Mangolo a halalelang
Ethere 10


Khaolo ea 10

Morena a le mong o hlahlama e mong—A mang a marena a lokile; a mang a khopo—Ha ho loka ho hlola, sechaba sea hlohonolofatsoa le ho atlehisoa ke Morena.

1 ‘Me ho ile ha etsahala hore Sheze, eo e neng e le setloholo sa Hethe—hobane Hethe o ile a timela ka tlala, le bohle ba ntlo ea hae ntle le hore e be Sheze—Ka baka leo, Sheze o ile a qala hape ho aha sechaba se robehileng.

2 ‘Me ho ile ha etsahala hore Sheze o ile a hopola ts’enyeho ea bo ntat’ae, ‘me o ile a aha puso e lokileng; hobane o ile a hopola seo Morena a se entseng ka ho tlisa Jarede le moholoane oa hae ho ts’ela botebo; ‘me o ile a tsamaea litseleng tsa Morena; ‘me o ile a tsoala bara le barali.

3 ‘Me mora oa hae e moholo, eo lebitso la hae e neng e le Sheze, o ile a fetohela khahlanong le eena; le ha ho le joalo Sheze o ile a otloa ke letsoho la motlatlapi, ka lebaka la maruo a hae a fetisisang, e leng se ileng sa khutlisetsa khotso hape ho ntat’ae.

4 ‘Me ho ile ha etsahala hore ntat’ae o ile a aha metse e mengata holim’a sefahleho sa lefats’e, ‘me sechaba se ile sa qala hape ho jaleha holim’a sefahleho sohle sa lefats’e leo, ‘me Sheze o ile a phela ho fihlela botsofali bo fetisisang; ‘me o ile a tsoala Riplakishe. ‘Me o ile a shoa, ‘me Riplakishe o ile a busa bakeng sa hae.

5 ‘Me ho ile ha etsahala hore Riplakishe ha a ka ba a etsa seo se nepahetseng mahlong a Morena, hobane o ile a ba le basali ba bangata le lirethe, ‘me o ile a beha holim’a mahetla a batho seo se neng se le bohloko ho jareha; ee, o ile a ba lefisa lekhetho ka makhetho a boima; ‘me ka makhetho ao o ile a aha meaho e mengata e meholo.

6 ‘Me o ile a emisetsa eena terone e ntle ka ho fetisisa; ‘me o ile a aha lichankana tse ngata, ‘me mang kapa mang ea neng a sa ikobele lekhetho o ile a mo lahlela chankaneng; ‘me mang kapa mang ea neng a sitoa ho lefa lekhetho o ile a mo lahlela chankaneng; ‘me o ile a etsa hore ba sebetse ho tsoelapele bakeng sa ho iphelisa; ‘me mang kapa mang ea neng a hana ho sebetsa o ile a etsa hore a bolaoe.

7 Ka baka leo o ile a fumana mosebetsi ‘ohle oa hae o motle, ee, khauta ea hae e ntle o ile a etsa hore e hloekisoe chankaneng; le mekhoa eohle ea mosebetsi o motle o ile a etsa hore e etsoe chankaneng. ‘Me ho ile ha etsahala hore o ile a hlokofatsa sechaba ka bofebe ba hae le manyala.

8 ‘Me ha a se a busitse bakeng sa sebaka sa lilemo tse mashome a mane le metso e ‘meli sechaba se ile sa tsohela ho fetoha khahlanong le eena; ‘me ho ile a qala ho ba le ntoa hape lefats’eng leo, haholo hoo Riplakishe a ileng a bolaoa, ‘me litloholo tsa hae li ile tsa khanneloa ho tsoa lefats’eng leo.

9 ‘Me ho ile ha etsahala hore kamor’a sebaka sa lilemo tse ngata, Moriantone, (eena e le setloholo sa Riplakishe) o ile a bokella hammoho sesole sa ba lelekiloeng, ‘me a tsamaea ho ea fana ka ntoa ho sechaba seo; ‘me o ile a fumana matla holim’a metse e mengata; ‘me ntoa e ile ea fetoha ho ba bohloko ka ho fetisisa, ‘me e ile ea ts’oarella bakeng sa sebaka sa lilemo tse ngata; ‘me o ile a fumana matla holim’a lefats’e leo lohle, ‘me o ile a ipeha e le morena holim’a lefats’e leo lohle.

