Mangolo a halalelang
Ethere 3


Kahaolo ea 3

Moholoane oa Jarede o bona monoana oa Morena ha a thetsa majoe a leshome le metso e ts’eletseng—Kreste o iponahatsa ka ‘mele oa hae oa moea ho moholoane oa Jarede—Ba nang le tsebo e phethahetseng ba sitoa ho bolokoa ka har’e ho lesira—Ho fanoa ka lifetoleli ho tlisa lingoliloeng tsa Ba-Jarede khanyeng.

1 ‘Me ho ile ha etsahala hore moholoane oa Jarede, (joale palo ea likepe tse neng li hlophisitsoe e ne le robeli) o ile a ea thabeng, eo ba ileng ba e bitsa thaba ea Sheleme, ka lebaka la bolelele ba eona bo fetisisang, ‘me o ile a qhebelihisa ho tsoa lefikeng majoe a leshome le metso e ts’eletseng; ‘me a ne a le masoeu ‘me a hlakile, esita le joaloka khalase e bonaletsang; ‘me o ile a a nka ka matsohong a hae ho ea ka holim’a thaba eo, ‘me a hoelehetsa hape ho Morena, a re:

2 Oho Morena, uena u boletse hore re tlameha ho potapotoa ke meroallo. Joale bona, Oho Morena, ‘me se ke oa halefela mohlanka oa hau ka lebaka la bofokoli ba hae ka pele ho uena; hobane rea tseba hore uena ua halalela ‘me u lula maholimong, le hore ha rea lokeleha ka pele ho uena; ka lebaka la ho oa, tlhaho ea rona e fetohile bobe ho tsoelapele; leha ho le joalo, Oho Morena, u re file taelo hore re tlameha ho bitsa ho uena, hore ho tsoa ho uena re ka fumana ho latela litakatso tsa rona.

3 Bona, Oho Morena, u re otlile ka lebaka la bokhopo ba rona, ‘me u re khannetse ho ea koana le koana, ka lilemo tsena tse ngata tseo re bileng lefelleng; le ha ho le joalo, u bile mohau ho rona. Oho Morena, nchebe ka qenehelo, ‘me u furalatse khalefo ea hau ho tsoa ho sechaba sena, ‘me u se ke ua lumella hore ba tle ba tsamaee ho ea ts’ela botebo bona bo befileng ka lefifi; empa bona lintho tsena tseo ke li qhebelisitseng ho tsoa lefikeng.

4 ‘Me kea tseba, Oho Morena, hore u na le matla, ‘me u ka etsa ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe eo u e batlang bakeng sa molemo oa motho; ka baka leo thetsa majoe ana, Oho Morena, ka monoana oa hau, ‘me u a hlophisetse hore a ke a khanye lefifing; ‘me a tla khanya ho ea pele ho rona ka likepeng tseo re li hlophisitseng, hore re ke re be le khanya ha re tla ts’ela leoatle.

5 Bona, Oho Morena, u ka etsa sena. Rea tseba hore u na le bokhoni ba ho bonts’a matla a maholo, ao a shebehalanng a le manyeyane ho kutluisiso ea batho.

6 ‘Me ho ile ha etsahala hore ha moholoane oa Jarede a se a boletse mantsoe ana, bonang, Morena o ile a otlolla letsoho la hae ‘me a thetsa majoe ao ka bonngoe ka monoana oa hae. ‘Me lesira le ile la tlosoa mahlong a moholoane oa Jarede, ‘me o ile a bona monoana oa Morena; ‘me e ne e le monoana oa motho, joaloka nama le mali; ‘me moholoane oa Jarede o ile a oela ka pele ho Morena, hobane o ile a otloa ke letsoalo.

7 ‘Me Morena o ile a bona hore moholoane oa Jarede o oetse fats’e; ‘me Morena o ile a re ho eena: Tsoha, hobaneng u oetse?

8 ‘Me o ile a re ho Morena: Ke bone monoana oa Morena, ‘me ke ile ka ts’oha esere a nkotla; hobane ke ne ke sa tsebe hore Morena o na le nama le mali.

9 ‘Me Morena o ile a re ho eena: Ka lebaka la tumelo ea hau u bone hore ke tla inkela nama le mali; ‘me le ka mohla ha ho so be le motho ea tlang ka pele ho ‘na ka tumelo e fetisisang tjena joaloka ha u entse; hobane ha ho ne ho se joalo u ka be u sitiloe ho bona monoana oa ka. Na u kile oa bona ho fetang moo?

10 ‘Me o ile a araba: Che; Morena, iponahatse ho ‘na.

11 ‘Me Morena o ile a re ho eena: Na u lumela mantsoe ao ke tlang ho a bua?

12 ‘Me o ile a araba: Ee, Morena, Kea tseba hore u bua ‘nete, hobane u Molimo oa ‘nete ‘me u sitoa ho thetsa.

