihlela Jesu a tla hape—Ba nkeloa leholimong ’me ba bona lintho tseo ho seng molaong ho li bolela, ’me hajoale ba ntse ba sebeletsa har’a batho. Ka bo A.D. 34–35.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Jesu a se a boletse mantsoe ana, o ile a bua ho barutuoa ba hae, ka bonngoe, a re ho bona: ke eng seo u se lakatsang ho tsoa ho ’na, kamor’a mono ke ile ho Ntate?

2 ’Me bohle ba ile ba bua, ntle le ba bararo, ba re: Re lakatsa hore kamor’a hore re phele hofihlela lilemo tsa motho, hore bosebeletsi ba rona, boo u re bilelitseng bona, bo ke bo be le pheletso, hore re ke re potlake ho tla ho uena ’musong oa hau.

3 ’Me o ile a re ho bona: Le lehlohonolo ka lebaka la ho lakatsa ntho ena ho ’na; ka baka leo, kamor’a hore le be lilemo li mashome a supileng a metso e ’meli le tla tla ho ’na ’musong oaka; ’me mmoho le ’na le tla fumana phomolo.

4 ’Me ha a se a buile le bona o ile a fetohela ka ho ba bararo, ’me a re ho bona: ke eng seo lona le ka lakatsang hore ke se etse ho lona, ha ke se ke ile ho Ntate?

5 ’Me ba ile ba soaba lipelong tsa bona, hobane ba ne ba sa qeke ho bua ho eena ntho eo ba e lakatsang.

6 ’Me o ile a re ho bona: Bonang, ke tseba mehopolo ea lona, ’me le lakalitse ntho eo Johanne, oa ka ea ratoang, eo a neng a ena le ’na bosebeletsing ba ka, pele ho hore ke ile ka phahamisetsoa holimo ke Ba-Juda, a ileng a e lakatsa ho ’na.

7 Ka baka leo, le lehlohonolo ho feta lona, hobane ha le sa hlola le latsoa lefu; empa le tla phelela ho bona liketso tsa Ntate ho bana ba batho, esita le hofihlela lintho tsohle li tlang ho phethahatsoa ho latela thato ea Ntate, ha ke tla ka khanya ea ka le matla a leholimo.

8 ’Me ha le sa tla hlola le mamella mahloko a lefu; empa ha ke tla ka khanya ea ka le tla fetoloa ka ho panya ha leihlo ho tloha ho ho shoa ho ea ho ho phela ka ho sa feleng; ’me joale le tla hlohonolofatsoa ’musong oa Ntate.

9 ’Me hape, ha le na ho ba le bohloko ha le ntse le phela nameng, le ha e le masoabi ntle le hore e be bakeng sa libe tsa lefats’e; ’me tsena tsohle ke tla li etsa ka lebaka la ntho eo le e lakalitseng ho ’na, hobane le lakalitse hore le ke le tlise meea ea batho ho ’na, ha lefats’e le tla ema.

10 ’Me ka lebaka lena le tla fumana nyakallo e tletseng; ’me le tla lula fats’e ’musong oa Ntate; ee, nyakallo ea lona e tla tlala, esita le joaloka ha ntate a mphile nyakallo e tletseng; ’me le tla ba joaloka ha ke le ’na, ’me esita ke joaloka Ntate; ’Me Ntate le ’na re bo nngoe.

11 ’Me Moea o Halalelang o pakahatsa ka Ntate le ka ’na; ’me Ntate o fana ka Moea o Halalelang ho bana ba batho, ka lebaka la ka.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore Jesu a se a boletse mantsoe ana, o ile a thetsa e mong le e mong oa bona ka monoana oa hae ntle le ba bararo ba neng ba tlo sala, ’me eaba oa tsamaea.

13 ’Me bonang, maholimo a ile a phetleha, ’me ba ile ba nkeloa leholimong, ’me ba bona le ho utloa lintho tse sa boleloeng.

14 ’Me ba ne ba thibetsoe hore ba tle ba bue; le haele hore matla a fanoe ho bona hore ba ka bua lintho tseo ba li boneng le ho li utloa;

15 ’Me hore na ba ne ba le ka ’meleng ea bona kapa kantle ho ’mele, ba ne ba sitoa ho bolela; hobane ho ne ho bonahetse eka ho bona joaloka phetoho ea bona, hore ba ne ba fetohile ’meleng ona oa nama ho ea boemong ba bophelo bo sa feleng, hore ebe ba khona ho bona lintho tsa Molimo.

16 Empa ho ile ha etsahala hore ba ile ba ruta hape holima sefahleho sa lefats’e; le ha ho le joalo ba ne ba sa rute ka lintho tseo ba ileng ba li utloa le ho li bona, ka lebaka la taelo e neng ba e fuoe ho tsoa leholimong.

17 ’Me joale, hore na ba ne ba le ’meleng e shoang kapa e phelang ka ho sa feleng, ho tloha letsatsing la phetoho ea bona, ha ke tsebe;

18 Empa ha kana kea tseba, ho latela lingoliloeng tse fanoeng—ba ile ba tsamaea holim’a sefahleho sa lefats’e leo, ’me ba ile ba sebeletsa sechaba seo, ba kopanya ba bangata kerekeng joaloka ba neng ba lumela thutong ea bona; ba ba kolobetsa, ’me ba bangata joaloka ba neng ba kolobetsoa ba ile ba fumana Moea o Halalelang.

19 ’Me ba ile ba lahleloa chankaneng ke bao ba neng ba sa kene kereke. ’Me lichankana li ne li sitoa ho ba ts’oara, hobane li ile tsa khaoha ka lehare.