10 ‘Me kamor’a hore o ile a ipeha borena o ile a bebofatsa meroalo ea sechaba, e leng kamoo a ileng a fumana hape mohau mahlong a sechaba, ‘me se ile sa mo tlotsa ho ba morena oa sona.

11 ‘Me o ile a etsa toka ho sechaba seo, empa e seng ho eena ka lebaka la bofebe ba hae bo bongata; ka baka leo o ile a khaoloa ponts’eng ea Morena.

12 ‘Me ho ile ha etsahala hore Moriantone o ile a aha metse e mengata, ‘me sechaba se ile sa fetoha ho ba barui ka ho fetisisa tlasa puso ea hae, bobeli ka meaho, le ka khauta le silivera, le ho hlaisa lijo thollo, le ka likhuts’oane, le mehlape, le lintho tse joaloka tse ileng tsa tsosolosetsoa ho bona.

13 ‘Me Moriantone o ile a phela ho fihlela botsofali bo fetisisang, ‘me joale o ile a tsoala Kime; ‘me Kime o ile a busa bakeng sa ntata’e; ‘me o ile a busa lilemo tse robeli, ‘me ntata’e a shoa. ‘Me ho ile ha etsahala hore Kime ha a ka ba a busa ka ho loka, ka baka leo ha a ka ba a hauheloa ke Morena.

14 ‘Me moena oa hae o ile a tsohela ho fetohela khahlanong le eena, ka hore o ile a mo tlisa litlamong; ‘me o ile a sala litlamong matsatsi ohle a hae; ‘me o ile a tsoalla bara le barali litlamong, ‘me botsofaling ba hae o ile a tsoala Levi; ‘me o ile a shoa.

15 ‘Me ho ile ha etsahala hore Levi o ile a sebeletsa litlamong kamora lefu la ntata’e, bakeng sa sebaka sa lilemo tse mashome a mane le metso e ‘meli. ‘Me o ile a etsa ntoa khahlanong le morena oa lefats’e leo, ka eo a ileng a ikhapela puso.

16 ‘Me kamora hore a ikhapele puso o ile a etsa seo se neng se nepahetse mahlong a Morena; ‘me sechaba se ile sa atleha lefats’eng leo; ‘me o ile a phelela botsofaling bo botle, ‘me a tsoala bara le barali; ‘me o ile a tsoala hape Corome, eo a ileng a mo tlotsetsa borena bakeng sa hae.

17 ‘Me ho ile ha etsahala hore Corome o ile a etsa seo se neng se le setle mahlong a Morena matsatsi ohle a hae; ‘me o ile a tsoala bara le barali ba bangata; ‘me kamor’a hore a bone matsatsi a mangata o ile a feta, esita le joaloka lefats’e lohle; ‘me Kishe o ile a busa bakeng sa hae.

18 ‘Me ho ile ha etsahala hore Kishe le eena o ile a feta, ‘me Libe o ile a busa bakeng sa hae.

19 ‘Me ho ile ha etsahala hore Libe le eena o ile a etsa seo se setle mahlong a Morena. ‘Me matsatsing a Libe linoha tse chefo li ile tsa timetsoa. Ka baka leo ba ile ba ea lefats’eng le ho leba boroa, ho ea tsoma lijo bakeng sa sechaba sa lefats’e leo, hobane lefats’e leo le ne le apesitsoe ka liphoofolo tsa moru. ‘Me Libe hape ka bo eena o ile a fetoha setsomi se seholo.

20 ‘Me ba ile ba aha motse o moholo pela khoro e sesane ea lefats’e leo, pel’a sebaka seo leoatle le arolang lefats’e leo.

21 ‘Me ba ile ba boloka lefats’e le ho leba ka nq’a boroa bakeng sa lefella, ho fumana liphofolo tsa naha. ‘Me sefahleho sa lefats’e lohle ho leba leboea le ne le apesitsoe ka baahi.

