Khaolo ea 13
Ethere o bua ka Jerusalema e ncha e tlang ho ahoa Amerika ke peo ea Josefa—Ua porofeta, o lahleloa kantle, o ngola nalane ea Ba-Jarede, ‘me o bolela esale pele timetso ea Ba-Jarede—Ntoa e aparela naha eohle.
1 ‘Me Joale ‘na, Moroni, ke tsoelapele ho qetela lingoliloeng tsa ka malebana le timetso ea sechaba seo ka sona ke ntseng ke ngola.
2 Hobane bonang, ba ile ba latola mantsoe ohle a Ethere; hobane kannete o ile a ba joetsa ka lintho tsohle, ho tloha ts’imolohong ea motho; le hore kamor’a hore metsi a fokotsehe ho tloha sefahlehong sa lefats’e lena ‘me le ile la fetoha lefats’e le khethehileng holim’a mafats’e a mang ohle, lefats’e le khethehileng la Morena; ka baka leo Morena o ne a lakatsa hore batho bohle ba mo sebeletse ba lulang holim’a sefahleho sa teng;
3 Le hore e ne e le sebaka sa Jerusalema e Ncha, e tla tla tlase ho tsoa leholimong, ‘me sehalalelo se halalelang sa Morena.
4 Bonang, Ethere o ile a bona matsatsi a Kreste, ‘me o ile a bua malebana le Jerusalema e ncha holim’a lefatse lena.
5 ‘Me o ile a bua hape malebana le ntlo ea Israele, le Jerusalema eo ho tsoa teng Lehi a tlang ho tla—kamora hore e tle e timetsoe e tlameha ho ahoa hape, motse o halalelang ho Morena; ka baka leo, e ne e keke ea ba Jerusalema e ncha hobane e ile ea ba eona nakong ea khale; empa e tlameha ho ahoa hape, ‘me e fetohe motse o halalelang oa Morena; ‘me e tlameha ho aheloa ho ntlo ea Iseraele—
6 ‘Me hore Jerusalema e Ncha e tlameha ho ahoa holim’a lefats’e lena, ho karolo e setseng ea peo ea Josefa, bakeng sa lintho tseo ho bileng le ts’oants’iso ea tsona.
7 Hobane joaloka ha Josefa a ile a tlisa ntat’ae tlase lefats’eng la Egepeta, esita le joalo o ile a shoela moo; ka baka leo, Morena o ile a tlisa karolo e setseng ea peo ea Josefa ho tsoa lefats’eng la Jerusalema, hore a ke a be le lereko ho peo ea Josefa hore ba se ke ba timela, esita le joaloka ha ne a tletse lereko ho ntat’a Josefa hore a se ke a timela.
8 Ka baka leo, karolo e setseng ea ntlo ea Josefa e tla ahoa holim’a lefats’e lena; ‘me e tla ba lefats’e la bojalefa ba bona; ‘me ba tla aha motse o halalelang ho Morena, joaloka Jerusalema ea khale; ‘me ha ba sa tla hlola ba hloloa, ho fihlela pheletso e tla ha lefats’e le tla feta.
9 ‘Me ho tla ba le leholimo le lecha le lefats’e le lecha; ‘me li tla ts’oana le tsa khale ntle le hore tsa khale li fetile, ‘me lintho tsohle li fetohile tse ncha.
10 ‘Me joale ho tla Jerusalema e Ncha; ‘me ho lehlohonolo ba lulang teng, hobane ke bona bao liaparo tsa bona li leng tsoeu ka mali a konyana; ‘me ke bona bao ba baloang har’a karolo e setseng ea peo ea Josefa, bao e neng e le ba ntlo ea Iseraele.
11 ‘Me e be hape ho tla Jerusalema ea khale; ‘me ho tsoa linaheng tse leboea, ‘me ke ba nkang karolo ea selekane seo Molimo a ileng a se etsa le ntat’a bona, Abrahama.
12 ‘Me lintho tsena ha li tla, li phethahatsa mangolo a halalelang a reng, ke bona bao e neng e le ba pele, bao e tlang ho bang ba ho qetela; ‘me ho na le bao e neng e le ba ho qetela, ba tlang ho ba ba pele.
13 ‘Me ke ne ke le mothating oa ho ngola ho feta, empa ke thibetsoe; empa bo ne bo le boholo bo tsoteha bopofeta ba Ethere; empa ba ile ba mo lemoha e se letho, ‘me ba mo lahlela kantle; ‘me o ile a ipata ka lehaheng mots’eare, ‘me bosiu o ile a tsamaea ho ea sheba lintho tse neng li tlameha ho tla holim’a sechaba seo.
14 ‘Me ha a ntse a lula ka lehaheng o ile a etsa khopotso ea lingoliloeng tsena, a ne a bona ts’enyeho e neng e tlile holim’a sechaba seo, ha e le bosiu.