13 ‘Me ha a se a boletes mantsoe ana, bonang, Morena o ile a iponahatsa ho eena, ‘me a re: Hobane u tseba lintho tsena u lopollotsoe ho tsoa ho ho oa; ka baka leo, u khutlisetsoa morao ho ea ponts’eng ea ka; ka baka leo ke iponahatsa ho uena.

14 Bona, ke ‘na ea ileng a lokisetsoa ho tloha motheong oa lefats’e ho lopolla sechaba sa ka. Bona, ke Jesu Kreste. Ke Ntate le Mora. Ka ho ‘na batho bohle ba tla ba le bophelo, ‘me ba bosafeleng, esita le bao ba tlang ho lumela ho lebitso la ka; ‘me ba tla fetoha bara ba ka le barali ba ka.

15 ‘Me ha ho ka mohla nkileng ka iponahatsa ho motho eo ke mo bopileng, hobane ha ho ka mohla motho a ileng a lumela ho ‘na joaloka ha u entse. Na ua bona hore u bopiloe ka sets’oants’o sa ka? Ee, esita le batho bohle ba bopiloe ts’imolohong ka sets’oants’o sa ka.

16 Bona, ‘mele ona, oo joale u o bonang, ke ‘mele oa ka oa moea; ‘me motho ke mo bopile ka ho ts’oana le ‘mele oa ka oa moea; ‘me esita le joaloka ha ke bonahala ho uena ka moea ke tla hlaha ho sechaba sa ka ka nama.

17 ‘Me joale, joaloka ‘na, Moroni, ke boletse hore ke sitoa ho etsa pale e feletseng ea lintho tsena tse ngotsoeng, ka baka leo ho lekane ho ‘na ho bolela hore Jesu o ile a iponahatsa ho monna enoa ka moea, esitsa le ka mokhoa le ka ho ts’oana le ka ‘mele o ts’oanang joaloka ha a ile a iponahatsa ho Ba-Nefi.

18 ‘Me o ile a mo sebeletsa esita le joaloka ha a ile a sebeletsa Ba-Nefi; ‘me tsena tsohle, hore monna enoa a tle a tsebe hore e ne le Molimo, ka lebaka la mesebetsi e mengata e meholo eo Morena a ileng a e bonahatsa ho eena.

19 ‘Me ka lebaka la tsebo ea monna enoa o ne a sita hore a ka bolokoa ho tsoa ho ho bona ka har’a lesira; ‘me o ile a bona monoana oa Jesu, oo, ha a o bona, a ileng a oela ke letsoalo; hobane o ne a tseba hore e ne e le monoana oa Morena; ‘me o ne a se a sa hloke tumelo, hobane o ne a tseba, ho se letho leo a le belaelang.

20 Ka baka leo, ka ho ba le tsebo e phethehileng ea Molimo, o ne a sita ho bolokoa ho tsoa ka har’e ho lesira; ka baka leo o ile a bona Jesu; ‘me o ile a mo sebeletsa.

21 ‘Me ho ile ha etsahala hore Morena o ile a re ho moholoane oa Jarede: Bona, u se ke ua lumella hore lintho tsena tseo u li boneng le ho li utloa hore li ee pele ho lefats’e, hofihlela nako e tla ea hore ke tla tlotlisa lebitso la ka nameng; ka baka leo, u tla boloka lintho tseo u li boneng le ho li utloa, ‘me u se li bonts’e ho motho.

22 ‘Me bona, ha u tla tla ho ‘na, u tla li ngola ‘me u tla li tiisa, hore ho se be motho ea ka li tolokang; hobane u tla li ngola ka puo eo li tlang ho sita ho baloa.

23 ‘Me bona, majoe a na a mabeli ke tla u fa ona, ‘me u tla a tiisa hape le ka lintho tseo u tlang ho li ngola.

24 Hobane bona, puo eo ka eona u tlang ho e ngola ke e ferekantse; ka baka leo ke tla etsa hore ka nako ea ka e loketseng hore majoe a na a tla holisa mahlong a batho lintho tsena tseo u tlang ho li ngola.

25 ‘Me ha Morena a se a boletse mantsoe ana, o ile a bonts’a ho moholoane oa Jarede baahi bohle ba lefats’e ba bileng teng, hape le bohle ba tlang ho ba teng; ‘me ha a ka ba a ba pata chebong ea hae, esita le ho ea lipheletsong tsa lefats’e.

26 Hobane o ne a ile a re ho eena linakong tsa pele, hore haeba a ka lumela ho eena hore a ka bonahatsa ho eena lintho tsohle—li tle li bonahatsoe ho eena; ka baka leo Morena o ne a sitoa ho pata letho ho eena, hobane u ne a tseba hore Morena a ka mo bonts’a lintho tsohle.

27 ‘Me Morena o ile a re ho eena: Ngola lintho tsena ‘me u li tiise; ‘me ke tla li bonahatsa ka nako ea ka e loketseng ho bana ba batho.

28 ‘Me ho ile ha etsahala hore Morena o ile a mo laela hore a tiise majoe ao a mabeli ao a ileng a a amohela, ‘me a se ke a a bonahatsa, hofihlea Morena a tlang ho a bonahatsa ho bana ba batho.