22 ‘Me ba ne ba le mafolofolo ka ho fetisisa, ‘me ba ile ba reka le ho rekisa le ho hoeba e mong le e mong, hore ba ke ba fumane phaello.

23 ‘Me ba ile ba sebetsa ka mekhoa eohle ea ts’epe, ‘me ba ile ba etsa khauta, le silevera, le ts’epe, le ts’epe e khubelu, le mekhoa eohle ea lits’epe; ‘me ba ile ba e cheka ho tsoa ka mobung; ka baka leo, ba ile ba phahamisa liqubu tse kholo tsa mobu ho fumana ts’epe, ea khauta, le ea silevera, le ea ts’epe, le ea koporo. ‘Me ba ile ba sebetsa mesebetsi eohle ea mokhoa oa mosebetsi o motle.

24 ‘Me ba ile ba ba le lisilika, le lene e ntle e lohiloeng; ‘me ba ile ba sebetsa mekhoa eohle ea lesela, hore ba ke ba ikapese bofeleng ba bona.

25 ‘Me ba ile ba etsa mekhoa eohle ea lisebelisoa ho lema lefats’e, bobeli ho phethola le ho jala, ho kotula le ho hlaola, hape le ho pola.

26 ‘Me ba ile ba etsa mekhoa eohle ea lisebelisoa tseo ka tsona ba ileng ba sebelisa liphoofolo tsa bona.

27 ‘Me ba ile ba etsa mekhoa eohle ea libetsa tsa ntoa. ‘Me ba ile ba sebetsa mekhoa eohle ea mosebetsi o makatsang ka ho fetisisa.

28 ‘Me ho ne ho so hlole ho e-ba le sechaba se neng se hlohonolofalitsoe ho feta kamoo ba neng ba hlohonolofalitsoe ka teng, le ho atlehisoa ho feta ke letsoho la Morena. ‘Me ba ne ba le lefats’eng le neng le khethiloe holim’a mafats’e ‘ohle, hobane Morena o ile a e bolela.

29 ‘Me ho ile ha etsahala hore Libe o ile a phela lilemo tse ngata, ‘me a tsoala bara le barali; ‘me o ile a tsoala Hearthome.

30 ‘Me ho ile ha etsahala hore Hearthome o ile a busa bakeng sa ntat’ae. ‘Me ha Hearthome a se a busitse lilemo tse mashome a mane le metso e mene, bonang, puso e ile ea nkoa ho tsoa ho eena. ‘Me o ile a sebeletsa lilemo tse ngata litlamong, ee, esita le oohle a neng a setse a matsatsi a hae.

31 ‘Me o ile a tsoala Hethe, ‘me Hethe o ile a phela litlamong matsatsi ohle a hae. ‘Me Hethe o ile a tsoala Aarone, ‘me Aarone a phela litlamong matsatsi ohle a hae; ‘me o ile a tsoala Amnigadda, ‘me Amnigadda le eena o ile a phela litlamong matsatsi ‘ohle a hae; ‘me o ile a tsoala Koriantume, ‘me Koriantume o ile a phela litlamong matsatsi ohle a hae; me oile a tsoala Kome.

32 ‘Me ho ile ha etsahala hore Kome o ile a hulela hole halofo ea puso eo. ‘Me o ile a busa holim’a halofo ea puso eo lilemo tse mashome a mane le metso e ‘meli; ‘me o ile a tsamaea ho ea loana khahlanong le morena Amgide, ‘me ba ile ba loana bakeng sa sebaka sa lilemo tse ngata, nakong eo Kome a ileng a fumana matla holim’a Amgide, ‘me a fumana matla holim’a karolo e setseng ea puso.

33 ‘Me matsatsing a Kome ho ile ha qala ho ba le batlatlapi lefats’eng leo; ‘me ba ile ba amohela meralo ea khale, ‘me ba fana ka likano ka mokhoa oa ba khale, ‘me ba batla hape ho timetsa puso.

34 Joale Kome o ile a loana khahlanong le bona haholo, leha ho le joalo ba ile ba hlola khahlanong le eena.