Mangolo a halalelang
Ethere 2


Khaolo ea 2

Ba-Jarede ba lokisetsa leeto la bona ho ea lefats’eng la pallo—Ke lefats’e le khethehileng moo ho lona batho ba tlamehang ho sebeletsa Kreste kapa ba fieloe—Morena o bua le moholoane oa Jarede bakeng sa lihora tse tharo—Ba-Jarede ba aha likepe—Morena o botsa moholoane oa Jarede ho sisinya hore na likepe tseo li tla khants’oa joang.

1 ‘Me ho ile ha etsahala hore Jarede le moena oa hae, le malapa a bona, hape le metsoalle ea Jarede le moena oa hae le malapa a bona, ba ile ba ea tlase phuleng e neng e le ho leba leboea, (‘me lebitso la phula eo e ne e le Nimrode, e ne e bitsoa ka setsomi se seholo) ka likhuts’oane tsa bona tseo ba ileng ba li bokella hammoho, botona le bots’ehali, ba mefuta eohle.

2 ‘Me hape ba ile ba beha maraba ‘me ba cheha linonyana tsa moeeng; ‘me ba ile ba hlophisa sekepe, seo ka sona ba ileng ba li nka le litlhapi tsa metsi.

3 ‘Me ba ile ba nka hape le deserete, eo, ka tlhaloso, e leng nots’i ea makheea; ‘me ke joana ba ileng ba nka lihlopha tsa linots’i, le mekhoa eohle ea seo se neng se le holim’a sefahleho sa lefat’se leo, lipeo tsa mefuta eohle.

4 ‘Me ho ile ha etsahala hore ha ba se ba fihlile tlase phuleng ea Nimrode Morena o ile a tla tlase ‘me a bua le moholoane oa Jarede; ‘me o ne a le ka har’a leru, ‘me moholoane oa Jarede ha a ka ba a mo bona.

5 ‘Me ho ile ha etsahala hore Morena o ile a ba laela hore ba tsamaee ho ea lefelleng, ee, ho ea karolong eo ho so be le motho ea fihlang. ‘Me ho ile ha etsahala hore Morena o ile a ea ka pele ho bona, ‘me o ile a bua le bona joaloka ha eka o eme har’a leru, ‘me a fana ka litataiso tsa hore na ba ee hokae.

6 ‘Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba tsamaea lefelleng, ‘me ba ile ba aha likepe, tseo ka tsona ba ileng ba ts’ela metsi a mangata, ba ntse ba tataisoa ho tsoelapele ke letsoho la Morena.

7 ‘Me Morena o ne a keke a lumella hore ba emise ka nqane ho leaotle lefelleng, empa o ne a lakatsa hore ba tle pele esita le ho lefats’e la pallo, leo e neng e le lefats’e le khethehileng ka holimo ho mafats’e a mang ohle, ao Morena a neng a a bolokile bakeng sa sechaba se lokileng.

8 ‘Me o ne a hlapantse ka khalefo ea hae ho moholoane oa Jarede, hore mang kapa mang ea tlang ho rua lefats’e lena la pallo, ho tloha nakong eo ho ea pele le ka hosafeleng, o tla sebeletsa eena, Molimo feela oa ‘nete, kapa ba tla fieloa ha khalefo ea hae ka botlalo e tla tla holim’a bona.

9 ‘Me joale, re bona litaelo tsa Molimo malebana le lefats’e lena, leo e leng lefats’e la pallo; ‘me sechaba se fe kapa se fe se tlang ho le rua se tla sebeletsa Molimo, kapa ba tla fieloa ha khalefo ea hae ka botlalo e tla holim’a bona. ‘Me botlalo ba khalefo ea hae bo tla holim’a bona ha ba butsoitse ka bokhopo.

10 Hobane bonang, lena ke lefats’e le khethehileng kaholimo ho mafats’e a mang ohle; ka baka leo ea tlang ho le rua o tla sebeletsa Molimo kapa a fieloe; hobane ena ke taelo e sa feleng ea Molimo. ‘Me ha se ho fihlela bokhopo bo tletseng har’a bana ba lefats’e leo, hore ba tle ba fieloe.

11 ‘Me sena se tla ho lona, Oho lona Balichaba, hore le ke le tsebe litaelo tsa Molimo—hore le ke le bake, ‘me le se tsoelepele bokhopong ba lona hofihlela ho tlala ha bokhopo boo ho tla, hore le ke le se ke la tlisa khalefo ea Molimo ka ho tlala holim’a lona joaloka baahi ba lefats’e leo ba ile ba etsa joalo.

12 Bonang, lena ke lefats’e le khethehileng, ‘me sechaba se fe kapa se fe se tlang ho le rua se tla lokoloha litlamong, le ho ts’oaroeng, le ho lichaba tse ling tsohle tlasa leholimo, haeba se tla sebeletsa feela Molimo oa lefats’e leo, e leng Jesu Kreste, ea ileng a bonahatsoa ka lintho tseo re li ngotseng.

13 ‘Me joale ke tsoelapele ka lingoliloeng tsa ka; hobane bonang, ho ile ha etsahala hore Morena o ile a tlisa Jarede le bana babo esita le ho leoatle la ne le leholo le arolang mafats’e. ‘Me ha ba fihla leoatleng ba ile ba hloma litente tsa bona; ‘me ba reha lebitso la sebaka seo Moriankama; ‘me ba ne ba lula ka har’a litente, ‘me ba lutse ka har’a litente bakeng sa sebaka sa lilemo tse ‘ne.