15 ‘Me ho ile ha etsahala hore ka sona selemo se ts’oanang seo a ileng a lahleloa kantle ho tsoa ha’ra sechaba, ho ile ha qala ho ba le ntoa e kholo har’a sechaba seo, hobane ho ile ha eba le ba bangata ba ileng ba phahama, bao e neng e le banna ba matla, ‘me ba ne ba batla ho timetsa Koriantumere ka meralo ea bona ea sekhukhu, eo ho boletsoeng ka eona.
16 ‘Me joale Koriantumere, ha a se a ithutile, ka bo eena, mesebetsing eohle ea ntoa le masene ‘ohle a lefats’e, ka baka leo o ile a fana ka ntoa ho eo ea neng a batla ho mo timetsa.
17 Empa ha ka a baka, leha e le bara ba hae ba batle kapa barali; le haele bara ba batle le barali ba Cohore; le haele bara ba batle le barali ba Corihore; ‘me ka kakaretso, ho ne ho se na le a mong oa bara le barali holim’a sefahleho sa lefats’e leo lohle ba ileng ba bakela libe tsa bona.
18 Ka baka leo, ho ile ha etsahala hore ka selemo sa pele seo Ethere a ileng a lula ka lehaheng, ho ile ha e-ba le batho ba bangata ba ileng ba bolaoa ka sabole ea liketso tseo tsa sekhukhu, li loana khahlanong le Koriantumere hore ba ke ba hape puso.
19 ‘Me ho ile ha etsahala hore bara ba Koriantumere ba ile ba loana haholo ‘me ba lutla mali haholo.
20 ‘Me ka selemo sa bobeli lentsoe la Morena le ile la tla ho Ethere, hore a tsamaee ‘me a porofete ho Koriantumere hore, haeba a ka baka, le bohle ba ntlo ea hae, Morena o tla mo fa borena ba hae ‘me a hauhele sechaba seo—
21 Ho seng joalo ba tlameha ho timetsoa, le bohle ba ntlo ea hae ntle le eena. ‘Me o tlamaeha ho phelela feela ho bona ho phethahatsoa ha boporofeta bo ileng ba boleloa malebana le sechaba se seng se amohelang lefats’e leo bakeng sa bajalefa ba sona; ‘me Koriantumere o tla fumana lepato ka bona; ‘me moea o mong le o mong o tlameha ho timetsoa ha e se Koriantumere.
22 ‘Me ho ile ha etsahala hore Koriantumere ha a ka ba a baka, leha e le ba ntlo ea hae, leha e le sechaba; ‘me lintoa ha lia ka tsa emisa; ‘me ba ile ba batla ho bolaea Ethere, empa o ile a baleha ho tloha kapele ho bona ‘me o ile a ipata hape ka lehaheng.
23 ‘Me ho ile ha etsahala hore ho ile ha tsoha Sherede, ‘me le eena o ile a fana ka ntoa ho Koriantumere; ‘me o ile a mo otla, haholo hoo hore ka selemo sa boraro o ile a mo tlisa litlamong.
24 ‘Me bara ba Koriantumere, ka selemo sa bone, ba ile ba otla Sherede, ‘me ba ile ba hapela ntat’a bona puso hape.
25 Joale ho ile ha qala ho ba le ntoa holima sefahleho sohle sa lefats’e leo, monna e mong le e mong le sehlopha sa hae a loanela seo a se labalabelang.
26 ‘Me ho ne ho na le batlatlapi, ‘me ka kakaretso, mekhoa eohle ea bokhopo holim’a sefahleho sa lefats’e leo.
27 ‘Me ho ile ha etsahala hore Koriantumere o ne a halefetse Sherede ka ho fetisisa, ‘me o ile a ea khahlanong le eena ka mabotho a hae ho ea loana; ‘me ba ile ba kopana ka khalefo e kholo, ‘me ba ile ba kopanela phuleng ea Gilgale; ‘me ntoa eo e ile ea fetoha e bohloko ka ho fetisisa.
28 ‘Me ho ile ha etsahala hore Sherede o ile a loana khahlanong le eena bakeng sa sebaka sa matsatsi a mararo. ‘Me ho ile ha etsahala hore Koriantumere o ile a mo otla, ‘me o ile a mo latella ho fihlela a fihla lithoteng tsa Heshlone.
29 ‘Me ho ile ha etsahala hore Sherede o ile a mo fa ntoa hape holim’a lithota tseo, ‘me bonang, o ile a otla Koriantumere, ‘me a mo khannela morao hape ho ea phuleng ea Gilgale.
30 ‘Me Koriantumere o ile a fa Sherede ntoa hape phuleng ea Gilgale, eo ka eona a ileng a otla Sherede ‘me a mo bolaea.
31 ‘Me Sherede o ile a lematsa Koriantumere seropeng sa hae, hore e be ha a sa ile ntoeng hape bakeng sa sebaka sa lilemo tse peli, e leng nako eo sechaba sohle holim’a sefahleho sa lefats’e leo se neng se ts’olla mali, ‘me ho ne ho se na mang ho ba thiba.