20 ’Me ba ile ba lahleloa ka har’a lefats’e; empa ba ile ba otla lefats’e ka lentsoe la Molimo, haholo hoo hore ka matla a hae ba ile ba lopolloa ho tsoa botebong ba lefats’e; ’me ka baka leo ba ne ba sitoa ho cheka mekoti e lekaneng ho ba ts’oara.

21 ’Me hararo ba ile ba lahleloa ka har’a sebopi ’me ha se ka ba le temalo eo ba e fumanang.

22 ’Me habeli ba ile ba lahleloa lemeneng la linyamatsana tse hlaha; ’me bonang ba ile ba bapala le linyamatsana tseo joaloka ngoana le konyana e nyanyang, ’me ha se ka ba le temalo eo ba e fumanang.

23 ’Me ho ile ha etsahala hore ke joana ba ileng ba tsamaea har’a sechaba sohle sa Nefi, ’me ba ile ba ruta evangeli ea Kreste ho batho bohle holim’a sefahleho sa lefats’e leo; ’me ba ile ba sokolohela ho Morena, ’me ba ile ba kopana le kereke ea Kreste, ’me ke joana sechaba sa moloko oo se ileng sa hlohonolofala, ho latela lentsoe la Jesu.

24 ’Me joale ’na, Mormone, ke etsa pheletso ea ho bua malebana le lintho tsena bakeng sa nako.

25 Bonang, Ke ne ke le moo ke batlang ke ngola mabitso a bao ba neng ba sa tlo hlola ba latsoa lefu, empa Morena o ile a thibela; ka baka leo ha ke a ngole, hobane a patiloe ho tsoa lefats’eng.

26 Empa bonang, ke ba bone, ’me ba ile ba nts’ebeletsa.

27 ’Me bonang ba tla ba har’a Balichaba, ’me Balichaba ha ba na ho ba tseba.

28 Ba tla ba har’a Ba-Juda hape, ’me Ba-Juda ba ke ke ba ba tseba.

29 ’Me ho tla etsahala hore, ha Morena a bona ho lokela ka bohlale ba hae hore ba tla sebeletsa ho meloko eohle e qhalaneng ea Iseraele, le ho lichaba tsohle, maloko, maleme le batho, ’me o tla nts’a ho bona ho ea ho Jesu meea e mengata, hore takatso ea bona e ke e phethahatsoe, ’me hape ka lebaka la matla a kholisang a Molimo a ka ho bona.

30 ’Me ba joaloka mangeloi a Molimo, ’me haeba ba tla rapela ho Ntate ka lebitso la Jesu ba ka iponahatsa ho motho o feng kapa o feng eo ba bonang ho le molemo.

31 Ka baka leo, mesebetsi e meholo e makatsang e tla sebetsoa ke bona, pele ho letsatsi le leholo le tlang ha batho bohle ba tla tlameha hore kannete ba eme ka pele ho setulo sa kahlolo sa Kreste;

32 Ee, esita le har’a Balichaba mosebetsi o moholo o makatsang o tla sebetsoa ke bona, pele ho letsatsi leo la kahlolo.

33 ’Me haeba le ne le na le mangolo ohle a halalelang a fanang ka pale ea mesebetsi e makatsang ea Kreste, le ne le tla tseba, ho latela mantsoe a Kreste, hore lintho tsena li tla tla e le kannete.

34 ’Me ho malimabe eo a kekeng a mamela mantsoe a Jesu, ’me hape ho bona bao a ba khethileng le ho ba roma har’a bona; hobane mang kapa mang ea sa amoheleng mantsoe a Jesu le mantsoe a bao a ba rometseng ha ba mo amohele; ’me ka baka leo a keke a ba amohela ka letsatsi la ho qetela;

35 ’Me ho ka ba betere bakeng sa bona haeba ba ne ba sa ka ba tsoaloa. Hobane na le nahana hore le ka tlosa toka ea Molimo ea khopisitsoeng, ea hatiketsoeng tlas’a maoto a batho, hore ka ho etsa joalo poloko e ke e tle?

36 ’Me joale bonang, joaloka ke ile ka bua malebana le bao Morena a ileng a ba khetha, ee, esita le ba bararo ba ileng ba nkeloa leholimong, hore ha ke na tsebo hore na ba ile ba hloekisoa ho tloha ho ’mele o shoang ho ea ho bophelo bo sa feleng.

37 Empa bonang, ho tloha ke ngotse, ke botsitse Morena, ’me o entse hore ho bonahale ho ’na hore ho tlameha hohlakahale hore phetoho e sebetsoe holim’a ‘mele ea bona, ho seng joalo ho hlokahala hore ba tlameha ho latsoa lefu.

38 Ka baka leo, hore ba ke ba se latsoe lefu ho bile le phetoho e ileng ea sebetsoa holim’a ’mele ea bona, hore ba ke ba se hlokofalle bohloko kapa masoabi ntle le hore e be libe tsa lefats’e.

39 Joale phetoho ena e ne e sa lekane le eane e tlang ho nka sebaka ka letsatsi la ho qetela; empa ho bile le phetoho e sebetsoang holim’a bona, haholo hoo hore Satane o ne a sitoa ho fumana matla holim’a bona; ’me ba ile ba halaletsoa nameng, hore ba ne ba halalela, le hore matla a lefats’e a ne a sitoa ho ba ts’oara.

40 ’Me boemong bona ba ne ba tla sala ho bona hofihlela letsatsi la kahlolo ea Kreste; ’me ka letsatsi leo ba ne ba tla fumana phetoho e kholoanyane, le ho amoheloa ho kena ’musong oa Ntate ho se hlole ba tsoa, empa ho lula le Molimo ka bosafeleng maholimong.