14 ‘Me ho ile ha etsahala hore pheletsong ea lilemo tse ‘ne Morena o ile a tla hape ho moholoane oa Jarede, ‘me a ema ka har’a leru ‘me a bua le eena. ‘Me bakeng sa sebaka sa lihora tse tharo Morena o ile a bua le moholoane oa Jarede, ‘me a mo khalema hobane ha a ka a hopola ho bitsa ho lebitso la Morena.

15 ‘Me moholoane oa Jarede o ile a bakela bobe boo a ileng a bo etsa, ‘me o ile a bitsa ho lebitso la Morena bakeng sa bana babo ba neng ba na le eena. ‘Me Morena o ile a re ho eena: Ke tla u ts’oarela le bana beno libe tsa bona; empa le se hlole le etsa libe, hobane le tla hopola hore moea oa ka ha se kamehla o tlang ho ba le motho; ka baka leo, haeba le tla etsa libe hofihlela le butsoitse ka ho tlala le tla khaoloa ponts’eng ea Morena. ‘Me ena ke mehopolo ea ka holim’a lefats’e leo ke tlang ho le fa lona bakeng sa bojalefa ba lona; hobane e tla ba lefats’e le khethehileng holim’a mafats’e a mang ‘ohle.

16 ‘Me Morena o ile a re: Tsamaea u lo sebetsa ‘me u ahe, ka mokhoa oa likepe tseo ho fihlela hajoale o li ahileng. ‘Me ho ile ha etsahala hore moholoane oa Jarede o ile a tsamaea ho ea sebetsa, hape le bana babo, ‘me ba aha likepe ka mokhoa oo ba ileng ba li aha pele, ho latela litaelo tsa Morena. ‘Me li ne li le nyenyane, ‘me li ne li le bobebe holim’a metsi, esita le joaloka bobebe ba nonyana holim’a metsi.

17 ‘Me li ne li ahiloe ka mokhoa oa hore li ne li tiile ka ho fetisisa, esita le hore li ne li ka ts’oara metsi joaloka sejana; ‘me bokatlase ba teng bo ne bo tiile joaloka sejana; le mahlakore a teng a ne a tiile joaloka sejana; ‘me liqetello tsa teng li le metsu; ‘me ka holimo ho teng ho ne ho tiile joaloka sejana; ‘me bolele ba teng e ne e le bolele ba sefate; ‘me lemati la teng, ha le ne le koetsoe, le ne le tiile joalo ka sejana.

18 ‘Me ho ile ha etsahala hore moholoane oa Jarede o ile a hoelehetsa ho Morena, a re: Oho Morena, ke entse mosebetsi oo o ileng oa ntaela ona, ‘me ke entse likepe tseo ho latela joaloka ha u ile oa ntataisa.

19 ‘Me bona, Oho Morena, ka ho tsona ha hona khanya; re tla li tsamaisetsa kae? ‘Me hape re tla timela, hobane ka ho tsona ha re khone ho hema, ntle le moea o ka ho tsona; ka baka leo re tla timela.

20 ‘Me Morena o ile a re ho moholoane oa Jarede: Bona, u tla etsa lesoba ka holimo, ‘me hape le ka tlase; ‘me ha le hloka moea le tla bula lesoba leo ho fumana moea. ‘Me haeba ho etsahala hore metsi a kene ka ho lona, bona, le tla koala lesoba leo, hore le se ke la timella moroallong.

21 ‘Me ho ile ha etsahala hore moholoane oa Jarede o ile a etsa joalo, ho latela joaloka ha Morena a ile a laela.

22 ‘Me o ile a hoelehetsa hape ho Morena a re: Oho Morena, bona ke entse esita le joaloka ha o ntaetse; ‘me ke hlophisitse likepe bakeng sa sechaba sa heso, ‘me bona ha hona khanya ka har’a tsona. Bona, Oho Morena, na u tla lumella hore re ts’ele metsi a a maholo ka lefifi?

23 ‘Me Morena o ile a re ho moholoane oa Jarede: Ke eng seo u ka lakatsang hore ke se etse e le hore le ke le be le khanya ka likepeng tsa lona? Hobane bona, le sitoa ho ba le li fesetere, hobane li tla choatleha likotoana; hape le keke la nka mollo, hobane ha le na ho tsamaea ka khanya ea mollo.

24 Hobane bona, le tla ts’oana le leruarua ka har’a leoatle; hobane lithaba tsa maqhubu li tla otlana holim’a lona. Le ha ho le joalo, ke tla le nyollela holimo hape ho tsoa botebong ba leoatle; hobane meea e tsamaile ho tsoa molomong oa ka, hape le lipula le meroallo ke e rometse.

25 ‘Me bona, ke le hlophisetsa khahlanong le lintho tsena; hobane le tla sitoa ho ts’ela botebo bona bo boholo ntle le hore ke le hlophise khahlanong le maqhubu a leoatle, le meea e ileng pele, le meroallo e tlang ho tla. Ka baka leo ke eng seo u batlang hore ke u hlophisetse sona hore le ke le be le khanya ha le koenyelitsoe botebong ba leoatle?